SESOTHO.101.yourfood_lesson
Eba setsebi sa mopako, mme o thabise ba lelapa la hao ka dibiskiti tsena tse foreshe
HO BAKA ha se masawana, empa ha o ka itlwaetsa ho baka kgafetsa, ho ke ke ha hlola motho le ya mong mme ba lelapa la hao le metswalle ba ka ba motlotlo ka wena. Hore o tsebe ho atleha mosebetsing, re o hlahlella ka mekgwa e ka o thusang ho rarolla mathata a tlwaelehileng a ho baka:
Kuku ya ka e ya ka lehlakore
Ho bontsha hore kuku ya hao ha e fumane mofuthu o lekaneng kapa mohlomong dipane di a thetsana kapa di thetsa onto mahlakoreng.
Dikuku tsa di ba le sekoti hare
A mararo mabaka ao e ka bang sesosa:
O tshela tswekere e ngata.
O baka ka pane e nyenyane haholo.
Mofuthu wa onto o tlase haholo.
Dikuku tsa ka ha di kokomohe
Ke ntho e tlwaelehileng eo hangata e bakelwang ke ho se tshele tomoso e lekaneng hantle mohlomong baking powder (kapa bicarbonate of soda) e ba nyenyane kapa onto e ebe e sa tjhese hantle ka nako eo o kenyang hlama.
Ka nako e nngwe ha ke baka di- muffins le dikuku, lehoho le sala le le mongobo kapa le kgoramele paneng
Mabaka a mararo a e ka bang sesosa:
O tshetse tswekere e ngata.
Mohlomong kuku e tsholwa pele ho nako kapa e bakwa tlolo ya molao.
O tshetse botoro e ngata.
O tshetse tomoso e ngata.
Ha ke ntsha kuku ka paneng, e atisa ho pshatleha
Hona ho utlwisa bohloko hobane motho o ebe a sebeditse ka thata ho lokisa kuku eo, o ntsha kuku e so ka e butswa kapa o tshela tomoso ho feta tekanyo.
DI MATHEMALODI
Dithuto tsa mopheho
ka Ntwenhle Mpanza
TRADITIONAL BISCUITS
* 1/2 kopi (125ml) castor sugar
* 1/2 kopi (125ml) majarine ya ho baka, e mofuthung wa ntlo
* 1 lehe, le mofuthung wa ntlo
* 1 kopi (250ml) cake flour, e sefilweng
* 1 kgabana (5ml) baking powder
* 1/2 kgabana (2,5ml) bicarbonate of soda
1. Qala ka ho futhumetsa onto ka mofuthu wa 180°C. Fehla tswekere le majarine ho fihlela di etsa makweba.
2. Tshela lehe, o fehle hantle. Tshela disebediswa tse setseng, o dube.
3. Kwaela hlama ka polastiki kapa clingwrap,
o e boloke ka sehatsetsing metsotso e 30. Hlama e
ba thatana e bidikisehe hantle.
4. Borotong e fafaditsweng ka phofshwana, seha hlama dilae tsa botenya ba 3mm. E dibikise mme o e sehe dibopehwana ka cookie-cutter.
5. Di kenye paneng e fafaditsweng castor sugar. O bake metsotso e 12 ho fihlela e ba soothwana.
6. Ntshetsa dibiskiti hodima wire rack hore di fole.
Mokgwa o mong: O ka tshela le coconut.
Keletso: Bakeng sa dikuku tse ntle, sebedisa majarine le mahe a mofuthung wa ntlo. [s]
Dikeletso tsa dibiskiti
Ha o etsa dibiskiti mme resepe e hloka botoro, o ka sebedisa leha e le majarine a ho baka. Netefatsa hore baking tray e tlotswa ka mafura - hore kuku e se kgoramele kapa e se pshatleha.
Ha hlama e le thata haholo, e fafatse metsi a leqhwa hanyenyane ho e nolofatsa.
Kopanya metswako hantle
Lekunutu la ho ba sephehi se hlwahlwa ke ho kala metswako ka tshwanelo. Disebediswa:
Kopi: E sebetsa haholo ho kala metswako e ommeng. Hopola, 1 kopi e lekaneng hantle e boholo ba 250ml.
Dikgaba: Di kala metswako e bobebe jwalo ka baking powder, bicarbonate of soda kapa vanilla essence. Ha o se na kgaba e ikgethang ya ho kala, o ka sebedisa e tlwaelehileng empa o hopole hore: 1 kgabana e lekaneng (e seng mohlohlo) ke 5ml, athe 1 kgaba ke 15ml.
Jeke ya ho kala: O lokela ho ba le yona hobane o tla kgona ho kala metswako e metsi hantle ha o baka.
Dikeletso tse ding:
Ha o kala metswako e ommeng ka kgaba, o ka e seha ka thipa ka hodimo hore e se be mohlohlo.
Seha botoro kapa majarine ka thipa e bohale.
Hopola hore ha o kala metswako e metsi, o beha jeke sebakeng se folete.
Mantswe a tlwaelehileng
Mix: Ho kopanya metswako mmoho.
Whisk: Ke ho fehla disebediswa (haholoholo tsa hlama e mafura) e seng boima e kgonang ho fehlwa ka matla. Sena hangata se etsahala hantle ka sesebediswa sa teng se bitswang whisk.
Fold: Ke ha o phuthela lehe le fehlilweng ka hara hlama o sebedisa kgaba ya lepolanka.
Chill: O boloka hlama ka sehatsetsing.
Combine: Ke ho kopanya metswako ho fihlela o ba bonolo empa e se be metsi.
Beat: Ke ho fehla metswako e metsi haholo le hona ka matla.
Grease: Ke ho tlotsa pane ya ho baka ka mafura hore hlama e se ke ya kgoramela.
Dust: Ke ho fafatsa hanyenyane ka folouru kapa ka tswekere.
Blend: Ke ho kopanya hantle metswako ho fihlela e kopana.
Glaze: Ke ho tlotsa dikuku ka motswako o tswekere hangata ka borashe ba teng bo ikgethang.
Cream: Ke ha o kopanya metswako e ommeng jwalo ka tswekere - le o mafura jwalo ka majarine kapa botoro. Hangata sena se etswa hlameng ya dibiskiti. Ho fehlwa ho fihlela motswako o ba bonolo, o bile o etsa makweba. Makwebanyana ana a bonahala leha ho se ho tswakilwe le e meng kaofela - a be a bonahale le kukung ha e se e bakilwe.
