sotho.2654.teensep
BONA SESOTHO - September 2006
Mahlo mahlong le Fat Charlie
Ho thoba pelo e bohloko
O PHOQILWE ke motho eo o neng o mo rata mme a siya pelo ya hao e le bohloko. Ka ho panya ha leihlo a kenya bophelo ba hao tebetebeng ya mathata. Leha ho le jwalo ekaba o tla kgona ho emelana le bohloko bona"
Lona baena le dikgaitsedi le tlameha ho tseba hore ho utlwiswa pelo bohloko ha ho bolele hore motho o se a tlameha ho inehella jwala le dithethefatsi, "hobane o se o sa itsotelle!"
Ka bokgutshwanyane, re ka se etse leha e le eng feela ya bowatla - ke bolela le hona ho leka ho kgutlela ho moratuwa wa hao wa kgale. Re sa bue letho ka ho leka ho iphetetsa, nnete ke hore ha ho tlhokeho ya ho itheola seriti.
Jwalo ka ha Dr Phil McGraw a bolela: "Ho nna o iphetisa pela habo moratuwa wa hao wa mehleng, ho mo letsetsa kapa hona ho mo romella melaetsa e mengata ka e-mail... ha se ntho o tlamehang ho nna o e etsa."
Ho ka hlola mathata a na... O tla tlameha ho iphapanyetsa ona, mohlomong o ke o lebale o be o qale ho nahana botjha ka mora dilemo tse hlano. Empa ha re bua nnete lona baena le dikgaitsedi, ho ka tobana le maemo a na o tlameha ho hlahloba maemo a ka nako eo, o ikutlwa jwang hona jwale. Jwale...
O utlwile bohloko
Ke ntho e nepahetseng ho utlwa bohloko le ho tetebela maikutlo. O mathateng.
Metswalle ya hao e tla tsieleha haeba o dula o ngongorehile. Ho utlwa bohloko ha ho bolele hore o dule o ngongorehile!
Itlwaetse ho ipha nako ya hore o be mong, bonyane metsotso e 15, empa e se fete horeng.
"Maikutlo le ditletlebo tsa hao le tsona di hloka ho tsotellwa, o di mamelle," ke se boletsweng ke moeletsi enwa. Ena ke e nngwe ya ditsela tsa ho laola ho tetebela maikutlo hobane ke wena ya ikgethelang ho utlwa bohloko.
Tobana le maemo jwalo ka ha a le jwalo
Ho emelana le mathata ana o tlameha ho tobana le nnete. O hladilwe. Motho eo ha a sa rata ho ba le wena.
O tlameha hore le haeba o utlwile bohloko ha kaakang, o boele o ipolelle hore "ho ja ke ile ka leka ka thata..." O tla rata ho ikwahlaya o kope tshwarelo mme o leke ho netefaletsa motho eo hore o ka tjhentjha bophelo ba hao molemong wa hae!
Se ka senya nako. O tla be o iketsa sethoto mme o mpefatse maemo!
Ha re arohana re atisa ho bolela hore re phoso ka bobedi. Sena se etsa hore e mong a nne a be le letshepa. Empa ha ho jwalo.
Ke ka hona o tlamehang ho nka dintho jwalo ka ha di le jwalo. Se natse hore a o bolelle mabaka kapa o nne o mo fate dipotso. Ho ke ke ho hlole ho o thusa ka letho.
Haeba motho a hlile a kgathalla dikamano o tlameha hore a leke ho buisana le molekane wa hae mathata a sa qala. Empa he motsotsong ona, o hladilwe. Ha ke re ho jwalo. Hore hobaneng ha ho sa le bohlokwa - ha se yona ntho ya pele.
Fumana metswalle ya hao
Nakong ela o sa ntse o intsha le moratuwa wa hao, o ne o se na nako e ngata ya metswalle ya hao. Qala o lokise sena. Ha o ba sebedise. Haeba e le metswalle ya sebele, e tla utlwisisa maemo a hao.
Haeba dikamano tsa bona di ba tsamaela hantle, se utlwiswe bohloko ke seo. Metswalle ke batho ba bontshang hore ba a o tsotella, empa he moketa ho tsoswa o itekang. O tlameha ho ba bontsha hore o a rata ho lebala ka bohloko boo o bo utlwileng.
Iphe nako
O utlwile bohloko mme ho hlakile hore ha o so rate ho qala dikamano tse ding tse ntjha. Sena he ha se bolele hore le wena o iphetetse. Iphe nako ya kgefutso dikamanong tsa marato.
Helang ke ona molemo wa ho hlalwa, o ka kgona ho sebedisa tjhelete ya hao ho ithabisa!
Matlafala
Ke nako ya hore o bontshe boitshepo. Ho ka etsahala hore ho o nke nako hore o tshepe motho e mong. Ho tshepahala ke ntho ya bohlokwa dikamanong.
Fumana boitshepo bona boo ke buang ka bona - ke bolela hore o iphumane hore o ne o sa etse phoso ka ho tshepa moratuwa wa hao. Haeba motho a o phoqa, ha se phoso ya hao. Ho tshepa motho dikamanong ha ho bolele hore o a fokola. Ke e nngwe ya dintho tse bontshang sebete seo motho a nang le sona.
Tseba hobaneng
Ho fumana boitshepo bona ho kenyeletsa hape le ho utlwisisa hore hobaneng o utlwa bohloko. Se utlwisang bohloko ha motho a hladilwe ha se ho fellwa ke lerato kapa hona ho hloya batho ba bong boo, empa se utlwisang bohloko ke hobane seo re neng re rata hore se etsahale se sa etsahale!
Ke ntho e jwalo lona baena le dikgaitsedi. Ba ratang ho kena dikamanong le batho ba itseng mme ha ba sa fumane seo ba neng ba se batla, ba tlohele dikamano tseo. Ka hoo, hobane re sa fumana seo re neng re se batla re a hlabeha. Ke sona se utlwisang bohloko.
Ke phoso ya bona hore ba se ke ba re ntsha" Tjhe. O ke ke wa bala dinako tse monate. Ba tshwarele. Ba lese ba ikele. Haeba ba ke ke ba bona bokgabane ba hao, ekaba ba na le dikeledi tse ngata tsa ho nna ba lla"
Empa qetellong o tla be o itelela sa mmokotsane. O lla ho tshwanetse hobane o senyehetswe, empa he dikeledi tseo ke tsa motsotswana.
Fetoha!
Re qadile ka hore lebala ka mabaka a bakileng seo, tobana le nnete ya hore o lahlilwe qha. Empa he ha o ntse o ikoka maqeba, ha se ntho e mpe hore o ipatle o iphumane mme o etse diphetoho tse itseng.
A ko nahane ka dikamano tsa lona. O ne o le motho ya kopang haholo, ya itsebang yena feela.
Ithute ho ithiba.
O nahana ho theola boima ba mmele" Se ka senya nako ya hao ka ho nna ho ba teng dijo tseo o di qobang. Nka bohato! Eya boikwetlisong, o kene le mabelong. Ena ke e nngwe tsela ya ho qeta ho tetebela maikutlo.
Ho iphetetsa!
Ho phela hantle ke yona tsela e betere ya ho iphetetsa. Tsela e nepahetseng ya ho iphetetsa ho moratuwa wa hao ke ho mo bontsha hore o ka kgona ho atleha ntle le yena.
Ha ho etsahala o kopana le yena, qoqa ha monate le yena o bontshe setswalle, empa o phakise ho qeta moqoqo wa lona. Sena se hloka bokgoni le boiphihlelo bo boholo mme o tla ikutlwa betere. Taba ya bohlokwa le ho feta ke hore ha o a itheola seriti.
E nngwe ntho o se ke wa makala ha o ka bona moratuwa wa hao a se a bontsha ho ikwahlaya a rata ho kgutla.
Ka nako eo he lona baena le dikgaitsedi, o ka ba sebete ho mmolella hore a yo wela matjoing kwana hobane wena ha o sa tsuba ka peipi eo [s]
BONA SESOTHO - September 2006
Ka nako e nngwe e eke bohloko boo ha bo sa tla fela, empa ho na le tsela ya ho emelana le bona - netefatsa hore o hlola mathata ao kaofela
Thuto ya bohlokwa
Melemo yohle o e etseditse motho enwa! Ke tshenyo e kakang! Ho na le e nngwe thuto eo o tlamehang ho ithuta yona: o hlokomele ho etsa melemo eo o sa koptjwang ho e etsa. Hobane e ebe e sa koptjwa e a fihle e fete motho a sa e bona mme wena he o sale le pelo e bohloko. Sena se tla etsa ba bang ba tenehe.
Tsela ya ho qeta ho tetebela maikutlo
BONA SESOTHO - September 2006
BOTSHEPEHI. Se dumelle dintho tse bohloko tse o hlahelang di qete botshepehi ba hao! Sheba ka mokgwa ona: Haeba o rata motho, a o phoqa ha nngwe feela. Empa haeba o le mona o bile o itsebisisa o ntse o dutse o ingamangama hore na e be moratuwa wa hao o etsang ha a le hole le wena, o tla dula o ngongorehile motsotso le motsotso wa letsatsi le tjhabang le le dikelang.
Ntho e betere le e bobebe ke hore o mo tshepe!
