sotho.267.beautyaug
TSA BOTLE
Di-pads, marashe le dintho tse ding tsa bohlokwa tse tla o thusa hore o be pabala...Pale ka Charis Dawson
Mahlo
Eyeshadow pads: Ho na le disebediswa tse tsamaisanang le mekgabiso ya sefahleho jwalo ka borashe ba eyeshadow, bo e tlotsang hantle haholo. A thatana ho feta a tlwaelehileng, ka hoo, o kgona ho tlotsa mmala o mong hodima o mong empa ka nako e nngwe, bo kgaoha hloohwana mme o tlamehe ho reka bo botjha.
Eye shadow brushes: A fumaneha ka mefuta e fapaneng le boholo. Ho bohlokwa ho ba le a mabedi a boholo bo fetanang, bo bosesanyane le bo botenya hobane a tla o thusa ha o batla ho tlotsa mebala e fapaneng kapa o batla e benyang ya bosiu.
Liquid-eyeliner brush: Ka bomadimabe eyeliner e mokedikedi ha e rekiswe e le nngwe, ke ka hona ho leng bohlokwa hore pele o e reka, o qale ka ho e bula ho netefatsa hore borashe ba yona e fela e le boo o bo hlokang, bo tla etsa mola o otlolohileng hantle, le o boreletsana.
Mascara brush: Sena seetswa se a makatsa. Lehlakoreng le leng se otlolohile hantle, a mang a thata, athe a mang ona a bonolo. Lehlakore le thata le thusa ho tlosa masalla a mascara.
Eyelash curler: E ntle haholo bakeng sa ho otlolla dintshi le hore di shebahale di le kgolo. Hopola: se hule haholo. Di otloloha ka mora nako e seng hobane o dula o di hula ka matla.
Dintshi
Eyebrow brush: Karolo e ka thoko ya borashe ba mascara e thusa ho kama dintshi hantle hore di be le sebopeho se setle.
Tweezers: Ha o rata ho kuta dintshi, ho bohlokwa hore o iphumanele sete e nepahetseng ya tweezer o tle o se ke wa kgathatswa ke leshwata le letlalo le se utlwe bohloko hape di diehe ho hola. Kopa thuso ya barekise ba dietswa tsena tsa botle ho o kgethisa e sebetsang ka bokgabane.
Marama
Powder brush: Se sebedise marashe a manyenyane bakeng sa ho iphophontha sefahleho. Kgetha bo boholo, bo tla tlotsa lerama kaofela ka nako e le nngwe empa bo be bonolo.
Dipounama
Gloss brush: Bakgabise ba sefahleho ba pele ba sebedisa borashe ho tlotsa dipounama ka gloss esitana le yona lipstick. E di tlotsa hantle mme e etse hore di be boreletsana.
Liner brush: Mona ho hlokahala bo bosesanyane haholo bo tla kgona ho etsa mola o otlolohileng hantle molomong. Ho hlokahala hore motho a itlwaetse ho bo sebedisa e le hore o se be le mathata mohla o seng o lokela ho itokisa o tatile.
Matsoho le maoto
Orange stick: Ke thutswana e tshesane ya lepolanka e tjhorileng mahlakoreng bobedi, le leng le hlwekisa manala ka mahlakoreng, le leng le a hlwekisa ka tlase. Ha e bitse mme ha e sebediswa kgafetsa, e ka thusa ho boloka maoto le matsoho a shebahala hantle.
Cuticle-cutter: Ka mora ho sebesisa orange stick ho kgutlisetsa dinamanyana tsa matsoho madulong, o ka nna wa batla ho kgaola tse seng di sa hlokahale. Ke seetswa se senyenyane se sebopeho e kang sa V bohareng ba sona mme hape se bohale.
Nail-buffer: E hohla manala hantle ka mahlakoreng hore a se ke a hlaba hampe mme a be boreletsana hantle. E sebedise ka mora ho a hohla hantle ka hodimo ka emery board, e a bentshang.
Nail scissors: E kuta manala ha o se o batla ho a fokotsa.
Disebediswa tse ding
Blender: Ke sepontjhe se ka sebedisetswang eng kapa eng, ho tloha ho tswakeng foundation hore e ntshe mmala o motle o kang wa tlhaho kapa hona ho etsa mebala ya eyeshadows.
Pumice stone: E kutletsa direthe le dikarolo tse ding tsa maoto tse thata.
Exfoliating gloves: O di kenya ha o hlapa bateng kapa shawareng, di hohla letlalo hantle ka nako eo o ntseng o hlapa. Se di sebedise hohang sefahlehong hobane letlalo la sona le boi mme le ka utlwa bohloko.
Exfoliating puff: E tlosa makgekgeba sefahlehong mme ho bulehe masobana a letlalo hantle. Ikgohle ka yona hantle, eka o etsa didikadikwe ka mora moo o tlotse le face wash. [s]
BONA SESOTHO August 2008
Dietswa tse tla o tswela
molemo
BONA April 2008
DI LEKE
