sotho.2639.KB
KB Motsilanyane o ne a qete dilemo tse pedi a kgefuditse a hlile a kgathetse matla - empa jwale, o kgutlile sekwele
pale ka PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
mekgabiso le moriri ka BONGI MLOTSHWA
'Beyoncé o nthoba pelo!'
KB o boya sekwele
E NE E le nyakallo le thabo feela nakong eo ngwanana enwa a neng a fihla KZN. KB o ne a fihle mona KZN a fihlela lebopong le ka leboya dihoranyana pele a qala ho nka ditshwantsho tsa pale ya SABC1, Mtunzini.com.
"Kaofela ha dibini tsa Joburg di a rata ho etela lebopong!" ke yena a ntse a tsheha. "Ho monate mona Thekong. Motho o dula nako e telele a ithabisa."
O ke ke wa kgolwa hore o qetile dilemo tse pedi kaofela a sa etse mosebetsi ona wa hae.
Jwale o kgutlile mme o qetile dihora tse tsheletseng ka pela khameha ho tjhesa, a bile a na le letoto la dikopano pele a ka phetha letsatsi la hae. Ntle le moo, KB hape o entse tumellano le ba ha Revlon.
"Re mo kgethile ka lebaka la botlenyana ba hae," ho rialo Toni Shuping wa ha Revlon. "Re tshepa hore o tla hapa maikutlo a basadi ba sa leng banyane ba Maafrika Borwa."
Empa ngwanana enwa ya motle ha a tshwane le karolo ya Phaphama eo a e bapalang ho Mtunzini.com.
"Ke a leboha!" ke KB eo. "Ka nako e nngwe ho ba boima ho bona phapang pakeng tsa Kaybee le karolo eo a neng a e bapala paleng ya Backstage. Batho ba bangata ba nahana hore ke ebe ke bapala karolo ya bophelo ba ka hobane ke hlahella moo ke le sebini - athe e ne e le papadi feela."
O ne a tlohe ho Backstage nakong eo a neng a bona hore ha ho sa le phapang pakeng tsa bophelo ba hae ba nnete le ba papadi.
"Eitse ha ke kgutlela papading hape, ka rata ho fumana karolo e tla bontsha babohi bokgoni ba ka mme karolo ya Phaphama e nepahetse haholo." O ne a tlameha hore e be jwale o se a nyetswe, empa ka lebaka la mathata dikamamong tsa hae, kajeno o iphumana e se e le mmakgwebo, a leka ho bokeletsa bophelo ba hae.
"Ka bobedi re a tshwana jwalo ka ha re le batho ba ratang dintho tse nepahetseng, empa nna ke bonahala ke le beterenyana ho mo feta," ke KB hape," a ntse a leka ho hodisa moriri wa hae o neng o fotholwe ke moloho nakong eo a neng a le ho Backstage.
Ho boya sekwele ho nkile KB nako e telele jwalo ka ha ho ne ho se ho fedile dilemo tse pedi kaofela balatedi ba hae ba mo hlolohetswe - ka sena o ne a leka ho bontsha ba ratang ho ba dinaledi hore ho bohlokwa jwang hore motho a ipatle a iphumane pele a ka tsepamisa maikutlo a hae nthong.
"Mona o tlameha ho tia ha o batla katleho, pele ke ne ke fokola," ke yena eo. "Ka 2003, KB o ne a fumaneha hohle, diyalemoyeng, dikoranteng, ho TV esitana le dipapatsong tsa dibaesekopong. Seo se ne se phakise ho fela."
KB o ne a inkele qeto hore o rata ho kgutla ka mokgwa o feng - e leng seo e leng mokotaba wa mosebetsi wa hae. O ne a mengwe ke e mong wa bomphato ba hae bonaleding ho tla ho Divas Unite Against Hunger, e neng e eteletswepele ke Beyoncé. Jwalo ka dibini tse ding tsa Afrika Borwa tse kang TK, Tamara Dey, Bianca Le Grange le Poseletso, KB ntho e nngwe le e nngwe o itokiseletsa yona.
"Ke ne ke hiri batjeki ba bitsang. Ha le a dumellwa hore le bine ka bolona, le ne le tlameha ho bina le pina, athe o sa lebale hore ba e kgaola leha e le ha jwang feela!
"Athe hape le sebaye sa teng se ne se le senyane - karolo e kgolo ya sona e ne e sebediswa ke Beyonce.
"Ba ne ba mo etse mofumahadi ka rona. Ba ne ba sa re tsotelle - re ne re sa dumellwa ho ba moo sebayeng ha re ne re qetile ho bina, re ne re tlameha ho itshunyatshunya hara letshwele la babohi.
"Ke ne ke hlapele ho a batang, ka re ha ke phete ke sielana sebaye le naledi ya matjhaba." Empa hobaneng batshehetsi ba hae ba Jozi ba ipotsa hore na o ne a hlahelle ho Arts Alive ngwahola ka Loetse?
"Ba ne ba mmakatse ka potso eo," ho rialo KB. "Ho tloha nakong eo re neng re qala ho kopana le bona, batshwari ba bona ba ne ba re amohele ka hlompho.
"Ba ne ba re lefe tjhelete eo re neng re e kopile. Ba ne ba amohele moifo oo wa ka wa ditho tse 29. Re ne re dule hoteleng e le nngwe le Busta Rhymes mme dibini tsohle tsa kopana mmoho kopanong le boraditaba. Nka re re ne re fumane seo re neng re sa se lebella."
Le KB ka boyena o ne a fumane seo a neng a sa se lebella jwalo ka ha motswari wa Eve a ne a kope hore ba bine mmoho moketeng oo.
"Sena se ne se bontsha bokgoni ba dibini tsa Afrika Borwa meketeng. Beyoncé e tla dula e le naledi ka lebaka la tshehetso eo a e fumanang - haeba re sa tsetlallele ho ipeha maemong ka borona, ba tla bolela ha re se na bokgoni." Nakong eo KB a neng a sa ntsane a kgefuditse, o ne a hlokomele hore o ne a tshwana le popae, e etsiswang sohle seo mang kapa mang a batlang hore e se etse. A sa nehwe monyetla wa hore a itlhahlobe hore yena o thabile ka dipina tsa hae kapa tjhe.
"Ke tlameha ho tseba ho bolella batho ba haufi le nna hore ebe sena se ka ntshebeletsa kapa tjhe hobane ke a tseba ba hloka ho utlwa maikutlo a ka," ke yena eo.
Ntho e etsang hore KB a kgone ho bua ka mokgwa ona, ke boiphihlelo ba kgwebo boo a bo fihletseng dilemong tsena tse mmalwa. Ba ne ba thehe Mathemo Records a ena le moratuwa wa hae Terry Pinana, eo a mo ngollang bongata ba dipina tsa hae mmoho le motshwari wa hae King "Beatmaker" Phatedi-Mphahlele.
"King o nthutile hore ha ke a tlameha ho amohela mesebetsi yohle eo ke e nehwang, o re ke tlameha ho ipotsa hore na e be ke a o hloka, le hore na o ntoketse kapa tjhe," ho hlalosa yena.
"Ena ke keletso e molemo."
KB ha a rate ho ipona e le motho feela, empa o rata ho ipona e le letshwao le bolelang letho bathong ba bangata - ho tsa ditlolo, dikoloi, dikhampaneng tsa feshene le ho bahlahise ba mmino.
"Ke a tseba hore ho teng ba nang le bokgoni ho mpheta, ka hoo, ke tlameha ho hlokomela bokgoni ba ka," ke yena eo. Ke lakatsa ha sebini kapa sebapadi sa bolo se ka tseba hore se bitsa tjhelete e ka bang R10m pele motho a ka inehela dithethefatsing.
"Dibapadi tsa bolo di tlameha ho hopola hore di fumana bokae ka papadi, le hore ba ka hapa dikhampane tsa batshehetsi jwang ka bokgoni ba bona. Ka hoo ba tlameha ho ipeha maemong a fetang ao ba leng ho ona." KB o ne a hape kgau dikgaung tsa mmino tsa ha Metro FM ka 2002 le 2003 ka tatelano le ya SAMA hona ka 2002, empa KB ha a ka a ba motlotlo haholo ka seo. "Empa eo ke e hapileng ngwahola dikgaung tsona tsa Metro FM, e ne e nthabise haholo ho feta tsohle! E ne e se ya ka ke le mong, empa bakeng sa ka le moifo ohle, dibini, batjiki, ba di-video le motho ohle ya bileng le seabo maemong ao ke leng ho ona.
"E ne e le lekgetlo la pele ke lliswa ke thabo." [s]
BONA SESOTHO - April 2006
KA HODIMO: "Bongi o mo ntlafatsa sefahleho!"
KA HODIMO HO LE LETONA: O mmobeng... (Top: Woolworths; borikgwe: Stuttafords; masale: Simply Divine.)
BONA SESOTHO - April 2006
u
Mmino o kelellong ya hae
KB o ne a qale ho bina le sehlopha se seng sa kwaito, mme o re, "ba ne ba bolela ha e le sebini sa R&B ka albamo ela ya hae ya pele, Beautiful Vibrations, ba ne ba tlamehile ho rialo hobane dipina tsa hae tse ngata e ne e le tsa R&B!"
Albamo ya hae ya bobedi, Rock Lefatshe, e ne e bontsha ho sekamela mminong wa Rock, ha El Musica, yona e sekametse ho latino. Empa KB o re, "Ke sa ipatla hore ke o feng morethetho oo e hlileng e tla ba wa ka."
O rata ho mamela dibini tse kang Letta Mbuli le Mary J. Blige - mme tse kang Handel's Messiah tsona di mo hlatswa pelo.
"Batswadi ba ka ba rata mmino wa classic athe bana beso le bona ba a bina," ke yena eo. "Ke bolela le motjhanaka ya dilemo di robong feela, o se a kgona ho etsisa mantswe ao a thothomelang a Messiah."
SE SEHOLO: "Ke a phomola hang ha ke fihla lebopong," ho rialo KB. (Top: Woolworths; borikgwe: Stuttafords; masale: Simply Divine.)
LE LETSHEHADI: O motle... (Top: Woolworths; sekete: Stuttafords; sefaha: KZNSA Gallery; masale: Simply Divine.)
t
O boela meetlong
Ho boela ha Keabetswe Saulspoort, moo a tswaletsweng teng ho ya lokisa mabitla a baholo ba habo, e ne e le ntho ya bohlokwa ho yena.
"Ho ikopanya le lelapa ke ntho ya bohlokwa - seo ke setshabelo se dutseng se o hlokometse," ke yena eo. Ke ntse ke thabela ho bona nkgono yane ya neng a ntse a ntshapa ha ke ne ke tswafa ho ya sekolong kapa hona ho kga dilamunu ha hae - ke ntho e monate ha o bapisa le ho ya reka pakana lebenkeleng." Ka hoo, e ne e be ntho ya bohlokwa hore a kenyeletse le thothokiso ya lelapa albamong ena ya hae e ntjha, The Roots, moo a binang le mmae.
"Ho ka itseba hore ke mang, ke kgolwa hore ke tlameha ho tseba hore na ke tswa kae, ka hoo, ke bone ho le molemo ho etsa seo ka thothokiso pineng eo.
BONA SESOTHO - April 2006
Ba ne ba re tshwere jwalo ka dikatana!
QETELLONG LE LETSHEHADI: "O! Metsi a monate" (Top: Woolworths; borikgwe: Truworths; mabenyane: Simply Divine; dieta: ke tsa KB'.)
LE LETSHEHADI: "Ke a e rata tulo ena!"
