sotho.262.surfer
O a sesa!
O boetse temeng
Ho pongwa leoto ha ho a thibela moshemane enwa ho boela a palama maqhubu
pale ka CONNIE MASINGA
E NE E re ha ngaka ya hae e mmolella ditaba tse bohloko - "ha ho ka mokgwa, re tlameha ho o poma leoto" - se neng se fihle kelellong ya Bongani Xulu ke hore: "nke se kgone ho sesa hape." Leha ho le jwalo, ha a ka a ba a lahla tsebo leratong la hae la ho sesa.
Ho ne ho makale ba bangata ha ka mora dikgwedi tse mmalwa feela a di soka mane metsing, empa kgetlong lena ho a thella ka letlapa la Malibu.
Bongani o holetse Ballito, lebopong le ka leboya ho KwaZulu-Natal. Mmae o ne a sebetsa moo haufi le lewatle, ke ka hona Bongani a neng a qeta nako e ngata a le moo lwatleng.
Moo o ne a kgone ho kopana le disesi tse ding.
Bongani o ne a kgaohangwe ke kotsi le papadi eo a e ratang - e leng ho sesa. O ne a lemale kotsing ya koloi moo e neng e bake hore a qetelle a ponngwe leoto. O ne a utlwa mahloko a makatsang pele dingaka di ka mmolella hore ha ho ka mokgwa, o ne a tlameha ho mo poma leoto.
E ne e re ho ba a fole ka mora opereshene eo, ha a ka ba a kgona ho kgutlela metsing ha bobebe. "Ke ne ke tlameha ho arohana le ona," ke yena eo a ntse a sisinya hlooho.
"Ho ne ho hlile ho le boima," ke yena a ntse a bososela. "Ke ne ke lle bosiu bohle ha ke bona hore nke se hlole ke boela metsing."
Bohloko boo a neng a bo utlwa e ne e se ba mmeleng feela, empa o ne a bo utlwa le moyeng jwalo ka ha a ne a bona ditoro tsa hae di ba lerotho.
Ho ne ho mo nke kgwedi jwale hore a kgone ho sesa ka letlapa la Malibu.
Mokgwa ona jwale o ne o arohane hole le oo a neng a o tlwaetse wa ho sesa ka bolokolohi, jwale o ne a se a tlameha ho sesa ka letlapa. E ne e ka o qala papadi eo a sa e tsebeng.
Ke kgothatso ya metswalle le lerato la hae la lewatle le kgothaditseng Bongani hore a fihlele toro ya hae - a boele e a ipone a thella hodima maqhubu a lewatle.
Empa pale ya ha e felle moo! Ka mora moo, Bongani o ne a be moahlodi ditlhodisanong tsa ho sesa mme jwale a hahlaula dinaha tse kang Brazil, Australia le Portugal moo a neng a be moahlodi ditlhodisanong tsa teng.
"Jwalo ka motho ya kileng a sesa, ke a tseba se hlokahalang papading ena," ke yena eo.
Jwalo ka ha Bongani a qeta nako e ngata moo lewatleng, re ne re mmotse hore na ha ho e mong wa lelapa labo ya ratang ho hata mehlaleng ya hae papading ena.
"Tjhe. Ke na le abuti wa ka, Sandile, empa yena ke motho wa dikhomputara," ke yena a ntse a tsheha. [s]
3RD PAGE O/FLOW HEAD (IF NECESSARY):
