sotho.2641.bec success
Boloka nako
HO bololoka nako ho etsa hore o kgone ho qeta mosebetsi ka nako, o qobe kgatello ya ho etsa mosebetsi ka motsotso wa ho qetela. Ena ke karolo ya bobedi ya sehlooho sena sa ho boloka nako.
1. Ho hlophisetsa kopano
Mona re bua ka kopano e tla tshwarwa ke wena esitana le eo o tlamehang ho ya ho yona. Ipotse hore ekaba kopano eo e hlile e bohlokwa.
Ya bobedi, haeba ke wena ya tla etella kopano pele, hlophisa tsohle e sa le nako.
Hlophisa lenaneo la dintlha tsohle tseo le tla bua ka tsona, hlophisa nako ya ho qala le ho kwala kopano. Ntlha e nngwe le e nngwe e hlophisetse nako ya yona. Netefatsa hore batho ba bohlokwa ba a tseba ka kopano mme o ba nehe lenaneo la kopano e sa le nako hore le bona ba tsebe ho itlhopisa.
2. Nako kopanong
Tsamaisa kopano ka ho ya ka lenaneo la yona. Neha ba bang monyetla wa ho ntsha maikutlo a bona, empa o se ba dumelle ho tswa lekoteng.
Hlophisa motho ya tla nka dintlha ka mokgwa wa metsotso kapa wa ho ngola feela dintho tse tlamehang ho etswa.
Dintlha tseo di tlameha ho romelwa bathong bohle e le hore ba tle ba tsebe ka tsona. Le tlameha ho di lekola kopanong e latelang ho netefatsa hore motho ohle o entse mosebetsi wa hae.
3. Ho ya kopanong
Haeba o ya bakeng sa motho ya itseng kopanong, ela karolo eo ya hae feela.
Sebedisa ditsela tse kgaoletsang tsa ho ya kopanong o tsebe ho sallwa ke nako ya ho etsa mosebetsi wa hao wa kantorong.
4. Disebediswa tsa ho boloka nako
Re bua ka dintho tse kang diary le khomputara.
Tshwaya tseo o seng o di entse.
O ka arolwa ka ho ya ka dikgwedi, dibeke kapa ona matsatsi. Di tshwaye ho ya ka ho di qeta ha hao. Moralo wa teng o tlameha ho hlakisa matsatsi ao karolo e itseng e tlamehang ho etswa ka ona o hlakise le letsatsi leo mosebetsi kaofela o tlamehang ho phethelwa ka lona esitana le motho ya tlamehang ho o etsa.
5. Sebeletsa sebakeng se makgethe
Mosebetsi o etseha ka bonolo sebakeng se hlwekileng.
6. Iphe kgefutso
Hona le matsatsi ao ka ona re sebetsang le ka nako ya kgefutso. Ha re a tlameha ho itlwaetsa sena jwalo ka ha kgefutso e le bohlokwa bophelong le boithabisong ba rona.
Ho a sa iphe kgefutso, tseba hore ho teng se sa lokang. Hlahloba ka moo o hlophisang mosebetsi wa hao ka teng. Haeba o atleha ho etsa jwalo, ipotse hore na ebe ha o ikimetse.
Ekaba o hloka ho thuswa-
7. Qoba ho sebeletsa lapeng
Qoba ho nka mosebetsi o ye le ona lapeng. Iphe nako ya ho phomola, sena se tla nyolla morolo le kgala ya hao mosebetsing. [s]
BONA SESOTHO - September 2006
KA HODIMO: Joyce Skefu ya neng a tsamaisa lenaneo la letsatsi.
KA TLASE: Ditho tsa Empowerment Club di ne di thabetse letsatsi.
Taste the soul of Africa...Taste success with Mageu Number 1
Dikgau tse bitswang The Mageu Number 1 Small Business Awards di reretswe ho kgothatsa, ho putsa le hona ho bapatsa dikgwebo tse nyane babading ba BONA. Tlhodisano ena e tla nka dikgwedi tse 12 ho tloha ka Mphalane 2005 ho ya ho Mphalane 2006. Ba fihleletseng makgaolakgang kgweding ka nngwe ba tla phatlalatswa ho BONA.
Bahlodi ba tla phatlalatswa moketeng wa mabenyane mane Johannesburg ka Pudungwana 2006.
Se lebale ho kgorametsa bonyane barcode e le nngwe ya Mageu Number 1 kenelong ya hao ka nngwe mmoho le dintlha tsa hao.
O tla tlameha hape ho kenya le dintlha tsa kgwebo tse kang, boholo, sebaka, o hlalose le hore ke ya mofuta o fe - o rekisa dijo kapa ke spaza, jwalo jwalo-
Dintlha tse ding mmoho le ditlankana tsa ho kenela di a fumaneha ho Website:
www.empowermentclub.co.za
Ho romellwa yona ka fekese letsetsa Wellington ho
011-883-8829
(dihoreng tsa mosebetsi)
