sotho.1161.lettersJOHN
LE HAPIELNG R100
Re na le bokgoni!
Setjhaba se na le bokgoni ba ho lwantsha bonokwane le merusu dikolo le makeisheneng a rona. Ha se boikarabelo ba mapolesa feela ho lwantsha bonokwane.
Hangata, dinokwane tsena di a tsejwa setjhabeng hobane ke baena le dikgaitsedi tsa rona, mme ka nako e nngwe, re a ba pata ha mapolesa a ba batla. Sona setjhaba se boele se reke tsona dintho tseo di tsebang hantle hore di utswitswe.
Pele o reka ntho mothong, a ko nahane hore o e nkile kae pele o ka ipona lehlohonolo la ho fumana ntho ka tjhelete e tlase. Le rona re mapolesa ka borona ka ho nka karolo mekgatlong ya setjhaba e kang CPF (Community Policing Forums).
Roselina Stemele, Kapa
Re a leboha SAPS
Ke leboha mapolesa a Buffalo Flats, East London ka ho arabela kgoeletso ya hore ho kwale tamene e neng e le sebakeng seo. Tamene ena haesale e le mathata ho tloha selemong sa 2002. Sena e ne e le sebaka sa jwala le dithethefatsi mme baahisane ba tamene ena, ba ne ba sa je ditheohelang ka lebaka la yona. Kajeno re se re kgona le ho robala bosiu, ntho eo re neng re se re sa e tsebe. Re a leboha!
VI Mlindwa, East London
Taba e kelellong
Ha o batla tjhelete, tsepamisa kelello ya hao ho yona. Ho boima hore o ka ba morui, haeba o ntse o tletleba ka bosiyo ba tjhelete. Ha o ntse o tswelapele le ho tletleba, o tla ikatisetsa tshotleho. Menahano e nyahamisang, e tla o kwalla menyetla ya tjhelete hobane wena o dutse o ingamangama ka ho se be le tjhelete. Kgaotsa ka menahano ena, o tsepamise kelellong tjheleteng. Ka mantswe a mang, e ba le menahano ya borui.
Alfred Ngqoleka, Mthatha
Banneng bohle...
Mohatsaka o ne a hlokahale mohla la Tshitwe 31, 2007, Modimo ha O a rata hore a bone selemo se setjha. Re ne re se re na le dilemo tse 29 re nyalane mme re hlohonolofaditswe ka bana ba bane. Pele a hlokahala, o ne a mpolelle hore ke tihe mme ke itlhokomele.
Ka ona motsotso, ke bohloko haholo hobane a se a ntshihile. Re ne re na le merero yohle ka bokamoso ba rona mme sohle re ne re se rera mmoho. Re ne re le lelapa le phelang ka kgotso, re hlokomelana, re bile re ratana e le ka nnete.
Ka hona, ke lakatsa ho hopotsa le hona ho eletsa banna ba bang hore ba hlomphe basadi ba bona hobane ha ba tsebe hore Morena o tla ba nka neng.
Ka hona, le se patelane letho. Ho tloha hona jwale, ho ya pele, rerang tsohle mmoho. Thabang le hona ho nyakalla mmoho. Tsamayang le basadi ba lona. Thabelanang, le tshwarane ka matsoho pele shwalane e tshwara.
RJ Banda, Zambia
Boimana
Banana ba ke ke ba tlohele ho ima hobane ba na le ditokelo tse ngata, jwalo ka ho dumellwa ho ya sekolong ba ithwetse. Ba boetse hape ba na le matsatsi a "phomolo a botswetse" jwalo ka basadi ba sebetsang. Mehleng ya kgale, banana ba ne ba tshaba ho ima hobane ba ne ba tseba hore ba tla sala dithutong tsa bona.
Lulama Mrenyuka, Khayelitsha
Ithute ho boloka tjhelete
Eish, ha ke na tjhelete! O makgetlo a ma kae o bolela sena? Se bohloko, Maafrika Borwa ha a itlwaetsa ho "boloka tjhelete" - e leng se etsang motho a fumane moputso kajeno, ka lehlahlamang ha a sa na letho.
Ha re ka ithuta ho boloka mme ra fokotsa le tshebediso ya tjhelete, re ka e bona tjhelete.
Thabo Thulo, Senekal
Ebe bokamoso bo re tshwaretse eng?
Ke utlwa bohloko ha ke bona tsela eo bonokwane bo haketseng ka yona naheng ena. Ke a ipotsa hore e be bokamoso bo re tshwaretseng.
Le baetapele ba rona le bona e se e le dinokwane!
Dinokwane di nehwa tumello ya hore di thunyetse ho bolaya.
Ekaba polokeho e sa le ntho e teng?
Ke mang ya tla phela?
MK Molefe, Koffiekraal
Tshepanang
Lenyalo ke kano ya ba babedi hore ba tla jarelana mefokolo monateng le mahlokong. Empa mohlolo, ho e ho lebellwe hore e mong ho bona a be le bolokolohi ba ho iketsetsa ratase. Bothata ke eng! Lenyalong la sebele, banyalani ka bobedi, ba etsa dintho ka ho lekana.
Mapitso Ramaisa, Matwabeng
Di tlohele
Mmaraka wa dithethefatsa o a hola naheng ena. Tsatsi le tjhabang le le dikelang, batjha ba kena dithethefatsing.
Ke a ba kopa hore ba di tlohele hobane di ba bakela mathata.
Siyabulela Mpikwa, Dimbaza South
BONA SESOTHO June 2008
HO itshehela moedi, ke bohato ba bohlokwa bophelong. Ke karolo ya ho itlhahisa hore o mang ke eng e amohelehileng le e sa amohelehang ho wena.
Ho bohlokwa ho tseba hore ho itshehela moedi, ha ho bolele ho fetoha ha ba bang, empa ke ho fetoha ha hao, o hlakise seo o se ratang le seo o sa se rateng.
Re a tseba, ho tla ba boimanyana ho ba bang ho amohela mehato ena ya hao e metjha. Ba ka nna ba se e utlwisise taba ena ya hao kapa ka nako e nngwe ba itholele.
Empa haeba e le metswalle ya nnete, ba tla phakisa ho utlwisisa mme ba bone ka moo sena se ka tiisang setswalle sa lona ka teng.
Hopola, batho ba o tshwara ka tsela eo wena o ratang ba o tshware ka yona. Ba ka nna ba o tshwara ka tsela eo wena o itshwarang ka yona.
Ho itshehela moedi hona ho boele hape ho bontshe ka moo o itlhomphang ka teng.
Re ka phethela ka hore sena ha o se etsetse hore o kgese ba bang, empa ho tiisa setswalle sa lona.
LT, Bloemfontein
HLAHISA MAIKUTLO A HAO
Ngolla ho: Mangolo ho mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060
fekese: 031-912-2720 e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
Tsela ya ho itlhompha...
Re Ngolle
Itshehele meedi
O ka sebedisa lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa re kopa o le ngole la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellana le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
BUA RE UTLWE
Q
Kgomotso Nchabeleng, monga keretjhe
Honest Ndlovu, moithuti
Ilidio Mausse, sebetli
Anna Makhubele, mohlwekise
Vuyile Seteni, morekise
Na setjhabeng sa heno ho na le seo le se etsang ho lwantsha bonokwane?
TJHE. "Ke dula Hillbrow mme batho ba moo ha ba sa ikgathatsa ho tlaleha diketso tsa bonokwane."
TJHE. "Batho ba tshaba ho tlaleha bonokwane hobane mapolesa le ona a nkga lefotha. Ho ka ba molemo ha ho ka kgutliswa kahlolo ya lefu."
E. "Ke dula Thembisa. Baahi ba moo ba a bo tlahela bonokwane mme ke hlola ke bone mapolesa a di tshwara."
TJHE. "Batho ba bangata ha ba sa tshaba ho reka dintho tsa boshodu - mme seo se kgothatsa bonokwane."
E. "Setjhaba se etsa matsapa a ho thusa mapolesa ho fedisa bonokwane. Empa bobodu bo sepoleseng bo se bo jele setsi ho feta."
BONA SESOTHO June 2008
Bhekithemba Ndlovu, sephehi
Nosibusiso Mqhayi, morutwana
Meshack Peter, morekise wa mmileng
Goitsemang Malakane, senono
Esther Banda, morutwana
TJHE. "Batho ba feletswe ke tshepo jwale ka lebaka la mapolesa ana a botswa, a sa batleng ho sebetsa.
E. "Ho beterenyana. Ha ke ne ke qala ho fihla mona Joubert Park, bonokwane bo ne bo jele setsi haholo. Empa dintho di a tjhentjha jwale."
TJHE. "Ha dinokwane di hlasetse, batho ba iphapanya jwalo ka beng ba difariki athe ba bang ba bile ba a di buella."
TJHE. "Batho ba khothotswa motsheare tsatsi le tjhabile. Dikoloi di a thujwa ho utsuwe, ha o bitsa mapolesa a fihla o se o lebetse le ka ona."
TJHE. "Ke nahana hore batho ba bang ba thabela ho bona ba bang ba khothotswa kapa ba hlekefetswa ke dinokwane."
u
t
Re Ngolle
BONA SESOTHO June 2008
Na re sesosa sa bonokwane?
RE UTLWA dinthontho ka bonokwane bo seng bo jele setsi Afrika Borwa. Bohle ba lla ka mapolesa le mmuso wa rona o tletseng bobodu - empa ke bona eka ke nako ya hore mong ka mong a itlhahlobe, a bone seabo sa hae bonokwaneng bona.
Re reka dintho tsa boshodu - re sireletsa mashodu. Malekeisheneng, moqulwana a dinokwane a hlontjhwa le ho feta batho ba tsohellang mosebetsing hoseng ho hong le ho hong.
Batjha ba bile ba re ho monate ho dula le bona hobane ba o hlahlella, hape ba tumme (empa moo habo bona feela). "Batho ba qala ho o isa hloohong ha o ka bonahala o ena le bona," o boletse jwalo morutwana e mong wa yunivesithi. "Ke bile ke ba ratela le hore ha ba timane."
Ho na le mefuta e mebedi ya dinokwane malekeisheneng. Bana ba bolawang ka nako eo setjhaba se hwantang, ha eso be dinokwane hohang. Ke bomaithutwana feela ba sa ntseng ba ithuta boshodu, ba utswa dithelevishene, dikhomputara le tse ding ba di rekise R100 feela hore ba tsebe ho reka dithethefatsi tsa letsatsi.
Tsa nnete di a hlonetjhwa hape ha di thetswe. Ke tsona tse rerang ho qhomiswa ha metjhini ya tjhelete le ho kwetela dikoloi tsa yona. Ha ho motho ya batlang ho iqabanya le bona. Ha ho tshireletso o ka e tholang hang ha o ka iqabanya le bona.
Athe ha o ka ba tlaleha, mapolesa a tla o tsheha hobane ke nonyana tsa siba le le leng. Batho ba tshepahalang ba fetohile batshwaruwa ka hara matlo a bona. Ho thata ho lwantsha bonokwane hobane bo fesheneng! Hape bo amohelehile!
Nikiwe Sithole, e-mail
Wena o reng? Ebe Nikiwe o fela a bua tsona? Na re hlompha dinokwane, re re di bohlale? Re a di tshehetsa kapa re tshwana le tsona? Hobaneng re sa hlokomele hore ho di amohela re thabela sehloho seo di se etsang setjhabeng? Kapa ebe re leka ho utlwisisa sesosa sa mathata a tsona? Re ngolle, o re bolelle a hao maikutlo!
HLOKOMELA KA MOO: baahi ba bang ba jesetsang dinokwane kgwebeleng ka teng.
Leqepheng la 28 bala dipale tsa rona tsa pele tsa TWANTSHO YA BONOKWANE, o bone ka moo Mafrika Borwa a mang a kang nna le wena a thusanang le baokamedi ho lwantsha bonokwane ka teng...
MOIFO WA RONA
BONA WEBSITE
www.bona.co.za
NTLO KGOLO (THEKONG)
19-21 Joyner Road, Prospecton
Box 32083, Mobeni, 4060
Tel: 031-910-5745; Fax: 031-912-2720
E-mail: bona@dbn.caxton.co.za
Mookamedi wa Bahlophisi Chris Burgess
Mohlophisi wa Mosebetsi Lorna King
Motlatsi wa hae
Patricia McCracken
Sezulu Manqoba Dlamini (mohlophisi);
Zanele Mbatha
Sesotho Lerato Zulu (Mohlophisi);
Moeketsi Letsohla
Sexhosa Dumisani Ntshentshe (mohlophisi)
Neliswa Mzimba
Mohlophisi wa ditaba Marie Gurr
Molaodi wa bonono Jozia Lorek
Bathusi ba hae Jenny Weideman;
Clive Thompson; Kyle Young
Mongodi Barbara Zulu
GAUTENG
Caxton House, 368 Jan Smuts Ave,
Craighall, Johannesburg, 2001
Mohala: 011-889-0600
Mohlophisi ya moholo Force Khashane
Moqolotsi wa ditaba Steven Makhanya
DIPOTSO KA DIPAPATSO
GAUTENG
368 Jan Smuts Avenue, Craighall, 2196
Tel: 011-293-6000 Fax: 011-789-9656
THEKONG
19-21 Joyner Rd, Prospecton, 4110
Tel: 031-910-5700 Fax: 031-902-8829
KAPA
36 Old Mill Rd, Ndabeni, 7405
Tel: 021-530-8600 Fax: 021-531-3795
CLASSIFIEDS
Tel: 011-293-6076
E-mail: logang@caxton.co.za
DIPOTSO KA THEKISO
Paul Smith
Tel: 011-248-3500 Fax: 086-627-8591
E-mail: mags@rnad.co.za
DIPOTSO KA BOINGODISO
Box 725, Maraisburg, 1700
Tel: 011-473-8700 Fax: 011-474-5479
DIMPHO LE
DITLHODISANO
Mohokahanyi: Busisiwe Motlhasedi
Tel: 011-449-1033
E-mail: busisiwem@caxton.co.za
DITABA
O ka romella ditaba ho e-mail e latelang: bona@dbn.caxton.co.za, kapa o di romelle ho:
BONA Submissions,
Box 32083, Mobeni, 4060
