sotho.2649.yourlifeguide_stars_2
SE NKILWE KE DIBONTSHI
KE NA le tshepo ya hore o ka nthusa. Ke dilemo di 30, ke a sebetsa. Ke a fana empa ke nahana hore ho na le motho ya sebeditseng tjhelete ya ka hobane ha e dule hohang ho nna. Ke dutse ke se na tjhelete. Ho ka nna ha bonahala ekare ke a itlhantsha empa ruri ke na le pelaelo. Tjhelete ya ka e sebeditswe. Ha ke kgone ho reka koloi kapa ona motse leha ho ya ka moputso wa ka nka kgona ho di lefella.
Esther J, Soweto
Esther ya ratehang
Ha o a louwa. Tjhelete ya hao ha e dule ka pokothong hobane o phakisa ho e ntsha wena, o e sebedise.
Bohato ba hao ba pele ke ba ho shebisisa hore o etsang ka sente e nngwe le e nngwe o e ntshang. Ke o eletsa hore ha o fumana moputso, o ngole fatshe hore o sebedisitse bokae le hona kae. Ngola sohle seo o se lefelletseng, ke bolela le tse nyenyane jwalo ka ho reka diseneke le dijo.
Ha o tseba hore o entseng ka tjhelete ya hao, o ka hlophisa jwale hore o tla sebedisa jwang moputso wa kgwedi e tlang.
O hlophise tjhelete ya hao ka tshwanelo. Ka mora moo, se tswe tseleng, lefa ho ya ka moo o hlophisitseng ka teng. Hlophisa merero ya hao hantle, jwalo ka hore o batla ho reka ntlo neng le hore o tsebe ho tsitsa mererong ya hao.
Mathata ke afe?
Ke dilemo di 25. Ntate o ne a hlokahale mme a le dikgwedi di tharo tsa boimana ba ka. A nyalwa ka mora moo mme ra bitswa ka fane ya ntate eo e motjha. Ka ya yunivesithing ka 2001 empa ka ba le mathata, ka ba ka qeta ka 2008. Ke sebetsa femeng ya di-accountant moo ke fumanang moputso o monyenyane.
Ha ke na lehlohonolo dikamanong tsa lerato. Dikamano tsa ka tsa lerato ha di a tie. Ebe ho na le se phoso ka nna? Ebe ke kotlo ya badimo ba heso (ba habo ntate wa ka) jwalo ka ha batho ba bang ba nahanela?
Mohlokalebitso
Mohlokalebitso ya ratehang
Re a o lebohela! O e mong wa ba mmalwa ba hlohonolofaditsweng ka ho ba le thuto e phahameng le mosebetsi.
Jwalo ka rona bohle, o na le diphephetso tseo o lokelang ho tobana le tsona. Ithute ho tobana le diphephetso. Mohlomong, o lokela ho ba le mamello ha dintho tsa hao di tsamaya butle. Bokamoso ba hao bo itshetlehile bophelong ba hao bo fetileng. Tobana le ho ntlafatsa maemo a hao mosebetsing le boitshepo ba hao.
Ha a tshepahale!
Ke ratana le monna ya ratang basadi. Ke a mo rata, ebe nka etsa jwang hore a be le botshepehi ho nna? A tlohele ho rata basadi ba bang, a rate nna feela?
Thandi, Kapa
Thandi ya ratehang
Qala ka wena, ausi! Ithate, o itlhomphe. Etsa qeto ya seo o se batlang monneng. O etse qeto ya hore o lokelwa ke ho phela le motho ya dutseng a o thetsa ya sa o hlonepheng kapa tjhe? O batla ho beha bophelo ba hao kotsing ya HIV kapa tjhe? Kapa o thabela dikamano tseo tsa lerato kapa o batla ho tswa ho tsona.
Seo banna ba se etsang ho wena ha se sa bohlokwa. Sa bohlokwa ke seo wena Thandi o batlang ho so amohela ho tswa ho bona!
Thusa hle! Matswele a ka a manyenyane
Ke dilemo di 23 ke na le mathata a matswele a manyenyane. Nka thabela a be maholwanyane empa ha ke tsebe nka etsa jwang. Ke kopa thuso.
Maria L, Polokwane
Maria ya ratehang
Ho na le mekgwa e mebedi ya ho araba potso ya hao. Ya pele - e bonolo - buisana le ngaka ya hao. E tla kgona ho o eletsa ka se ka etswang ho a hodisa.
Opereishene ya teng e bitsa haholo. Karabo ya bobedi, ke hore o nahanisise taba ena hantle.
Motho ohle o na le karolo ya mmele wa hae e sa mo kgotsofatseng. Kaofela re na le mmele e re belaetsang ha re itjheba. Re kgathatseha ka tjhebeho ya rona, re le baholo kapa re le banyenyane. Hangata, re qetella re amohetse seo re leng sona ha re ntse re hola kapa re eba le boiphihlelo bophelong.
Le batho ba tla o amohela o le jwalo hang ha wena o se o ikamohetse. Mohlomong ha o rate metswele a hao hobane ba o phoqa ka ona jwalo le wena o se o bona a le manyenyane ho feta.
Empa o ka nna wa tjhentjha tjhelebeho ya hao, ka ho itebohela ka ho ba le matswele a phetseng hantle, a se nang kankere.
Hape: ithute ho ba motlotlo ka seo o nang le sona - mohlomong o na le seemo se setle kapa lona letlalo le letle.
Maria, tseba hore: o motle hobane o entswe ka setshwantsho sa Modimo!
Ha ke phele ntle ho yena
Ke dilemo di 29, tsa moratuwa wa ka di 21. Re dula toropong e le nngwe empa dibakeng tse fapaneng. Ha ke robale haesale a ntlhala dikgweding tse mmalwa tse fetileng. Ha ke kgone ho phela ka ntle ho yena - nka kgutlelana le yena jwang?
Mohlokalebitso, Kroonstad
Mohlokalebitso ya ratehang
Ke maswabi ha o utlwile bohloko. Sena se etsahala bathong bohle - empa ha se etsahala ho wena o ikutlwa ekare ke wena feela.
Qala ka ho amohela hore dikamano tsa lona di fedile - leha o sa ntse o mo bitsa moratuwa wa hao leha e se e se yena.
Amohela nnete ena leha e utlwisa bohloko: ka nako e nngwe o tla kgalla ho mo letsetsa mohala, o tla mo hlolohela ka nako e nngwe - tsohle tseo di tsamaisana le pelo e bohloko.
Se phakise ho theha dikamano le motho e mong empa hoo ha ho bolele hore o se ithabise le batho ba tla o lebatsa bohloko ba hao. Ho se kgone ho phela ka ntle ho batho ba bang ke sona se hlantshang ba bangata.
Ba re dintho tse bohloko di a lebaleha, ka mora nako le wena o tla lebala mme o ithute se seng ka karohano ena. Se monate ke hore o tla boela o fumana motho eo le tla ratana le yena hape. [s]
matla a bophelo
Tjhelete ya
ka e utsuwa
ke mang?
NA O LOILWE? NA O HLOKA MERIANA - KAPA HORE A ITHUTE BOITSHWARO?
Sis Sarah
o tla araba dipotso
tsa hao mme a o thuse ho thoba pelo e bohloko
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083, Mobeni
4060.
Ela hloko:
Sis Sarah
ha a na bokgoni
ba ho rarolla
mathata a tsa bophelo bo botle.
ELA HLOKO
Ke tla o thusa dikamanong tsa hao le mahlokong a mang a o amang moyeng. Ha ke ngaka, ke ka hona ke sa kgoneng ho araba dipotso tsa kalafo.
Ka kopo, ikopanye le ngaka e haufi le sebaka sa heno bakeng sa dikeletso. Ke mokgwa o bolokehileng. O se be dihlong ho bolella ngaka mathata a hao. O a thusahala ha o tshepahala hape o ba bolella nnete yohle ka maemo a hao!
Naledi ya kgweding ena
Naledi ya bolo
(o hlahile la 21 Motsheanong, 1977)
Ha a le dilemo di 11 Fortune o ne a lebe Engelane ho ya bapalla Tottenham Hotspur ya ba banyenyane. Bokgoni ba hae bolong ba etsa hore Manchester United e mo phamole. A qala ho bapala dipapadi tsa matjhaba ka 1996 mme ha jwale o bapalla AFC Tubize ya Italy.
DINALEDI
O tla ba lerato, e leng se tla thabisa molekane wa hao. Ha o sebedisa menyetla hantle, o ka nna wa iphumanela moratuwa ha o se na yena. Matsatsi a lerato: 20th, 21st.
Molekane wa hao o tla lokoloha ho bua ka bokamoso, se iphapanye. Ha o se na molekane, se tatasele. Ha se nako ya hao ya ho kgahlwa ena. Matsatsi a lerato: 22nd, 23rd.
Ha o rata motho, hlahisa maikutlo a hao ka botshepehi hore le tsebe ho qala dikamano tsa lona hantle le tsebana. Matsatsi a lerato: 24th, 25th.
Ho na le thuto dikamanong tse ding le tse ding, ka hoo, bontsha lerato ho moratuwa wa hao. Ha o se na yena, amohela dimemo, o ka nna wa tshwasa. Matsatsi a lerato: 26th, 27th.
Ke nako e ntle ya ho leka hape ho kgutlisetsa dikamano tsa hao madulong. Ho tswa ho wena ho nka bohato ba pele, haeba o se na molekane. Matsatsi a lerato: 1st, 29th.
Bontsha lerato ho bao o ba ratang hore o tiise dikamano. Ba ikutlwa e ka o ba lahlile. Ha o na molekane? Eba le mamello, ho se ho tla loka. Matsatsi a lerato: 3rd, 31st.
Ha o batla molekane e motjha, qamaqamaka matshwao bathong bao o ba tsebang. Ha o ena le moratuwa, se dumele ho kgellwa tlase. Matsatsi a lerato: 5th, 7th.
Dikamano tsa lona tsa lerato di tebile. Le ratana e le ka nnete. Botshepehi le lerato di tla le thusa hore ho dule ho rena kgotso hara lona. Matsatsi a lerato: 8th, 9th.
Eba le mamello mme tsohle di tla o lokela dikamanong tsa hao. Bohle re ba le mathata nako le nako. Ha ho hobe jwalo ka ha o nahana. Matsatsi a lerato: 10th, 11th.
O motho ya lerato mme o tla kgahla motho enwa eo le wena o mo behileng leihlo. Se be dihlong! Ha ba ka iphapanyetsa wena, ba tla be ba lahlehetswe! Matsatsi a lerato: 13th, 14th.
E ba le lerato le kutlwisiso hore baratuwa ba hao ba be le bonnete ba hore ba a ratwa. Ha o se na molekane, lebella molaetsa wa e mong wa bohlokwa. Matsatsi a lerato: 15th, 17th.
Thabo le nyakallo ke tsa hao kgweding ena. Natefelwa ke yona. Ela hloko hore ba se bapale ka mosa wa hao ha o se na molekane. Ka nako e nngwe ho molemo ho itulela o le mong. Matsatsi a lerato: 18th, 19th.
DINALEDI TSA HAO
