sotho.2655.rugby
Re bo mpodi!
ditshwantsho ka GALLO
E NE e le papadi e thata ya makgaolakgang. Ha ekaba ntho e makatsang. Ke ka moo dipapadi tsa makgaolakgang di tsamayang ka teng. E tla ba o nahana hanyane haeba o ne o nahana hore sephetho hape e tla ba 36-0 eo Afrika Borwa e neng e ripitle Englane ka yona pejana tonamenteng ena.
Papading ya makgaolakgang Mohopeng wa Lefatshe, ha se moo o tlalatlalang le lebala o leka ho sebedisa menyetla, empa ke moo o sireletsang ka matla mme o leke ho kenya ba direng diphosong e leng tsona tseo o tla atleha ka tsona.
Se neng se makatsa haholo bosiung ba mohla monene mane St Denis, haufi le Paris, ke ho itsamaela bolatjha ha Afrika Borwa.
Leha Englane e ne e batle e hlaba try, empa Afrika borwa e ne e ahile lebota le thata la nama leo Phil Vickery le bashemane ba hae, ho neng ho be thata ho phunyeletsa ho lona.
Sa bohlokwa ke ho sebedisa menyetla ya diphoso tsa Manyesemane. Re leboha Percy Montgomery, ka bokgoni ba hae bo boholo ba ho raha dipenene, ka dipenene tsa hae tse nne le e le nngwe ya Francois Steyn, ya ileng a kenya letsoho tlholong ena ya 15-6.
Leha re hlotse, empa e ne e se ntho e hlakileng hakalo hore re ka hlola ka bonolo bo bokalo tsatsing leo la mohlala Mphalane 20.
Leha dipalopalo di ne di bontsha hore bolo e ne e tshwarwa ke Manyesemane nako e ngata, empa lebota le tiileng la morao la rona le ile la etsa dipalopalo tseo e be lefeela la mafeela.
Motho ohle o ne a dutse mmele o hwamme metsotsong eo e 80 ya papadi. Ka mora papadi, mokopoteni wa sehlopha, John Smit, o boletse hore nakong ya papadi, ba ne ba bapala e ka dimilione tse 45 tsa Maafrika Borwa ohle di ne di ntse di ba thoholetsa.
E nngwe ntho e neng e eketse morolo dibapading, ke boteng ba Mookamedi wa Naha, Thabo Mbeki.
Ho tla ha Mohope wa Webb Ellis Afrika Borwa lekgetlo la bobedi, ho bontsha hore ha se papadi feela e kopanyang setjhaba, empa ke papadi e kopantseng le tlholo... [s]
BONA SESOTHO - December 2007
Ke thabo, nyakallo le ditlatse Afrika Borwa e hapa Mohope wa Webb Ellis kgetlo la bobedi...
Re hopola mohla monene, Mphalane 20
BONA SESOTHO - December 2007
