sotho.2628.parenting
GREAT STOCK!
BONA SESOTHO - May 2006
e bokeleditswe ke NONI KHUMALO
Botswadi
tataiso e tla o thusa
Kgweding ena re tla shebisisa ho se tshwarehe hantle boimaneng, mathata a lesea le sa
robaleng, molemo wa ho bapala le dikeletso tsa ho boloka tjhelete. Natefelwa!
DIPHETOHO tsa boimana mmeleng di ka nna tsa eba monate empa mathata a hlokang kalafo ke ona ao ka nako e nngwe a sulafatsang bophelo ba boimana. Ke tsena tse ding tsa dikeletso tse ka o thusang...
uLesokolla: Le atisa ho ja setsi matsatsing a ho qetela a boimana, ha lesea le se le hodile le tletse mpa. Ho ja dijo tse nyenyane tse nang le phepo e phethahetseng kgafetsa ho ka thusa mme le lesea.
Phema dijo tse babang le tse mafura mme o buisana le ngaka ya hao pele o ka nwa moriana ofe kapa ofe wa lesokalla.
uHo nyekelwa ke pelo: Ho atisa ho fela ha o kena dikgweding tse nne empa ka nako e nngwe ho ka tswelapele ho fihlela motho a beleha.
Dula o ena le dijo tse ommeng jwalo ka dibiskiti tsa ginger le bohobe bo omelletseng hobane di a thusa
uHo hlohlona ha letlalo: Letlalo le tla hlohlona hobane le a sarolloha. Ho nwa metsi a mangata le ho itlotsa ka ditlolo tsa mongobo ho ka thusa ho le nolofatsa. (Buisana le ngaka ya hao ha le hlohlona tlolo ya molao hobane e ka nna ya ba ho na le mathata sebeteng e leng se atisang ho etsahala boimaneng.)
uHo tsekela hlooho: Di ngata dintho tse ka etsang hore motho a tsekele hlooho ha a imme.
Ho robala ka lehlakore le letshehadi ho thusa hore madi a phalle kapele ho ya pelong ho thibela hore motho a se akgehe.
Ha o sa kgone ho paqama, kenya hlooho pakeng tsa mangole. Ha o ema, o etse hoo butlebutle.
Se dule nako e telele o sa je kapa o sa nwe metsi mme o tlohele eng kapa eng eo o e etsang ha o utlwa modikwadikwane. Leba ngakeng ha modikwadikwane o tsamaisana le mathata a mang asele.
uHo ruruha maoto le maqaqaila: Tsamatsamaya hanyenyane hore madi a tsebe ho phalla, o nwe metsi a mangata. Leba ngakeng ha a se a ruruha ho feta tekanyo mme le sefahleho le matsoho le tsona di ruruha hape o tshwerwe le ke hlooho.
uHo pipitlelwa: Ho tlwalehile ka lebaka la diphetoho tsa di-hormone. Eja dijo tse nang le ditlheferetsi mme o nwe le metsi a mangata, o ikwetlise leha o ka tsamaya feela ho otlolla maoto. Se nwe meriana e hlephisang mala hobane e ka o qetela metsi mmeleng.
uBohloko ba metswele: A hola ka matla boimaneng mme a atisang ho opiswa le ke ho tena boti e sa a lekaneng hantle.
Ho se tshwarehe hantle ...
Ya bomme le bontate...
Bontate ba baimana
Bontate ba bangata ba a tseba ha ho ena le seo ba lokelang ho se etsa boimaneng. Ke nnete lesea ke la hao le wena ka hoo o lokela ho ba le seabo monateng le bohlokong ba boimana ba lona.
Ho bohlokwa ho ya ditliliniking tsa baimana. Teng o rutwa sohle ka maemo a bophelo ba lesea la hao le lefatsheng leo le phelang ho lona, o le bone le hola ho tloha bonyenyaneng bo kang ba nawa ho fihlela eba motho ya feletseng.
Ditliliniki di ka o thusa hore o kgobe matshwafo ka ho o neha dikeletso tsa bohlokwa hore o dule o tseba sohle seo o lokelang ho se etsa ha mohatsao a kena tlung le ka moo o ka amohelang lesea ka teng. Eba ntate ya nang le tshehetso. Thusa mesebetsing ya lelapa hore moimana a kgone ho phomola.
Etsa hore a ikutlwe a ratwa haholoholo ha a thefulehile moyeng, e leng se tla dula se etsahala, mohlomong a hlomolwa ke ho tjhentjha ha mmeleng kapa a bona leseanyana la hae. Hape natefelwa ke ho utlwa lesea la hao le sisinyeha ka mpeng.
Preggy pains
Ho bapala ha lesea ke ntho ya bohlokwa haholo kgolong ya lona, mmeleng, kelellong le maikutlong a lona.
n Ntho e nngwe e makatsang ka masea, ke mokgwa wa ona wa tlhaho wa ka moo a tsebang ho sebedisana hantle ka teng le pele a tseba ho bua. Ngwana ya bapalang le ba bang, o fumana monyetla wa ho tseba batho, a ithute ho phela le bona, a arolelana dintho hape a utlwelane le bona.
n Bana ba tseba ho hlahisa maikutlo a bona papading haholoholo ha ba utlwile bohloko.
n Ba ithuta bokgoni ba ho laola mahlo, ho ema ba tsitse le ho sebedisa matsoho. Ho bapala ka mafolofolo ho theola kgatello hape ho thuse ngwana a se none tlolo ya molao.
n Bana ba rata ho etsisa ha ba bapala! Ho ya ka bona ntho yohle e ka etsahala.
n Ho ba le tjhebelopele ho thusa ngwana hore a hlokomele hore a ka kgona ho etsa ntho e ntle haholo ka dintho feela tseo ka nako e nngwe ba bang ba di lahlang.
n Ho bapala dikarolo tse fapaneng ho ba thusa ho ithuta ka mekgwa e fapaneng ya maemo a bophelo.
n Dipapadi tse kang marangrang le tsona di ba kgothalletsa hore ba nahane ka pele mme ba phakise ho nka diqeto. Hona ho thusa kelello ya ngwana hore e hole ka pele mme a tsebe ho ikemela.
Papadi ya
bana
BONA SESOTHO - May 2006
u
t
GREAT STOCK!
Hore le robale kae le hona neng"
ha monate hle
ho tseba mekgwa e ka o thusang
Masea a manyenyane a tsebisahala
ka ho se robale hantle. Ho bohlokwa
ho koeetsa lesea la hao ha monate.
Ke tsena dikeletso tsa bohlokwa...
A re bolokeng tjhelete...
Dikeletso tsa batswadi
PItlwaetse ho etsetsa ba lelapa la hao mofao. Ba ja hantle hobane o tseba seo o se kentse moo mme bana ba hao ha ba hloke ho tsamaya ba reka dijo tse se nang phepo tse rekiswang sekolong, tse bileng di bitsang haholo.
P Diaparo tsa boleng bo hodimo ha di bolele letho baneng ba banyenyane, ka hoo ho molemo ho ba rekela diaparo feela tse ba lekaneng hantle tsa boleng. Erekaha bana ba phakisa ho hola, ba bang ba tla siela baena ba bona.
P Reka dintho tseo o di hlokang jwaloka dintho tsa ho hlakola lesea ha o tsamaya - ha o le hae sebedisa cotton wool e mongobo ho le hlakola sefahleho le matsoho ka mora dijo bakeng sa ho reka dibibi tse ngata tseo o tla boela o lokela ho di hlatswa. Ala leleiri la kgale lehetleng ha o bohlisa lesea - ha o hloke ho sebedisa lesela le ikgethang, o ka sebedisa leha e le lefe feela leo o nang le lona.
BONA SESOTHO - May 2006
Robala
Lesea le lokela ho robala kae"
lPhaposing a masea: Ha se malapa ohle a kgonang ho ba le phaposi ya lesea haholoholo ha ntlo e le nyenyane hape o ena le bana ba bang. Ha o ena le phaposi ya lesea, se reke thepa e ngata hobane masea a phakisa ho hola. Hape o ntse o tla hloka ho dula o hlokometse lesea leo, ka hoo e lokela ho ba moo o tla le utlwa nako le nako ha le o hloka.
Ka phaposing ya hao: Ho robala le lesea ka phaposing ya hao ho molemo kaha le ba haufi.
Ka mpa kapa ka mokokotlo"
Dingaka hangata di kgothalletsa hore lesea le robatswe ka mokokotlo e seng ka mpa. Lesea le sa tswa hlaha ha le na mesifa e matla molaleng ke ka hona le sa kgoneng ho fetola hlooho ka ho rata ha lona. Ha le robala ka mpa, le ka hema ka thata mme le hlolwe le ho iphetoha, ha ho hlokahala.
Hape boramahlale ba bontshitse hore lesea le robalang ka mpa le phakisa ho futhumala tlolo ya molao mme le heme ka thata, e leng se ka nnang sa beha bophelo ba lona kotsing.
'SIDS' ho thweng ka yona"
Sudden Infant Death Syndrome (SIDS) - lefu le bolayang lesea hanghang, le tshajwang ke batswadi bohle. Leha sesosa sa lona se sa tsejwe empa ditsebi tsa bongaka di belaela ha le tsamaisana le ho tjhesa haholo ha mmeleng le ho bipetsana.
Lesea ha le hloke mealo ya maemo. Le hloka feela materase a thata hape a se leketlele ka mathoko. Le se robale haufi le dintho tsa ho bapala, tse kang dithapo kapa eng feela e ka nnang ya eba kotsi ho lona.
Dikobo tse kgolo di ka nna tsa le futhumetsa tlolo e leng se ka le etsang lehlatsipa la SIDS, ka hoo kobo ya masea e le nngwe feela ya tla be e lokile.[s]
Ya bomme le bontate...
PHa lesea le sa le lenyenyane, sebedisa maleiri a masela kapa a mefuta ya dipampiri empa a kgonang ho phetwa pele a lahlwa. Maleiri a dipampiri a bitsa haholo athe ho hlokahala a mangata hoo o ka qetellang o sebedisitse tjhelete e ngata ho feta ka moo o neng o lebelletse ka teng.
