sotho.261.food safety (2)
BONA - August 2005
Latela mehato ena e bonolo ho sireletsa dijo tsa hao dinthong tse mpe bakeng sa polokeho ya hao le ya ba lelapa la hao...
MAKGETHE dijong ke ntho ya bohlokwa thibelong ya mafu. Hape pheha ka motjheso o nepahetseng.
Ha o reka dijo
uQala ka tse sa boleng mme o latele ka tse bolokwang sehatsetsing;
uQoba ho reka nama e pakaneng e dutlang;
uSe reke dijo tse feletsweng ke nako.
Polokeho
uTse bolokwang sehatsetsing di kenye teng hanghang;
uPheha kapa o boloke nama, tlhapi le minced meat e foreshe ka sehatsetsing matsatsi a mabedi; ya kgomo, nku kapa kolobe yona a mararo ho isa bohlanong;
uBoloka dijo tse bolang di phuthetswe;
uBoloka nama e le maemong a matle ka ho e phuthela ka foil ka sehatsetsing;
uDijo tse ka dikotikoting tse nang le acid jwalo ka tamati, dino tsa morara le paenapole di ka bolokwa dikgwedi tse 12 ho ya ho tse 18;
uTse se nang acid jwalo ka nama, tlhapi le ditholwana di ka bolokwa dilemo tse pedi ho ya ho tse hlano - ha kotiktoi eo e ntse e le maemong a matle, e bolokilwe sebakeng se phodileng, se hlwekileng se bileng se ommeng. Lahla tse kgobehileng, tse dutlang kapa tse mafome.
Ho di lokisa
uNako le nako hlatswa matsoho pele le ka mora ho thetsa dijo;
uDijo di se tswellane. Boloka nama e tala le tlhapi ka makgethe. Ka mora ho kgabela nama, hlatswa matsoho, thipa le sethebe ka sesepa le metsi a tjhesang.
uHlwekisisa dithebe ka ho di inela metsing a nang le kgabana ya bleach.
Ho qhibidihisa le ho etsa leqhwa
uSehatsetsi: Se kgona ho qhibidihisa dijo tse leqhwa butle mme hape ho bolokehile.
uMetsi a batang: Hore e qhibidihe ka pele, e kenye ka polasitiking e sa dutleng. E kenye metsing a batang mme o nne o a tjhentjhe kgafetsa. O phehe nama eo ka pele ka mora hore e qhibidihe.
uMicrowave: Pheha nama hanghang ka mora ho e qhibidihisa ka microwave.
Masalla
uLahla masalla a dijo a dutsing dihora mofuthung wa ntlo.
uDi boloke sehatsetsing kapa ho freezer.
uSebedisa masalla a dijo matsatsing a mane. [s]
Polokeho ya dijo
Dikeletso tsa mopheho
