SOTHO.2645.stars
BONA SESOTHO - June 2006
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: Hapa bomphato ba hao ka ho ba bontsha botshepehi.Bophelo: Iphe nako ya ho phomola - dula o matlafetse.
Tjhelete: Leboha motshwari wa hao ka ho o nyollela tjhelete kapa ona molemo a o etseditseng ona.
Lerato: Hlokomela o se utlwise moratuwa wa hao bohloko.
Mosebetsi: Sebedisa boetapele le bohlale ba hao molemong wa katleho ya hao.
Bophelo: O tla phela hantle ka nako ena ha feela o hlokomela boima ba mmele wa hao.
Tjhelete: E ba le tjhebelopele. Nahana ka matsete a matjha. Lerato: Se laele haholo - buisana le molekane wa hao!
Mosebetsi: Ho nahana ka nepo ho etsa o nke qeto tse nepahetseng kgwebong.
Bophelo: Qoba kgatello ka ho ikwetlisa haholo.
Tjhelete: Haeba o na le tjhelete, e hlokomele hantle.
Lerato: O nyetse kapa o sa nyala, ena ke nako e ntle ya dikamanong tsa lerato.
Mosebetsi: Hopola hore o tlameha ho sebetsa ka thata bakeng sa katleho.
Bophelo: Hlokomela hore o se utlwele haholo. Laola maikutlo a hao. Tjhelete: E sebedise ka nepo. Hlokomela ditumellano tse sa lokang.
Lerato: Ela dikamano tsa lona hloko, o rate molekane wa hao ho ka tiisa dikamano tsa lona.
Mosebetsi: Eba bohlale haeba o rata ho kgahlisa bomphato ba hao.
Bophelo: O hloka phomolo, iphe nako e ngata ya ho ikwetlisa.
Tjhelete: O tla ba le mathata a tjhelete ka nako ena.
Lerato: Itokisetse dintlafatso tse ntle dikamong tsa hao.
Mosebetsi: Se ka lahlehiswa. Hlahlobisisa dintho hantle
Bophelo: Qoba mathata, ho hlabehisa ba bang, ho o utlwisa bohloko.
Tjhelete: Ho nahana le hona ho rera ka nepo ho tla o bolokela tjhelete. Lerato: Ikemisetse ho thabela bophelo le molekane wa hao.
Mosebetsi: O tla atleha hobane o eletswa ke batho ba bohlale.
Bophelo: Netefatsa hore o ikwetlisa le hona ho ja ka nepo ho ipoloka o phetse.
Tjhelete: Hlokomela ho senya tjhelete dinthong tseo o sa di hlokeng.
Lerato: Ho dudisana ka kgotso le molekane wa hao ho tla le boloka le kgotsofetse.
Mosebetsi: Tsetsisa maikutlo o latele leano la hao bakeng sa katleho. Bophelo: Se dumele ho laolwa ke mosebetsi. Iphe nako ya ho phomola.
Tjhelete: Ke nako ya katleho ho tsa ditjhelete haeba o le sedi.
Lerato: Tlohela ho boulela, o bontshe lerato le tlhokomelo ho moratuwa wa hao.
Mosebetsi: Sebedisa menyetla yohle. Itshepe mme o tla atleha. Bophelo: Thabela nako ya ho phomola le dipapadi. Tlohela tsitsipano o bang le yona. Tjhelete: Thabela ho sebedisa tjhelete ka nepo le bohlale.
Lerato: Eba le mamello le tlhokomelo mme o tla fumana lerato.
Mosebetsi: Se lebelle diphetoho ka potlako. Dintho di tla tla butle butle.
Bophelo: Hlokomela seo o se jang mme o ikwetlise haholo.
Tjhelete: Hlokomela tjhelete ya hao, o se ke wa qhekellwa.
Lerato: Ke nako e ntle ya lerato, ka hoo, thabisa molekane wa hao!
Mosebetsi: Tsepamisa maikutlo a hao ditorong tsa hao.
Bophelo: Laola maikutlo a hao. Qoba kgatello le maemo a hlobaetsang. Tjhelete: Maemo a tshohanyetso a ka o senyetsa tjhelete.
Lerato: Ena ke nako e thabisang dikamanong tsa lona tsa lerato. E thabele!
Mosebetsi: Dula o le sehlohlolong sa ditaba ho ka atleha ho tsa kgwebo. Bophelo: Hlokomela tsela eo o jang ka yona mme o ikahele lenaneo la ho ikwetlisa.
Tjhelete: Haeba o se na tjhelete, leka matsapa a potlakang a ho ba le yona.
Lerato: Dikamano di tla hantle, haeba o se na molekane o tla mo fumana. [s]
