SOTHO.2692.PPT
batho, dibaka le diketsahalo
Diketsahalo tsa Ghana
Ho etsa nalane
Afrika Borwa e sa tswa etsa nalane ha The Lion King e ne e rekisa ditekete tse 500 000, e fetoha papadi ya mmino ya Disney e ratwang ka ho fetisisa.
Bafana Bafana ha e qala ho ikwetlisa mane Ghana.
O a penta
Ke nku e bitswang Ewereka! Meralo ya yona e babatseng e hlahisitswe Kapa Bophirima ka thuso ya monga yona, Ann Gadd. Borashe bo tlamellwa leotong.
LE LETSHEHADI LE KA HODIMO: Mokete wa ho bula o ne o le motle haholo - naha ya Ghana e bile motlotlo!
Sehlopha sa Ghana kgahlano le Guinea ha ho bulwa tlhodisano ya Mohope wa Dinaha tsa Afrika wa 2008.
batho, dibaka le diketsahalo
E a tla
Soweto Opera Quadro - eo ho yona tinoro e binwang ke Elliot Koena, Edward Mabunda le Bokang Sehau bese e binwa ke, Xala Mpo - e tle be e hlahisa bokgoni ba yona ho Baxter Concert Hall mane Kapa mohla la 1 Hlakubele. Ka mora moo ba fetela London ho ya bina ho South Africa Proud! Festival. Se fetwe ke pale ya sehlopha sena se ikgethang, seo mmino wa sona o ratwang ke bohle - ho tloha ho pop ho ya ho opera.
Jonna wee!
Monnamoholo ya dilemo di 66 o sa tswa kena sepetlele mane Kitsap Borwa, Washington, ka mora ho ithunya ka phoso. Ho bolelwa hore o ne a tennwe ke nate e neng e hana ho tswa lebiding la Lincoln Continentaly ya hae, eitse ha a halefa a butswela kulo mme a itematsa ho tloha leotong ho ya thekeng.
O a hlonetjhwa
VROOM! VROOM!
Barati ba dikoloi ba sa tswa fetela Scottsdale, Arizona, ho ya bona dikoloi tse kenyeletsang le tse sa tlwaelehang, tsa dilemong tsa boholoholo ho tla ho tse ding tse kgahlang dipontshong tsa "The Greatest Car Show On Earth."
Shaun Bartlett wa Kaizer Chiefs o neha Makhaya Ntini sekipa sa ho mo hlonepha ka mmapalo wa hae o motle wa ho beha SA maemong a hodimo dilemo tsena kaofela.
BA A IKEPELA
Batho ba ikepela lehlabatheng le futhumetseng ba hlahise dihlooho feela mane Beppu, Japan. Ba etsetsa hore mmele o fufulelwe ka tshwanelo bakeng sa bophelo bo botle.
Beckham o Afrika
Naledi ya bolo, David Beckham o sa tswa etela Sierra Leone ho ntshetsapele leano la lae la ho hlokomedisa dinaha tsa matjhaba sehloho seo bana dinaheng tse hlasetsweng ke dintwa ba holelang hara sona.
