sotho.1167.underwear
Kgetha diaparo tsa ka hare
tse nepahetseng
Borikgwe bo bosweu
Diaparo tsa ka hare tse lefifi kapa tse ntsho di dumellana hantle le bona. Tse tshweu le mebala e meng di a bonahala ha o tenelletse phahlo e tshweu.
Phema mela ya penti ka ho kgetha tse se nang mophetho. Ha o tena marikgwana, etsa bonnete ba hore a ba tlasa marao hore mola wa ona o se bonahale.
Keletso: Ha o reka borikgwe bo bosweu, haholo ba lesela la linen, etsa bonnete ba hore lesea leo ha le kganye tlolo.
Sekipa
Boti eo o tenellang T-shirt ka yona e lokela ho tshehetsa matswele hantle mme e se ke ya ba le mephetho hore ho se bonahale mela e mebe.
Kgetha sports bra, leha e bitsa empa e ntle haholo.
Keletso: Netefatsa hore o kopa morekise wa lebenkeleng ho o kala o tsebe ho kgetha boholo ba boti bo nepatseheng.
Se senye moaparo wa hao o motle ka ho tenella ka diaparo tsa ka hare tse sa dumellaneng hantle
Setaele: Lethu Nxumalo Ditshwantsho: Peter Whitfield.
Top e molala o moholo
Marapo a boti a ka senya tjhebeho ya top kapa mose wa hao o motle. Boti e se nang marapo ke tharollo mathateng ana.
Ha o ena le matswele a maholo mme o sa kgone ho fumana boti e tla o tshwara hantle, reka marapo a mmala o metsana, ao o tla kgona ho a tlamella boting.
Keletso: Reka top e molala o bulehileng kapa mose o nang le boti e rokeletsweng ho ona, ha o ena le matswele a maholo.
Denim jean tse theka le tlase
Tenella borikgwe ba jean bo theka le tlase ka penti e theka le tlase.
Leka ho tenella ka mebala e batlileng e tshwana hore penti e se hlahe hampe.
Keletso: Tlama jean ka lebanta hore e dule hantle thekeng. [s]
THAROLLO FESHENENG
