sotho.2636.finance (advice cover)
KGATISONG ENA: 80 Fumana mosebetsi wa ditoro 82 Natefelwa ke meketjana ya mosebetsing 84 Mekgwa ya ho hlola HIV le EITSI 86 Temo: o ka jala neng
88 Keletso ya molao 89 Tseba ka diselefoune 90 Dikoloi 92 Re bua ka ditlhare
94 Botsa Sis Sarah 95 Dinaledi 96 Dikeletso tsa batswadi 98 Batjha: re bua le Fat Charlie 100 Dikamano: 10 Dikeletso tsa ho kopa mohope wa metsi
mekgwa ya ho
baballa karete ya mokitlane
Mokgwa wa ho sebedisa karete ya hao ya mokitlane ka nepo...
BATHO ba bangata ha ba sa di sebedisa dikarete tsa bona tsa mekitlane ka matla jwalo ka ha sekgahla sa tswala se sa tswa hlwa mekwalaba dilemong tsena tse fetileng. Empa haeba o ntse o rata ho sebedisa karete ya hao nakong ena ya Keresemese, hlokomela...
1. TSEBa HORE O NA LE BOKAE
Nakong eo o neng o fumana karete ya hao ya mokitlane, ba bankeng ba ne ba o bolelle hore ba o nehile mokitlane wa bokae, ke bolela tjhelete o ka e sebedisang.
Ha o ka fetisa tjheleteng eo, motjhini o tla hana ho amohela karete eo ya hao. Leha o e hanne jwalo, empa o ntse o tla lefa tjhelete ya kotlo.
Ho molemo ho dula o tseba hore o kolota bokae e le hore o tle o se ka kena sefing sa ho fetisa tekanyetso eo ba o nehileng yona. Haeba o se na bonnete ba hore tekanyetso ya hao ke bokae, ikopanye le banka.
2. LEFA KA NAKO
Lefa tjhelete ya kgwedi le kgwedi ka botlalo jwalo ka kgwedi. Hangata, ba o neha dikgwedi tse pedi pele o lefa mokitlane wa hao.
Tswala ya tjhelete ya karete ya mokitlane, e hodimo ho feta ya tjhelete o e kadimang bankeng, empa ho ba le matsatsi a mahlano ao ba o nehang ona ao haeba o lefile pele a feta, o sa lefisweng tswala. Matsatsi ao, a a ngolwa lengolong leo ba o romellang lona kgweding le kgwedi le bontshang hore o kolota bokae. Ha o sa nepe, ikopanye le banka ya hao.
Ho lefa sekoloto sa karete ka karete e nngwe, ho kotsi. Qoba sena, o rale ditjhelete tsa hao hantle.
3. BOLOKEHA
Sireletsa karete ya hao mashodung ka hore o e saene mme ha e le mofuta ona o motjha o nang le nomoro ya lenyele, o se di boloke mmoho. Ha o fumana e ntjha, e saene ka potlako mme ya kgale o e pome dikotwana.
Hlahloba lengolo leo ba o romellang lona kgwedi le kgwedi, ho ka etsahala hore ho be teng e mong ya sebedisang karete ya hao o sa tsebe mme haeba o ka kgona ho hlakisa hore ha se wena ya neng a e sebedisa, ba tla o kgutlisetsa tjhelete eo. O tlameha ho tlaleha taba e kang eo hanghang ha o e hlokomela.
Ka lebaka la bonyofonyofo bo kang bona esitana le boshodu, dula o na le nomoro ya ho tlaleha boshodu le bonyofonyofo mohaleng wa hao wa letsoho le mokotleng wa tjhelete [s]
Pale: Patricia McCracken (Tse ding dintlha: Visa, MasterCard le Virgin Money)
RE A O HLAHLELLA e hlophisitswe ke Patricia McCracken
