sotho.2647.yourbackpage_last
Ho rwala sekola...
Ka 1996, ka sa Mabotle wa Afrika Borwa. E ne e be tlotla ho nna ho ba mabotle wa Afrika Borwa hobane ho ne ho fetole bophelo ba ka ya ka ke dula lefatsheng le sele.
Ho tsheha...
Ke tsheha kamehla hobane ke rata ho thabela monate wa bophelo mme hape ho tsheha ke dijo tse fepang moya.
Ho ritela...
Ka Keresemese kwana lapeng Newcastle. Ena ke karolo ya moetlo wa heso, mme o re hodisitse ka dintho tseo.
Ho bala buka...
Ke qetetse ka Audacity of Hope ya Barack Obama - ke ne ke sa tswa qeta Dreams From My Father. Ena ke buka ya pele ya radipolotiki ho ama maikutlo a motho. Ho yona, ke boele ke thabele ho phela ha hae dinaheng tse pedi - USA le Afrika - e ne e ka e bua le nna.
Ho tshaba...
Maobane bosiu. Ke dutse ke tshaba ha ke ya kamoreng e lefifi - empa lefifi la bosiu ha le nkgathatse ka letho. Ho a makatsa, empa ha e sale ke le jwalo ho tloha bongwaneng ba ka.
Ka mang ho rata motho...
Ke qetetse ka Mme. Lerato la hae ho nna ke le ikgethang hobane ha le na moedi. Ke la sebele. Le nna ke mo kolota lerato le jwalo. O ne a sebetsa diketjhineng mme a rata ho etsetsa bana ba hae tse molemo. Ha ke ne ke dula sekolong, o ne a tela tsohle hore ke be le tseo ke di hlokang.
Ho ikwetlisa...
Maobane. Ke ya boikwetlisong bonyane hane ka beke, ke mathe. Ke ne ke qale ho matha ka 2004 ha ke ne ke le London.
Thuto eo ke qetetseng ho ithuta yona ke...
Ho tsitlallela seo ke kgollwang ho sona. Haesale ke ithuta sena ho tloha ke le Mabotle. Ha o sa le monyane, o dula o tshaba ho hlahisa maikutlo a hao, empa o tlameha ho bonahatsa seo o leng sona e le hore batho ba o nke o le seo o leng sona.
Ho reka mekgabiso ya sefahleho...
Dikgweding tse tharo tse fetileng. Ke ntse ke rata ho ba motle, empa matsatsi a ho kenya mekgabiso e feletseng ya sefahleho jwalo ka pele a fetile.
Koloi eo ke e kgannileng nako e telele ke...
Audi Q7 - e matla, e a shebahala e bolokehile!
Mohale wa ka ke...
Madiba! Haesale e le mohlala ho nna - ha ke mo sheba, ke itjheba, o nketsa ke ipotse hore: "Ke emetseng" Haeba yena a kgonne, le nna nka kgona ho kgatha ya ka tema." Ke ne ke be lehlohonolo hobane o ne a kgona ho nkeletsa nakong eo ke neng ke le Mabotle wa Afrika Borwa.
Pina eo ke qetetseng ho e bina ke...
Praise And Worship ya Hlengiwe Mhlaba. Ke e letsa hoseng ho hong le ho hong koloing ha ke ya mosebetsing.
Keletso eo ke neng ke qetele ho fana ka yona...
"Itshepe mme o be motlotlo ka seo o leng sona." O tlameha ho shebana le bowena ba hao, o kgaotse ho nyatsa hona le hwane ha o sa atleha. Bongata ba baetapele ba rona ba hlahetse bofutsaneng. Katleho ya hao e diatleng tsa hao.
Ke bomang o ba hopolang o qetetseng ho ba fonanisa...
Ke metswalle ya ka le basebetsimmoho le nna mane UK ka Tshitwe 2006. Ke ne ke dule moo dilemo tse supileng ka mora hore mopresidente wa mehleng, Mandela a ne a nkgothaleditse ho etsa degree yunivesithing ya Manchester le ho mphumanela tjhelete ya ho ithuta ha Investec. Ke ne ke etse dithuto tsa MSc ho Economics, ka sebetsa Investec, London dilemo tse mmalwa. [s]
e bokeleditswe ke: Patricia McCracken
LEQEPHE LA HAO LA KAMORAO
Mabotle wa mehleng wa Afrika Borwa, Peggy Sue Khumalo re bile le puisano e ikgethang le yena a re kumela seo a se tshabang le se mo etsang
a bine
