sotho.1160.epilepsy
Seo o tlamehang ho se tseba ka...
SETHWATHWA
Ithute ka bohloko bona mme le wena o nke karolo tharollo ya bona!
pale ka GRACE KHUZWAYO
Ke eng eo
Sethwathwa se bakwa ke ho se sebetse ka nepo ha khemikhale e bolokang boko bo sebetsa. Se ka tshwara batho ba dilemo tsohle.
Motho ya nang le bohloko bona, o atisa ho akgeha kgafetsa. Ha bohloko bona bo fihla, mokudi o wa fatshe, a raharahe, mahlo a kweletse mahlo, a dutle mathe.
Ana ke maemo a tshosang - ho mokudi esitana le ba haufi le yena. Ke ka hona ba bang ba bolelang hore batho ba nang le sethwathwa ba ebe ba kenwe ke moya o ditshila.
"Sethwathwa ke bohloko bo tlwaelehileng mme motho a le mong ho ba lekgolo o na le bohloko bona," ho hlalosa Matshediso Mohapeloa wa Epilepsy South Africa.
"Tsela eo ho buuwang ka yona ka bohloko bona, e etsa hore mahlatsipa a bona a se lokolohe ho bua ka bona.
"Malapa a nang le batho ba jwalo a a e pata taba ena hobane a tshaba hore ho tla thwe ba 'louwe.'
"E nngwe taba e etsahalang ke ena ya hore ngwana ya nang le bohloko bona ba lelapa la hae ba a mo pata hobane ba tshaba hore ba tla tlotlolloha ha bohloko bona bo mo qala a le sekolong.
"Le sekolo le sona se ka qetella se hanetse ngwana ya jwalo ho tla sekolong hobane ba bona hore ha ba kgone ho mo hlokomela.
"Ha se sethwathwa se bakang mathata, empa mathata a maholo a bakwa ke tshabo
Se alafuwa jwang
Ba bangata ba bo thotofatsa ka ka kalafo e fumanehang dingakeng le mafapheng a tsa bophelo bo botle.
Ho entswe dipatlisiso tse ngata ka lefu lena dilemong tse ngata mme jwale bohloko bona bo se bo kgona ho laoleha ka dipersente tse 80, ka hoo, re leboha dipidisi tseo tse sebediswang.
Sethwathwa sena se etsahala ka mekgwa e fapananeng, ka nako e nngwe se ba matla ka nako e nngwe se otle hanyane feela mme se alafuwa ka ho arohana ho ya ka sekgahla le mofuta wa sona.
O mmona jwang motho ya nang le sethwathwa
Hore ho tle ho kgonehe ho bonahala hore o na le sethwathwa kapa tjhe, o tlameha ho hlakisa hantle mokgwa le tsela eo se etsahalang ka yona. Hape sena se tlameha ho hlaloswa ke motho ya bang teng ha sena se etsahala, e seng mokudi ka sebele feela. Motho a ka hlahlojwa la ho etsa diteko tsa madi kapa bona boko.
O ka thusa jwang
"Tsebo ke matla!" ho rialo Matshediso Mohapeloa. "Leka ho fumana dintlha ka bohloko bona ho ena le hore o nne o seolle ba nang le bohloko bona. "Ho amohela maemo ao a bophelo le ho dumela ho sebedisa kalafo ho molemo.
"Ho ba le tsebo ka thuso ya pele ho bohlokwa haholo e le hore o tle o tsebe ho thusa motho ya hlaselwang ke sethwathwa. Haeba o na le bohloko bona ba sethwathwa, kapa o tseba motho ya jwalo, kopanang le etse mokgatlo wa tshehetsano.
Seo o ka se etsang ha motho a shwa sethwathwa
Ho bohlokwa hore o theole moya o se tatasele.
O ka thusa ka hore:
u O behe hlooho ya motho eo mosamong;
u O tlose dintho tse kotsi haufi le yena;
u O se ke wa mo tshwara;
uMo robatse hantle hore a kgone ho hema;
u Mo lebele ho fihlela a hlaphohelwa;
u Mmolelle se ileng sa etsahala ho yena;
u Se mo kenye letho ka hanong.
Haeba a sa phakise ho hlaphohelwa, kopa thusa ya ngaka ka potlako. [s]
BAKENG SA DINTLHA TSE DING: Letsetsa Epilepsy South Africa ho 0860-374-537 bakeng sa dikeletso le mekgatlo ya tshehetsano e haufi le wena.
BONA SESOTHO - May 2007
LESHANO
Ha se nnete hore...
Bakudi ba sethwathwa ha ba bohlale jwalo ka batho ba bang;
Ba ke ke ba phela bophelo bo tlwaelehileng;
Sethwathwa se a tshwaetsana;
Sethwathwa ke kotlo e tswang ho Modimo;
Sethwathwa se bakwa ke meya e mebe.
NNETE
Ke nnete hore...
Sethwathwa ha se lefu la kelello
Sethwathwa ha se tshwaetsane;
Batho ba bohloko bona ba ntse ba itshebeletsa hantle feela;
Baneng ha ba ntse ba hola, le bohloko bona bo ya bo ntse bo fela;
Sethwathwa se ka tshwara leha e le mang;
Sethwathwa ha se thibele katleho ya batho ba kang Jonty Rhodes le Vusi Mahlasela.
BONA - January 2007
