sotho.2616.career
Mesebetsi e metle
INDASTERI ya dibanka e se e fetotse mawa haholo dilemong tsena. E fetile nako eo ka yona o neng o ke ke wa kgona ho bona motshwari wa banka.
Matsatsing ana, o ka kgona ho bonana le motshwari wa banka leha e le neng feela mme le yena o dutse a tsetlallela hore bareki ba fumane ditshebeletso tse ntle. Dibanka kajeno le tsona di kene tlhodisanong ya kgwebo, di tsetlallela ho fumana batshehetsi ba bangata ba batjha le ho fumana mekgwa e metle ya ho bapatsa le ho tshepahala ho bona.
Dibanka di se di fana ka ditshebeletso tse ngata tse kang tsa motho ka mong, tsa kgwebo, tsa kopanelo esitana le tsa bahwebi. Hara ditshebeletso tsa teng, re ka bala akhaonto ya karete ya sekoloto, ya ho boloka tjhelete, ya tjheke, ho kadimana ka tjhelete ya ho reka koloi, motse, ho ithuta, esitana le ho banka ka Internet.
BONA e buisane le ba bang ba basebeletsi ba banka ya ha ABSA mona Thekong ba bileng le mamello e kgolo ho fana ka tlhakisetso ya ka moo dibanka di sebetsang ka teng.
Motshwari wa bankeng eo, Themba Mathe, e se e le dilemo tse 18 jwale a sebetsa indastering ena mme o re o se a bone diphetoho tse ngata ho yona. "Nakong e fetileng, batho ba ne ba tshaba ho kena bankeng ba kope motshwari wa banka.
"Kajeno, dibanka di hlokometse hore batshehetsi ke bona marena a tsona. "Jwalo ka dibanka, re leka ho fana ka thuso ditlhokong tsohle tsa batshehetsi esitana le ho kwala sekgeo se bulehileng nakong e fetileng."
Xolani Mthembu, ke motshwari wa sehlopha se tsamayang se rekisa ka ditshebeletso tsa banka, KZN. O ne a qale ho sebetsa ka 1995, e le tlelereke bankeng ya ha ABSA ka mora ho qeta sehlopha sa hae sa leshome.
Xolani o ne a sebedise bohlale ba hae, a iqalla projeke ya hae, a tsamaya a etela dikolo, a leka ho hlahisa barutwana leseding ka ditshebeletso tsa bankeng. "Ke bona ho le bohlokwa hore motho a tsebe ka ditshebeletso tsa bankeng ho tloha a sa le monyenyane."
Xolani thahasello ya hae e ile ya mo tswela molemo. Kajeno projeke e se e atlehile hoo a seng a na le sehlopha seo a se etellang pele, se yang dikolong esitana le dikgwebo tsa mona KZN moo ba tsamayang ba rekisa le hona ho bapatsa ditshebeletso tsa bankeng.
Yolisa Bukaphi eo e leng tlelereke ya ditshebeletso tsa bareki, o sa sebeditse mona bankeng nako e ka tlase ho selemo feela, empa jwale o se a sebetsa ka botlalo. Hape o se a kgonne ho qala ho etsa dithuto tsa industrial psychology.
Mosebetsi wa hae o moholo ke ho thusa bareki mathateng a bona. Ho ba kenyetsa kopo ya ditjhelete tsa ho reka matlo, ho bula diakhaonto tsa boipolokelo ba tjhelete, karete ya sekoloto esitana le ho fana ka ditlhakisetso le ha e le tsa mofuta ofe feela. Yolisa o qala a hlahlobe hore na moreki o hloka eng pele a ka mo fetisetsa ho mosebeletsi ya tla mo neha thuso eo a e hlokang.
"Dinako tseo re bang maphathephathe haholo ka tsona ke ka mafelo a beke esitana le nako ya dijo tsa motsheare," ho rialo Yolisa. Jwalo ka ha e le yena ya amohelang bareki, Yolisa o bona mosebetsi wa hae e le o nang le phephetso e kgolo. "O tlameha ho sebedisa bokgoni ba hao, o netefatse hore moreki wa hao a se nahane ho ya bankeng e nngwe! Ke a kgotsofala kamehla ke mosebetsi wa ka ha ke thusa bareki ba ka mme ke ba bolokela tjhelete ya bona.
"Re a hlokomela hore tjhelete ke ntho ya bohlokwa bophelong ba bareki ba rona, ka hoo, re netefatsa hore bonyane boo ba nang le bona bo bolokeha ka nepo ba be ba fumane le keletso e ikgethang.
"Ke lakatsa hore ka le leng le nna ke be mosebeletsi ya eletsang bareki kapa yena motshwari wa banka, empa ha jwale ke sa kgotsofetse moo ke leng teng. Ke fumana boiphihlelo hape ke ithuta le dintho tse ntjha nako le nako."
Menyetla ya mosebetsi
Lena ke lekala le leholo le nang le menyetla e makatsang ya mesebetsi. Re ka bala:
information technology (IT); human resource development (HRD); marketing; financial services; credit lending; treasury, le legal services, ha re bala tse mmalwa.
Mesebetsi ya maemo a tlase o ka kenang ka yona bankeng re ka bala: ho thusa batho ba ntshang le ba kenyang tjhelete bankeng, tlelereke ya tlhakisetso ya bareki, tlelere, ya tlanyang khomputara mmoho le akgente e hopotsang ba kolotang ho lefa dikoloto tsa bona.
O ka letsetsa banka o e ratang ho botsa hore na dikgeo ba a di phatlalatsa kapa tjhe.
Dikgeo tsa mesebetsi ya nakwana dibankeng, e ka fumaneha diakgenteng tse batlelang batho mesebetsi. Haeba o loketse mosebetsi ona, o ka kenya kopo mme oo e ka ba ona monyetla wa ho kena indastering ena.
Ho hlokahala eng
Dibanka tse ngata kajeno di se di hloka hore batho ba be le diploma kapa yona degree mesebetsing eo ba e hlokang. Diploma kapa yona degree ho marketing, e ka o tswela molemo ha o batla ho nka lekala la sales marketing moo bankeng.
National Diploma In Banking e a fumaneha dikolong tse ding tse ikgethang.
Dibanka hape di ka nna tsa hlwaya le baithuti ba nang le sehlopha sa leshome feela mme di ba rupelle ka botsona. Barutwana bao ho hlokahala hore ba be le dithuto tsa mathematics le accountancy dithutong tsa bona mme hape ba di pase bonyane ka (symbol D).
Moputso
Meputso e fapafapane jwalo ka ha lekala lena le le leholo. Ba maemong a tlase, ba ka amohela R5 000 ka kgwedi mme R15 000 ho ba maemong a hodimo.
BONA SESOTHO - October 2005
KA HODIMO: Themba Mathe, ke motshwari wa banka ya ABSA mane Thekong.
KA HODIMO HO LE LETONA: Mosebetsi wa Yolisa Bukaphi ke ho fana ka ditlhakisetso ho bareki.
Xolani Mthembu, Motshwari wa sehlopha sa ABSA Bank Mobile Sales sa KZN, o etsa dipontsho.
T
Ho hlokomela jhelete ya ba bang
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
Menyetla ya mosebetsi bankeng e mengata ho ba ratang ho sebetsa teng
BONA SESOTHO - October 2005
Moo o ka fumanang dintlha
National Diploma In Banking e ka fumaneha:
Cape Peninsula University Of Technology: 021-460-3911;
Central University of Technology, Free State: 051-5073-911;
University Of Johannesburg:
011-406-2911.
Technikon SA (o bala ka ngollano): 011-670-9000. [s]
