sotho.2688.allergies
HO ya ka moo ba ha Allergy Society Of South Africa ba bolelang ka teng, e ka ba dipersente tse 20 ho ya ho tse 30 tsa bana le batho ba baholo ba nang le mathata a ho hlolwa ke dintho tse itseng mme palo ena e ntse e nyoloha ka lebaka la ho silafala ha moya le dintho tse ding.
Allergy ke eng- Ke ka moo mmele wa motho o tjhentjhang ka teng ha o kopana le dintho tse itseng tseo o sa utlwaneng le tsona, tseo ka nako e nngwe di seng kotsi hohang bathong ba bang ba bangata.
Batho ba bang ba ka nna ba se ke ba utlwana le ntho e itseng e le nngwe, athe ba bang bona hona ho etsahala dinthong tse ngata. Sesupo se ya ka maemo a mmele wa motho ka mong.
Allergen yona ke eng- Ke motswako o etsang hore mmele wa motho o se ke wa utlwana le seetswa kapa moya o itseng. Motho a ka ithusa ka ho phema dintho tseo tse mo hlolang.
Mefuta e tlwaelehileng ya tsona ke..
Peo ya dipalesa
Phofshwana e tswang difateng tse itseng, jwanng le hara lehola, e fefolwa ke moya mme e hahlamele batho, e kgoramele le letlalo.
Motho o thibana dinko.
Batho ba hlolwang ke peo ya dipalesa, bophelo ba bona bo a sulafala ha selemo se thwasa hobane e tlala-tlala hohle, empa ba bang ba dula ba thimola, ba thibane dinko selemo kaofela. Ba ba le mahlo a mafubedi, a llang, ba thibane dinko, ba thimole, ba hlohlonelwe ke qoqotho, dinko le lehano.
Kalafo: Mooki, ngaka kapa rakhemisi o tla o neha kalafo e tla fokotsa mathata.
Boipaballo: Ha ho bonolo ho bona kapa ho balehela phofshwana ena. Se atamele dipaleseng, difateng kapa jwanng bo kutwang.
Ha o tsamaile moyeng kapa jwanng, hlapa ho netefatsa hore o e tlosa hohang, o tjhentjhe le diaparo.
Dithole
Sesosa se seng se seholo sa mathata ana ke motjha wa ditweba kapa ho dula ka tlung e nang le tsona athe hape di ka o bakela le mathata a letshweya.
Dijo tse kileng tsa thetswa hanyenyane ke ditweba di ka ba kotsi. Ha ho bonolo ho bona dithole tse nang le mafoforetsane a ditshila tsa ditweba.
Mantle a tsona le ona a fefohela hohle.
Ha ho bonolo hohang ho di balehela lapeng. Ditweba di rata moo ho futhumetseng, mongobong mme malapa a mangata a atisa ho ba le ditweba leha beng ba sa hlokomele. Di ipata hohle.
Le tsona mathata a tsona a bonahala ka ho thibana dinko.
Kalafo: Ha o sa ikutlwe hantle ka lebaka lena, buisana le ngaka ya hao, o ye tliliniking kapa o kope thuso ya rakhemisi.
Boipaballo: Ho bohlokwa ho boloka lelapa la hao le hlwekile ka hohle ka moo o kgonang ka teng, ho netefatsa hore ha ho tweba e ntseng e le tanatanakella mme o hlatswe le dilakane ka metsi a tjhesang haholo.
Dintja, dikatse le diphoofolo tse ding tsa lapeng
Dintja le dikatse di na le mafoforetsane a diproteine tsa mofuta o itseng boyeng ba tsona, letlalong le matheng. Ho phela le tsona ho ka nna ha tsosetsa motho letshweya kapa a thibana dinko ha bohloko. Dipere, dinonyana le diphoofolo tse ding le tsona di ka nna tsa bakela batho ba bang mathata.
Kalafo: Le yona e tshwana le ya ho thibana dinko.
Boipaballo: Se dumelle diphoofolo ka phaposing ya hao ya ho robala le ya ho phomola. Kopa batho ba bang bao mmele ya bona e sa tshabeng diphoofolo, ho o hlatswetsa ntja le katse ya hao. Athe ha mathata a mpefala motho ha a lokela ho rua diphoofolo hohang.
Ho hlohlona ha letlalo
Hona ho etsahala ha o thetsitse ntho eo le sa utlwaneng le yona jwalo ka dimela, dietswa tsa ho hlwekisa, dikhemikhale, dinyanyatsi le ditlolo. Motho o bonahala ka mabala a makgubedu, ho hlohlona le ho ruruha dikarolo tsa letlalo tse thetsitsweng ke ntho eo.
Kalafo: Kgaohana le seo letlalo le sa utlwaneng le sona. Ntle ho moo, ditlolo tse ikgethang tsa ho fokotsa mathata di a fumaneha dikhemiseng.
Boipaballo: Kenya di-gloves ha o hlatswa ka sesepa se bohale - empa qala ka ho netefatsa hore mmele wa hao o tla utlwana le latex!
Latex
Latex ke mofuta wa rekere e sebediswang dinthong tse ngata tse kang ho etsa di-gloves mmoho le direthe tsa dieta.
Basebeletsi ba tsa bophelo bo botle ba mathateng hobane ba dula ba di kentse. Motho o a kgophoha, a be le matjhatjhetsi, lentswe le hwehle, a thimole a be le letshweya.
E pheme, o ye ngakeng ha o belaela hore o amehile.
BONA SESOTHO - February 2006
Ha se hangata ho hlolwa ke dintho tse itseng ho leng kotsi mothong empa leha ho le jwalo ho sulafatsa bophelo!
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
Ithuse
Phela le dintho tse
O hlolang
BONA SESOTHO - February 2006
Ho hlolwa ke dijo
Dijo tse atisang ho bakela batho ba bang mathata di kenyeletsa le mahe, lebese, matokomane, tlhapi, ditholwana le meroho e itseng le koro.
Hape batho ba lokela ho hlokomela phapang pakeng tsa tjhefo le dijo tseo mmele o sa utlwaneng le tsona.
O tla hlokomela ka hore nako le nako ha o jele sejo se itseng mmele wa hao o amehe ka mokgwa o tshwanang.
Ha maemo a le mabe haholo a sa mamellehe, o lokela ho ikopanya le dingaka bakeng sa kalafo le dikeletso.
Letshweya
Letshweya ke lefu le amang matshwafo ha bohloko leo ka nako e nngwe le hlaselang ha mmele o sa utlwane le dintho tse itseng, tse etsang hore motho a ruruhe dinama tse methapong e tsamaisang moya.
Tlhaselo ena e ka nna ya bakelwa ke dintho tse ngata tse kanyeletsang le monko wa kwae, lerole le nang le mantle a ditweba, peo ya dipalesa, kgatello, ho tjhentjha ha dinako tsa selemo le mefuta e itseng ya diphoofolo.
Motho o bonahala ka ho kgohlela, a thimole, a heme ka thata, sefuba se kwalehe ha bohloko.
Ha o bone sesosa sa mathata, itlhokomele, o pheme nthong eo.
Athe ha o nahana hore o na le letshweya, o hloka kalafo ya ngaka. Bohle ba nang le letshweya ba lokela ho sebedisa kalafo ya bona ka tshwanelo hape e dule e le haufi ka dinako tsohle hobane letshweya le ka nna la bolaya motho.
u
t
Ha maemo a le mabe, o tlameha ho bonana le ngaka
Ho longwa ke kokonyana
Batho ba bangata ba ruruha hanyenyane, ba opelwe mme ba hlohlonelwe moo ba longweng teng. Ha ho se ho ruruha tlolo ya molao le mmele o se o hlohlona kaofela, o hema ka thata, o tla hloka thuso ya bongaka hobane ho longwa ke dikokonyana tse kang dinotsi le dikgo ho ka nna ha eba kotsi ho feta ka moo o neng o nahana ka teng haholoholo bathong bao mmele ya bona e leng boi.
Tlhokomediso
Leha e le hore ho hlolwa ke dintho tse itseng ha mmele wa motho ha ho kotsi hakaalo, empa ho na e maemo a mang ao ha motho a sa potlakelwe ka kalafo, a ka nnang a lahlehelwa ke bophelo ho ona.
Mefuta ena e bang kotsi haholo ke eo sesosa sa yona e leng ho longwa ke dikokonyana, dijo kapa ke mefuta e itseng ya meriana.
Sesupo se bonahala ka tse kenyeletsang le lekgopho le ho hlohlona ha mmele kaofela, ho hema ka thata, ho ruruha (haholoholo mahlong kapa molomong) le ho otsela.
Motho o lokela ho potlakisetswa ngakeng hore a fumane thuso.
n Allergy Society of South Africa e na le Website, e nang le ditlhalosetso tsa bohlokwa le dikeletso tse ka o thusang. E shebe ho www.allergysa.org.
Kapa o ba ngolle, o ba bolelle mathata a hao kapa o kope dikeletso, ba tla o romella ditlhalosetso tsa bohlokwa tseo o di hlokang. Aterese ya bona ke: Allergy Society Of South Africa, Box 88, Observatory, 7935, Cape Town. O koptjwa ho kenya enfolopo e tempilweng, e nang le aterese ya hao hore ba tsebe ho o araba.[s]
Ho se utlwane
le meriana
Meriana e meng e ka nna ya kodisa batho ba bang. O tlameha ho ikopanya le ngaka hanghang ho sa kgathallehe hore maemo a shebahala a le mabe kapa tjhe. Hona ho tla o thusa hore o se hlole o eba le mathata a mofuta oo hape.
