sotho.265.david
Ha ba na bana
MONNA enwa wa seswaswi, David Kau, ba se ba mo tlwaetse haholo mane Lowveld dilemong tsena tse fetileng jwalo ka ha a ne a tlwaetse ho qabola batho mane Barnyard Theatre, White River. Seo batho ba bangata ba neng ba sa se tsebe ka yena, ke hore ho ne ho le teng seo a neng a se shebile moo sebakeng seo. O ne a kgahlilwe ke mohaladitwe, Thalia Zarkalis, wa hona moo White River.
Ntata ngwanana enwa ke Lekiriki ha mmae e le Mozulu mme Thalia o holetse Swatsing, a kgutlela Lowveld ka 1996 ho tla kena sekolo. Ka 2000, o ne a lebe Nelspruit eo a e nkang e le lehae la hae. "Ke a e rata Lowveld, e talana, e futhumetse, athe ke sebaka sa kgotso mme ke ikutlwa le nna ke phuthuloha ha ke le hona teng."
Hona jwale ba dula Joburg le David, empa o ntse a etela lelapa labo le metswalle moo Lowveld. Hape o thabela ho etela Swatsing ho ya hlwela metswalle ya hae ya kgale le ho ya lewatleng la Mozambique. "Ke rata ho nka maeto a halalelang mme ke a nka kgafetsa," ke yena hape.
Thalia le David ba rerile ho nyalana ka Tshitwe mme ba rata ho etsetsa mokete wa lenyalo la bona ho e nngwe ya dipolasi tsa moo Lowveld.
Ba batla sebaka se tla kgona ho amohela baeti bao ba 200 ba ba memmeng.
Ho tla jwang hore mohaladitwe wa White o tlo nyalwa ke seswaswi se tummeng hakana se qabolang motho a be a qetelle a se a itsheha yena"
Ke ntho e qabolang... kapa re re e monate.
Baratani bana ba ne ba kopane mokete wa letsatsi la tswalo la Thalia ka 2005, ya ba ke ho qala ha taba.
"Ke ne ke rata meketjana pele ke kopana le Thalia," ho bolela David. "Empa jwale re se re qeta nako e ngata re le lapeng." Ha jwale ba dula ntlong e nngwe e ka hara toropo mane Illovo mme ba se ba tla ya ntlong ya bona e mane Kyalami jwalo ka ha e se e fedile.
Thalia o ne a re: "Nnete ke hore, ke tshohile hore a se mphoqe ha re se re tjeka."
David o tumme le baqolotsing ba ditaba hore ke motho ya etsisisang dintho leha a se a se kalaneng.
"Batho ba dutse ba re, 'a ko re etsetse metlae," ka nako e nngwe ke ebe ke se na thahasello ya seo," ke yena eo. "Ho tseba mang, mohlomong ba ebe ba batla malebela ho nna."
Ha Thalia a kena feela tlung ya bona, o bona ka pososelo ho David. O tla qala ka metlae e mmalwa, a mo sunasune ho be monate. Ka mora moo, ho tla tshehwa ho be monate, ho bonahale hore ba kopane ka ho tshwana.
Re bua le Thalia a qhanolotse a ntse a bua ka ditlhophiso tsa lenyalo la hae le motho eo a nang le bonnete ba hore o a mo rata.
Lerato
O bolela ha David a ne a kgumame ka mangole nakong eo a neng a mo kopa hore e be mohatsae, mme o bolela le hore seo o ne a se phete hape le ka pela batswadi ba hae mane White River nakong eo a neng a ilo ba tsebisa ka ditaba tseo tse monate.
Nakong eo re neng re qoqa, David o ne a bonahala jwalo ka motho ya dihlong. "Ke ne ke hlokomele hore ngwanana enwa ekaba mme wa bana ba ka. Ke mosadi wa sebele, ya motle, ya bileng a leng matla," ke David eo. Re ke se be le bana ba tla nne ba lahlwe."
O na le lerato, hape o ke se bolele hore David ha a tsebe seo a se etsang. Thalia o a o tseba mosebetsi a itjarisang ona ka ho dumela ho nyalwa ke David. O tla tlameha ho mamella mahlo a batho. "Ha ke ne ke qala ho intsha le yena, batho ba ne ba dutse ba tla lebenkeleng la mme la dijo ho tla botsa hore e feela re ratana kapa tjhe.
"Ha ke kena lethathameng la mabenkele, o tla bona e le mphete ke o feta batho ba re nka ditshwantsho ka mehala ya bona.
Seo kaofela se a nngongorehisa hobane batho bana ba ka ngola leha e le eng feela ka wena. Ke dutse ke le hlokolosi ha ke na le Thalia hobane ke tlameha ho mo sireletsa."
Ha se hobane Thalia a sa se rate seo. O a rata ho nka ditshwantsho. David ka nako e nngwe o e a hane ho rola "kgaebana eo ya hae" ya dilemo tse robong. "Ho a tshosa," ho rialo Thalia ya seng a lekile ho mo kopa hore a e tjhentjhe.
Thalia o qetile degree ya hae dithutong tsa dipolotiki ka 2006 mme jwale o se a batlana le mosebetsi.
O bolela hore karolo e monate dithutong tsena ke kamano ya bodulo ba batho le dipolotiki. "Ke ratile taba ya hore seo ke ithutileng ka sona ka dipolotiki, ke seo batho ba se etsang kamehla le mehla."
David o na le diprojeke tse ngata tse mo emetseng. O sa tswa phethela DVD ya hae e bitswang I Did These Jokes 1st.
Bongata ba metlae e moo, ke eo a neng a e etsa moo Lowveld. O ikutlwa jwang ho hatisetsa mosebetsi wa hao bathong bao ho sa bonahaleng ba ka bona ntho e qabolang jwalo ka ha e le batho ba hlooho di thata, ba sa rateng ho kgema le dinako" "Helang, ke wa Kronstaad," ke yena a ntse a tsheha.
"O nahana hore ha ke tsebe ka batho ba jwalo""
Boswaswi
Ho qabola batho ke seo David a se etsang ka bokgabane bo boholo. Ka mora ho qeta degree ya hae dithutong ho bapala kalaneng, mane Yunivesithing ya Kapa, o ne a kene boswaswing moo a neng a phakise ho ikahela lebitso ka mosebetsi wa hae.
Ho tloha hoo, o ne a bapala diserekiseng tsa Joburg, a bapala le lenanehong la Pure Monate ho SABC 1, mmoho le diswaswi tse ding tse kang Kagiso Lediga le David Kibuuka.
Lenaneo leo le neng le nke mekgahlelo e meraro, ke le pele naheng ena mme le ne le etse hore batho ba bangata ba rate metlae mme ho be ho hlahiswe le filimi ya Bunny Chow.
"Metlae," ho hlalosa David, "ha se ho tshehisa ka batho ba bang feela, empa o tlameha ho qala ka ho iqabola wena ka bowena, pele o ka qabola ba bang batho."
Ka ho ya ka yena, ena ntho ke mpho ya tlhaho hobane o tlameha ho iqapela metlae.
"O tlameha ho dula o qamaka, moo o tsamayang, o ke se e hloke ntho o ka etsang motlae ka yona," ke yena eo.
O ne a kgutse motsotswana a phahamisa molomo a re.
"Moratwa enwa wa ka, ke Mokiriki ka ho le leng ke Mozulu, nka etsa motlae ka seo."[s]
- African Eye News Service/Lowveld Living
BONA SESOTHO - August 2007
Re qhanolotse ha David le Thalia
LE LETSHEHADI: Monna ya tlisitseng boswaswi Lowveld.
LE LETONA: Seo David le Thalia ba se thabelang...ho ba mmoho.
LE LETSHEHADI: Modimo ke Ona lefika la ka. .
Rebecca Kahn o utlwisisa lebaka le etsang David Kau a rate sebaka sa Lowveld
ditshwantsho ka VANESSA GROBLER
BONA SESOTHO - August 2007
u
t
Ho qabola batho ke mosebetsi oo David a o etsang ka makgethe
BONA SESOTHO - August 2007
KA HODIMO le LE LETONA: O ka ba fumana ba iphomoletse haufi le letamo la bona la ho sesa kapa ba le ketjeneng, David le Thalia ba thabelane.
