sotho.2624.white family
Ho a swabisa hore ebe le dilemong tsena tsa bo 2000, ho sa ntse ho ena le batho ba bangata ba nahanang hore masofe ke thohako ya lelapa mme hape a lokela ho seollwa hara setjhaba...
Ba a kgethollwa
pale ka GLACIER NKHWASHU
ditshwantsho ka NEVILLE MAAKANA/NEWS FIRST
BASADI ba ne ba hlophisa dintho hantle. Ba fepe lesea ka lebese le nang le tjhefo, ha le hlokahala, ba le epele ka morung o ka thoko ho motse.
William Shipalana o ne a le dibeke di tharo feela ka nako eo. Ka lehlohonolo mmae a utlwa ka morero ona mme a baleha le leseanyana la hae a leba habo moo a neng a le hodisetse teng. Empa hobaneng ha sehlopha sa basadi ba hlomphehileng hakale se ka rera ketso e sehloho hakale"
Karabo ke: bosofe, William e ne e le lesofe.
"Mehleng ya pele, bana bao e leng masofe ba ne ba nkwa e le sesupo sa hore badimo ba halefile, ke ka hona ba neng ba bolawa hang feela ha ba hlaha," ho hlalosa mme e mong ya dilemo di 60. "Hoja e se ka mme, nka be ke ne ke bolawe ke sa le monyenyane."
Motseng wa habo wa Burgersdorp, haufi le Tzaneen mane Limpopo, e ne e le yena feela lesofe. Ho na le tumelokgwela ya hore moimana ha a ka sheba lesofe, o tla belehe lesofe. Ka hoo, baimana ba ne ba kgeloha tsela ha ba bona William.
"Pele, ke ne ke makala mme ke ne ke utlwe bohloko ka ba ka lla mohla mme a mpolellang lebaka."
William, ya sa kang a kena sekolo hohang, le yena o ile a kena bohlankaneng mme tsa fihla di sa hane dilemo tsa ho nyala. Empa leha ho le jwalo, ho ne ho se le ya mong ngwanana ya sebete hore a ka dumela ho ba mohatsae.
Ka le leng mofetakatsela a bolella mmae hore ho na le morwetsana wa lesofe ya motle motsaneng o thokwana le bona eo le yena a nang le mathata a ho se fumane mohlankana ya ka mo nyalang. Ba hlophisa hore batjha bana ba bonane.
"Ra ratana hang feela ha re qala ho kopanya mahlo," ho bolela William, mme a ba a re: "Kapa mohlomong ke hobane re ne re se na boikgethelo."
William ke yena feela eo e leng lesofe lapeng la habo mme mohatsae Salphinah, le yena ho jwalo.
Ba ne ba ena le dilemo tse 40 ba nyalane pele Salphinah a bolawa ke kankere ya letswele selemong se fetileng. Ya eba lesofe la pele la ho ba le phupu e kgolo ho feta tse kileng tsa eba teng motseng oo. Ho ne ho tlile makgolokgolo a batho hobane bohle ba batla ho tla ikgodisa. Lefu la hae ya eba sesupo sa hore ha se nnete hore masofe ha a shwe, a a nyamela.
Josias Shikwambana (80) ke e mong wa ba neng ba ile phupung eo. "Ke ne ke qala ho ya phupung ya lesofe," ho bolela yena.
William o dula a le mong jwale mane Burgersdorp, o phela ka tjhelete ya pei. O dutse a letsa katara. O tsebisahala ka hore ke 'lekgowa'.
Setjhaba sa Burgersdorp se amohetse maemo a William, empa bana ba hae bona ba phela ka thata. William le mohatsae ba hlohonolofaditswe ka masofe a tsheletseng. Ba bararo ba hlokahetse boseeng, ba bang ba hodile.
E mong wa bona ke Lindi Shipalana (36). Haufinyane o ne a le melomong ya batho ha a ne a itseka a re o tinngwe monyetla wa mosebetsi wa ho ba mookamedi wa hostele hobane feela e le lesofe. Lindi o ne a tshware setulo sena sa sekolong se Phahameng sa Setotolwane Elsen, sa Mashashane haufi le Polokwane ho tloha ka 2001. Ka mora diteko tse ngatangata, ha hirwa motho e mong selemong sena. O re mosuwehlooho wa sekolo o ne a mo bolelle hore ha a fumana mosebetsi oo hobane e le lesofe.
"Ke ne ke makale hobane ke ne ke entse mosebetsi oo dilemo tse nne kaofela ka bokgabane ke ntse ke le lesofe ho se tletlebo," ho bolela yena.
Nyewe ena e se e fetiseditswe lekgotleng le rarollang mathata a tsa mesebetsi, Commission For Conciliation, Mediation And Arbitration (CCMA). Lefapha la tsa thuto la Limpopo le lona le kenelletse tabeng ena.
"Ha re ne re hola, re ne re sa amoheleha hohang setjhabeng. Ke hopola ka nako eo re sa ntseng re kena sekolo hore re ne re hatellwa ho tjhentjha mmala wa moriri hore o be motsho o tshwane le wa bana ba bang."
"Ha ho letho le tjhentjhileng. Masofe a sa ntse a kgenthollwa hohle esitana le mesebetsing."
Moradi e mong wa William, Bettie, ke moimana empa ntata ngwana, o nyametse. "Eitse hore a tsebe ka boimana ba ka, a fela mahlong," ho bolela yena. "Ke mathata ao e sa leng re ena le ona ao ho tloha re sa le banyenyane. Banna ba a re rata empa ba tshaba ho bonahala ba ena le rona pontsheng ya setjhaba.
"Ba thabela hore re be le dikamano tsa sephiring e leng se bolelang hore re ke ke ra nyalwa. Ke e nngwe ya tsietsi eo masofe a phelang le yona lefatsheng lena," ho bolela yena.
BONA SESOTHO - December 2005
Mathata a bosofe
William lebitleng la ntatae le mohatsae Salphinah le ditho tsa setjhaba mmoho le bana.
Afrika Borwa, e ka ba ngwana a le mong hara ba 4 000, ba Maafrika ba tswalwang e le masofe. Nnete ke hore bosofe bo ama merabe yohle.
Masofe a kgethollwa hobane batho ba sa utlwisise maemo ana a bona. Mahlo, letlalo le moriri wa masofe ha a be le mmala hobane ba futsitse e mong wa ba leloko la habo bona ya se nang 'melanin' e lekaneng - eo e leng yona e tjhentjhang mebala mmeleng wa motho.
Hona ho etsa hore motho a be le letlalo le lesweu tlolo ya molao esitana le moriri le mahlo. Masofe a phela bophelo bo tlwaelehileng empa a na le menyetla e meholo ya ho hlaselwa ke kankere ya letlalo.
Batswadi bobedi ba ebe ba ena le di-genes tse bosofe ke ka hona ba qetellang ba bile le ngwana wa lesofe. Erekaha mmele o hloka sete ya di-genes, motswadi a ka nna a ba le ngwana eo e seng lesofe empa a ena le tsona di-genes tsa bosofe mmeleng wa hae.[s]
Ke maemo a itseng, e seng thohako
KA TLASE: William le katara ya hae eo a e ratang.
LE LETSHEHADI: William le ditho tse ding tsa setjhaba, tse mo ratang.
BONA SESOTHO - December 2005
