sotho.2644.twins
RADIO
Mang ke mang" Re nahana hore Hlelo o ka ho le letshehadi, Ntando yena o ka ho le letona.
Re bua le
HLELO le Ntando ke mafahla a Ekurhuleni a dilemo di 25. Dilemong tsa bo 1990, ba re ba ne ba etse pale naheng ena ka ho ba ba bang ba bana ba pele ba batho ba batsho ba ho amohelwa sekolong sa maroma sa St Dominic. Erekaha e ne e le mafahla, seo sa hohela mahlo a boraditaba lefatsheng ka bophara.
Kajeno dimomotela tsena tse phahameng ka seemo di na le toro e tshwanang, ya ho ipeha maemong a hodimo ho tsa boithabiso hantle jwalo ka mafahla a ha Olsen, a baruihadi ba Hollywood.
Hona ho bolela hore ha ba na tswa melomong ya baqolotsi, barati ba mmino le feshene le diketsahalong tse ding tsa thekiso.
Ha batshehetsi ba ngola, ba thabetse lenaneo la bona la ka hora ya 6-9 mantsiboya la Double Up ka mafelo a beke, ho a hlaka hore ba a ratwa. "Hobaneng ha banna ba bangata ba lakatsa ho ipona ba le pakeng tsa bona"" ho botsa Ntando ka bolokolohi.
"Mangolo a mangata ao re a fumanang ke a buang ka ka moo ba ikutlwang ka teng ka rona. Bang ba bua ka mmino, e leng se re thabisang."
Ba tswa lapeng la mmino. Kgaitsedi ya bona, Quinton ke
DJ Naked, ya hlwahlwa haholo Jozi. O ne a qale ka ho tswaka mmino ho Yfm lenaneong la DJ Bad Boy T, kajeno ke mohlahise wa mmino lenaneong la Bad Boy ho Metro FM. O ne a thuse le dikgaitsedi tsa hae ho etsa demo CD e neng e ba kenye ho Yfm ka Mmesa.
"Re etsa sohle re le lelapa," o boletse jwalo Hlelo. "Re banyenyane ka lapeng lena le ratang mmino, haholoholo dikgaitsedi tsa rona Quinton, Fortune le Ramesh, ba a ikepela ka ona.
Ho demo ba bina ba le bang - ba phehisana ka mmino le dintho tse ding tse kang, bahlankana, diaparo, hore ke mang ya tla hlapa pele le ya tla kganna ha ho orohuwa kapa ho uwa moketjaneng.
Yfm e ne e ba nke hore ba tlo etsa lenaneo a mafelo a beke. Di ngata dintho tseo ba tsebang ho qoqa ka tsona ho ya ka moo Ntando a bolelang ka teng. O re ba be ba phehisane le ka hore ke mang ya nonneng ho feta e mong kapa ya motle kapa yena ya bohlale.
"Bamamedi ba re rata haholo ha re se re phehisana." Ha ba se moyeng, Hlelo eba mohlodi e moholo ho tsa marato, ho ya ka Ntando, hobane o na le dikamano tse tiileng tsa lerato.
Ntando yena o sedi haholo ha a kgetha mohlankana - banna ha ba kgone ho tsetsisa maikutlo hantle ha ba tobane le mafahla ana a matle. "Ba ka nna ba ba le lefufa," ho hlalosa Hlelo. "Bongata ba batho ha bo kgone ho re arola. Ha monna a fihla ho nna a mpotsa hore hobaneng ke sa ka ka mo letsetsa jwalo ka ha a ne a kopile, moratuwa wa ka o a teneha, a makale ha ke re ha ke re ha ke mo tsebe le ho mo tseba motho eo."
Ntando ha jwale o sa ntse a leka ho itlwaetsa ho ba le dikamano le monna e mong, eo le yena a dutseng a lwantsha leihlo la moleka leo a shebang lefahla le leng ka lona. "Ka mora ho ratana kgwedi, o ne a mpolelle hore o ikutlwa ekare o hloka botshepehi nako le nako ha a sheba Hlelo," o boletse jwalo a bile a tsheha.
"Ka lehlohonolo rona ha re monelane, ha ho ena le monna ya re ratang re le babedi, ha re nkehe haholo ke hoo. Ke bona ba lokelang ho itlwaetsa ho phela le rona."
Ha ba ne ba qala ho kena radiong, bamamedi ba bangata ba ne ba nahana hore Da Twinz ke mosadi a le mong wa DJ ya iketsang batho ba babedi ba fapaneng.
Ba ne ba makale mohla ba qalang ho ba bona ba le mmoho meketeng.
"Ha re le meketjaneng mmoho, ha re phehisane," ho bolela Hlelo. "Ha ke nwele dikgalase tse mmalwa, Ntando ha a nwe hohang hore a tsebe ho kganna." Jwalo ka mafahla a ha Olsen, le ana ke tekete ya tjhelete lelapeng leo, ba bitswa ka mahohle.
Basetsane Khumalo le Connie Ferguson ba re ke mehlala ho bona bakeng sa kgwebo e atlehileng, ya motho ya tswang ho tsa boithabiso.[s]
Pale: Doug Gordon
Ba rata ho dula ba phehi-sana
Hlelo le Ntando Masina ke mafahla a dutseng a phehisana empa a sa phoqane mme a mema batshehetsi ho a ngolla, a utlwe maikutlo a bona...
BA A IKGETHA
Ba ka nna ba tshwana empa ha ba rate dintho tse tshwanang. Ntando o rata difilimi tsa marato le ho bala athe Hlelo o rata dipapadi le ho intsha.
Ba na le difolete tse ntle sebakeng se le seng mane Ekurhuleni, empa hangata ha ba intshe mmoho ntle ho ha ba tswile ka mosebetsi.
"Ha re se ho Twinz, motho ka mong o iphelela bophelo ba hae," ho bolela Hlelo. "Ntando o rata meketjana - ke lakatsa ho bula sekolo sa boitshwaro." Empa dikamano tse tiileng pakeng tsa bona di tla dula di le teng...
"Batho ha ba ntlhokomele ha ke le mong. Empa ha re le mmoho, bohle ba a re bona mme ba batle ho bua le rona. Ke sona se etsang hore re ikgethe haholo hara ba bang."
