sotho.2698.letterdec
Pinyane ya katleho
Pinyane ya katleho e ho wena ka sebele. Mang kapa mang a ka atleha ha feela a ka kgona ho hlwaya ditoro tsa hae mme a sebeletse ho di fihlela.
Ka mantswe a mang ho tseba seo o se batlang bophelong ke bohato ba sethatho ba katleho bophelong. Ka hoo, ha o netefatsa hore letsatsi le tjhabang le le dikelang o sebeletsa ho fihlela toro ya hao, o tla atleha!
Lydia Munghono, Windhoek
Ba tla reng"
Morao tjena letona la dipalangwang le kgothaleditse setjhaba hore se sebedise dipalangwang tsa setjhaba - e le hore e tle e re ho fihla 2010 sephethephethe se be se fokotsehileng mebileng ya rona.
Empa he ekaba o a tseba masawana a etswang mona ditekesing. Mmino o qhomisang methapokutlo. Nkile ka utlwa e nngwe tekesi e neng e palamisitse bana ba sekolo e letsa mmino o neng o hlapaola ka tsela e makatsang empa o kgabaola ho duma mahaha.
Bakganni ba ditekesi ba tlameha ho rutwa ka tsela e bolokehileng ya ho tshwara bapalami.
Emily Leballo, Mabopane
Ikgapele Bonus Voucher
Tjhe ha ho tshwane
ENNGWE ntho e ka kopanyang setjhaba sa rona se arohaneng ka merabe, meetlo le dipolotiki, eo ke poelano.
Poelano ke yona tsela e betere ya ho kgutlisa kgutso le kgotso merabeng.
Ona ke ona mokotaba kgotsong ya setjhaba dinaheng tsohle. Ke ona hape mokotaba wa ho aha setjhaba botjha.
Re tlameha ho thoholetsa mmuso wa rona ka ho hlahisa le hona ho kgothaletsa leano la poelano.
Seo ke se ileng sa etsahala le ho batho ba batsho ba Maafrika Borwa ba kang nna le wena. Maikemisetso a rona a matle a ho tshwarela ba ileng ba re sitelwa nakong ya kgenthollo e bile mohato o motle wa poelano, e leng se re tswetseng molemo. Ha re netefatseng hore tokoloho ya rona e a re sebeletsa!
Mateu Monama, Kwathema
Prepaid voucher ena e o neha airtime ya R75 jwalo ka kgwedi selemo kaofela. Hape o ba monyetleng wa ho letsa mehala ya hao ya prepaid ka manane a mehala ya tumellano e leng se etsang hore o bue haholwanyane ka tjhelete ya hao.
Ngolla ho BONA mme o ikgapele Bonus Voucher ya ha Vodacom e bitsang R899
Mangolo a hao
BONA SESOTHO - December 2006
O reng"
Batswadi ba tlameha ho tiisa melao baneng ba bona!
BATSWADI ba behelang bana ba bona melao e thata ba ipulela menyetla ya ho ba le bana ba sa sebediseng dithethefatsi. Nna ke bona hore bana bana ba dutseng ba ikatameditse haufi le batswadi ba bona ba ba le boitshwaro bo botle.
Ka sena re bolela hore o hlokomele hore na bana ba hao ba shebella eng thelevesheneng, o ba behele melao ka mmino oo ba ka o rekang mme hape o tsebe le hore na ba sebetsa jwang sekolong.
Hape o tlameha ho ba behela seo ba tlamehang ho se etsa le seo ba sa tlamehang ho se etsa
Ka mora sekolo le ka mafelo a beke. Ejang dijo tsa mantsiboya le le mmoho jwalo ka lelapa mme o ba behele seo ba tlamehang ho se etsa ka mora moo.
Ena ke tsela ya ho thibela bana ba hao ba se be hlaha.
Rhulani Wa Ka Chauke, Malamulele
lO reng" Ho ba le melao e thata ke yona tsela e molemo ya ho hodisa bana" Re ngolle o re bolelle maikutlo a hao...
Romela mangolo a hao ho: Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083,
Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.
caxton.co.za
u
t
Lesang ho etsa batjha makgoba a thobalano
Batjha ha ba a tlameha ho ba lefa la peto, ba tlameha ho tlaleha bontate le banna bohle ba ba betang.
Ke re ho banana bohle - bona ke bophelo ba hao. Ha se ba mang kapa mang. Itseke.
Haeba o se o kile wa betwa, tlaleha ketsahalo eo sepoleseng.
Hape ke re ho lona bomme haeba ho le teng bonokwane boo o bo tsebang ka lapeng, ke boikarabelo ba lona ho sireletsa bana ba lona. Ba bohlokwa haholo ho feta monna kapa mohlankana eo ya ba hlekefetsang.
Zokwana Papikie, Koringpunt
Ho hloleha ha mapolesa"
Ho a ntshosa ho utlwa mapolesa a bolela hore ha ho mmolai ya bolayang a phetella leha ho fumanwa ditopo tsa basadi ba supileng sebakeng se le seng.
Ho tlameha ho be ho bolawe basadi ba ba kae e le hore ba tle ba dumele taba ena. Ke se fe seo ba se entseng ho fuputsa mmolai eo" Ekaba basadi ba tlameha ho phela ba dinonyana bophelo bohle ba bona"
Makhosonke Mkhaliphi, Piet Retief
Bohle re kgathatsehile
RE RATA kapa re sa rate, EITSI le kokwanahloko ya yona e re ama bohle. Re tlameha ho tseba hore ke boikarabelo ba rona bohle ho hlokomela ba tshwaeditsweng ke bohloko bona.
Ha se hobane feela e le ntho e nepahetseng eo - empa ke hobane le rona re ka nna ra tshwaetseha.
Ho ba hlokomela ho ba tiisa lengole ho ba bontshe hore ho ba le tshwaetso eo ha ho bolele ho fela ha bophelo. Ba ka nna ba tswelapele le bophelo.
Ha re pokoleng Maafrika Borwa, ha re beng mohlala o motle bokamosong ba setjhaba sa rona.
Rocky Mapea, Soshangane
BONA SESOTHO - December 2006
Mangolo
a hao
u Ntho yohle e etsahala ka mabaka. Ntho yohle e na le nako ya yona. Ka hoo, o se nyahame hobane ha o tsebe nako le motsotso wa hao - e a tla nako eo ka yona le wena o tlang ho iponahatsa.
DM, Mpumalanga
u O ka atleha haholo haeba o se kgomo ya boroko.
LM, Kapa
Baruti ba phelang ba marena
Ekaba ke ntho e nepahetseng hore baruti ba phele bophelo ba barui, ba tsamaye ka dikoloi tse majabajaba, ba dule matlong a maemo ba je koto ka tsela e tshosang, empa mohlape oo ba o alositseng, oo e leng ona o ba sapotang o be o setse o itlhophere"
Ke bona Bokreste" Ba qhekella kereke ba itshireleditse ka Bibele.
MM, Soweto
u Ha re tloheleng ho nna re itshireletsa ka dintho tse siyo, re lla ka dintho tsa nako e fetileng. Bokamoso bo matsohong a rona.
AV, Ladysmith
Mantswe a bophelo...
u Haeba o sa lahle tshepo, o ke se hlolehe!
QX, Dennilton [s]
O ka sebedisa
lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha
bakeng sa phatlalatso.
