sotho.2679.cellphones
KELETSO HO BAREKI
Itlhahlelle ka dIselefounu
Se ferekangwe ke mefutafuta e mengatangata ya diselefounu - sebedisa tlhahiso leseding ena ya BONA, o tla bona, e tla o sebeletsa di tloha feela! Pale ka Patricia McCracken
ARTHUR Goldstuck, molaodi e moholo wa ha World Wide Worx, o kgollwa hore ho na le diselefounu tse fetang dimilione tse 30 mona Afrika Borwa. Batho ba etsang karolo e le nngwe ho tse tharo ho bona bana ba nang le mehala ena, ba se ba rerile ho reka e meng hona selemong sena.
"Re nka dikgwedi tse 18 ho ya dilemong tse pedi ho aha mofuta wa selefounu," ho bolela Raymond Fritz, motsamaise wa Nokia SA, e nang le mefuta e ka bang 40 ya mehala. "Empa bareki ba thahasella mofuta o motjha wa mohala dikgwedi tse ka bang robong feela, ka mora moo, o tswile fesheneng."
Dipatlisiso tse entsweng ke BONA bathong ba 50 ba nang le mehala, di bontshitse hore motho o thahasella mohala wa motswalle kapa wa e mong wa lelapa ho feta wa hae. E nngwe taba e makatsang ke hore bongata ba rona motho o boela a hopole mohala oo a kileng a ba le ona peleng!
Ke ha kae o reka mohala ka lehlanahlana hobane theolelo e se e ya pheletsong? Barekise ba mehala ba bohlale, ba o kwalla hukung ka nyehlisetso ya nako e kgutshwane e tsamaisanang le mpho ya mahala. Ke ena tsela ya ho kgetha mohala o nepahetseng:
Mohato 1: Bapisa
Dipatlisiso tsa BONA mmoho le maikutlo a World Wide Worx tsohle di bontsha hore Maafrika Borwa a mangata a rata mehala e itseng ho feta e meng...
Nokia ke thatohatsi: World Wide Worx le BONA, di fumane hore batho ba 43 lekgolong ho ba nang le mehala, ba na le mofuta ona mme ba 53 lekgolong ho ba nang le mehala, ba rerile ho reka mofuta ona ha ba reka mehala e latelang!
Ho latela Samsung: Metsotswaneng e meng le e meng e meraro, ho rekiswa mohala wa Samsung lefatsheng ka bophara, empa leha ho le jwalo, BONA e fumane hore ho teng ba kgotsofalang le ba sa kgotsofaleng ka yona. Dipalopalo tsa Goldstuck, di bontsha hore Samsung e hlahlama Nokia ka 29 lekgolong mme ba 27 lekgolong ba lakatsa ho e reka ha ba boela ba reka mehala.
Motorola: Motorola e borarong ka 19 lekgolong, le ka 9 lekgolong feela ya ba rerileng ho e reka nakong e tlang. Leha ho le jwalo, ba nang le mofuta ona, ba o nka e le o pele haholo.
Boneng ke Sony-Ericsson: Ke ba 4 lekgolong feela ba nang le mohala ona Afrika Borwa mme ke ba 7 lekgolong ba rerileng ho e reka. Ho bolelwa ha e tswa pele, le ba e sebedisang ba a e paka.
Re qetela ka LG: Ke ba bane lekgolong feela ba nang le mohala wa LG - e be ba babedi feela lekgolong ba rerileng ho e reka.
E meng mefuta: Ke a le mong lekgolong feela ho ba nang le mehala ya nang le mofuta o sele ntle ho ena e mehlano e badilweng. Ba babedi lekgolong bathong ba nang le mehala, ba lakatsa mehala e pele, ya kgwebo, ho rialo Mark Taylor wa ha Nashua Mobile. Ke bua ka mehala e kang BlackBerry le HTC, mmoho le iPhone e tla fihla naheng ena ha selemo sena se kodumela.
Bohato 2: Hlalefa
Reka selefounu jwalo ka ntho e fe kapa e fe eo o e rekang mme o tla fumana mohala o o loketseng, o bitsang hantle. Hore o kgone ho etsa jwalo, tseba hore o kena sehlopheng se fe sa basebedise ba diselefounu ho tse latelang:
Majabajaba: O rata ho kgaba ka mohala wa maemo.
Hlokomela... ditheolelo. O ka nna wa fumana mehala e bitsang hanyane nakong eo ho hlekelwang thepa e ntjha. Ha o ka reka mohala nakong eo, o ka nna wa iphumana o reka mohala o seng fesheneng, e leng se kgahlano le ditabatabelo tsa hao.
Leka... ho fumana dintlha ho Internet kapa dimakasineng tsa bareki hore mefuta e metjha e tla fihla neng Afrika Borwa.
O rata ho ithabisa: O hloka mohala o ka kgonang ho ithabisa ka ona, o nang le dintho tsa kang; radio, khamera, MMS, o bapalang mmino, TV esitana le yona Internet.
Hlokomela... tseba seo o se hlokang, mehala ena e bitsang hanyane, hangata ha e etse kaofela ha dintho tsena tseo o di hlokang jwalo ka tseo tsa ho ithabisa.
Leka... hlahlobisisa mohala hona lebenkeleng pele o tsamaya le ona. Ha se mabenkele ohle a nang le mehala eo ba e sebedisetsang ho bontsha bareki ka moo mehala e sebetsang ka teng. Ka lebaka lena, ho molemo hore o botse motswalleng kapa ho wa lelapa ya nang le mofuta oo wa mohala hore o tle o phakise ho bona hore dikarolo tsa ona di sebetsa hantle ka nako le motsotso.
O kgwebong: O leka ho ipulela ya hao kgwebo kapa hona ho atleha kgwebong. Ha o na taba le mehala e nang le khamera le mmino, o hloka mohala o sebetsang hantle dinthong tse kang e-mail, Internet kapa yona speakerphone bakeng sa ho bua le batho ba fetang a le mong kapa hona ho bua le bao o ba bonang.
Hlokomela... mehala ena e boima kapa eo ho leng thata ho e sebedisa. Soft ke yona ya bohlokwa ha o hloka mohala o sebetsang hantle, ka potlako ho Internet le di-email.
Leka... ho kgetha mefuteng ena e nang le keyboard e tshwanang le ya khomputara.
O tlwaelehileng: O batla mohala feela wa ho letsetswa le hona ho romela melaetsa ya SMS. Ka nako e nngwe o ka nna wa batla o nang le khamera ho romela melaetsa ya MMS kapa yona GPS e tla o thusa ho ba sebakeng seo o ratang ho ba ho sona ka nako.
Hlokomela... ho se tsebe ditlhoko tsa hao - ka nako e nngwe o tla bona molemo wa tshebeletso e itseng mohaleng wa hao nakong eo o kgonang ho o sebedisa.
Leka... ho ithuta ho sebedisa mohala o itseng ka wa kgale wa motswalle kapa e mong wa lelapa. Hobaneng o ikgathatsa ka ho tseba ho sebedisa mehala e pele kapa o rate ho reka mohala o sa o hlokeng?
Bohato 3: Sebopeho
Dipatlisisong, BONA e fumane hore batho ba bangata ba tletleba ka bonyane ba dikonopo tsa mehala ya bona, e meng e llela fatshe, mengolo ya e meng e mesesane haholo, e meng seipone sa teng se phakisa ho ba mafura mme ha o se o le jwalo, ho ba boima ho o sebedisa haeba e le mofuta wa touchscreen. Kgetha o tla o tswela molemo:
O kgathatswa ke ho nna o kopolla le hona ho kopetsa mohala kapa o na le ona o suthumetswang kapa o rata mohala ona o tlwaelehileng?
Ekaba o hloka mohala o monyane o fellang ka pokothong kapa mokotleng kapa o hloka o moholo o sa tlo o lahlehela ka bonolo ka tlung?
O kgona ho tshwarella leka mo mora ho diuwa fatshe?
O rata o seipone se sekae, se mmala kapa tjhe?
O utlwahala ha jwang, ekaba o hloka o be o tlohe lerateng hore o kgone ho utlwana le eo o buang le yena?
Molodi wa teng o bohale hakakang ha o o butse ho fella?
Ekaba o a kgona ho fumana e meng melodi (download) ka yona?
Dikonopo tsa ona di dumellana le menwana ya hao? Haeba mohala wa hao o sebedisa thutswana (stylus), ha e atise ho o lahlehela, ho tlamehe hore o reke e nngwe?
Leshala la teng le dula nako e kae pele o le tsoseletsa, ekaba le qetwa ke ona mohala kapa dinthontho tsena tse ngata tseo o kgonang ho di etsa?
O na le memory e kae kapa o kgona ho sebedisa memory-card molemong wa ho boloka dipina, ditshwantsho kapa tsona dipapadi?
Seipone sa teng se kgona ho kgantsha ho le hokae?
Ekaba ka mohala wa hao o kgona ho ngola molaetsa wa SMS ka puo ya hao? [s]
BONA SESOTHO August 2008
ya ba nang le diselefounu ba rerile ho reka tse ntjha ka 2008
BONA SESOTHO August 2008
O A KGONA HO DULA LE MOHALA NAKO E TELELE KAPA TJHE?
Kgwebo ya diselefounu ke e potlakang haholo - ho ba boima ho iphapanyetsa ditheolelo tsa teng:
Bongata ba rona (57%) diselefounu tseo re nang le tsona di na le nako e ka tlase ho selemo.
Ke ba 25 lekgolong feela bao mehala ya bona e seng e na le selemo ho ya ho tse pedi, e leng nako e nepahetseng ya ho tjhentjha mohala - empa ba 37 lekgolong ba se ba rerile ho tjhentjha mehala eo ya bona hona selemong sena.
Hara bona, ho na le ba 15 lekgolong bao mehala ya bona e seng e na le nako e etsang dilemo tse pedi ho ya ho tse hlano. Empa ba ntse ba le teng ba kgona bo boloka mehala ya bona...
Ho na le ba ka bang bararo lekgolong ba seng ba dutse le mehala ya bona nako e fetang dilemo tse hlano!
ITSHIRELETSE
KE MANG ya ka thabelang ho utswetswa R2 000 kaofela ka ho etsetswa moritaoke motjhining wa ATM mme tjhelete ya hae e hulwe? Empa nnete ke hore bongata ba rona re hlola re lahlehetswe ke tjhelete ho ATM moo kapa re etsetswe manyofonyofo a hore ho rekwe ka dikarete tsa rona tse re lahlehetseng kapa tse utswitsweng...
South African Banking Risk Information Centre (SABRIC) e tlaleha hore boshodu ba dikarete tsa bankeng bo nyoloha ka 81% ka selemo! Ha bomadimabe bona bo so ka bo o hlahela, bo se bo hlahetse e mong eo o mo tsebang hantle...
Ha jwale dibanka di ntse di sekasekana le mekgwa e tla di thusa ho hlola dinokwane tsena tse phelang ka ho phelephanyetsa batho ho di-ATM mme ba utswe dikarete tsa bona kapa di hane ho tswa motjhining.
Empa, boikarabelo bo boholo ba ho sireletsa ditjhelete tsa rona, ke ba rona ka sebele...
E BA SEDI: O tlameha ho hlokomela batho ba haufi le wena nakong eo o sebedisang motjhini. Sebedisa motjhini oo ho ona ho nang le molebedi - sa bohlokwa ka ho fetisisa, se ka ntsha tjhelete bosiu.
E SIRELETSE: Nomoro ya hao ya lenyele, e tlameha ho tsejwa ke wena feela, e seng motho e mong, ke bolela le mookamedi wa banka ka sebele. Hlakola melaetsa ya di-email e batlang nomoro ya hao ya lenyele.
E PATE: Ha o tobetsa, netefatsa hore o atamela haholo motjhining, o sireletse ka letsoho ho netefatsa hore ha ho ya bonang dinomoro tsa hao.
O TLOHELE: Ha ho le teng se o belaetsang motjhining, o bona e ka o tjhehilwe, o tlohele mme o tlalehele banka.
TSAMAYA: O se leke o kope thuso bathong o sa ba tsebeng, kapa o dumelle mang kapa mang ho atamela ha o ntsha tjhelete. Ha o belaela letho, tobetsa cancel, o ntshe karete ya hao o tsamaye.
SHEBISISA: Ekaba motjhining kapa lebenkeleng, shebisisia hore ke karete ya hao eo o e nkang pele o ka tsamaya.
E TSEBE: Tseba nomoro eo ho tlalehwang dikarete tse lahlehileng ho yona. Ha o na le mathata ka karete ya hao, e tlalehe hang hang mme o kope reference number ya tlaleho eo. Se etsahetseng akhaontong ya hao ka mora ho ba o se oba tlalehetse, e tla ba boikarabelo ba banka.
EMA: Se balle tjhelete motjhining - e ya sebakeng se bolokehileng. [s]
BONA SESOTHO August 2008
Bolokeha ho ATM
Na o kile wa ikutlwa o sa bolokeha ho ATM ho ena le ya o hatileng direthe - kapa wa ferekanngwa ke e mong motjhining o ntsha tjhelete? Hona ho bolela hore o ne o laretswe ke mashodu. Ke ena mekgwa e bolokehileng ya ho itshireletsa ha o ilo ntsha tjhelete ho ATM... Pale ka Grace Khuzwayo
TSEBA TSHIRELETSO YA HAO
Dibanka tse fapaneng di na le mekgwa e fapaneng ya ho lwantsha bonokwane le ho sireletsa batshehetsi. Buisana le ya hao o utlwe hore:
Ba na le inshorense kapa tjhe.
Ba tla o hlokomedisa ha ho na le se etsahalang akhaontong ya hao.
Ba na le nomoro ya ho tlaleha karete e lahlehileng kapa ho ba tsebisa ha o ena le pelaelo ka akhaoto ya hao.
