sotho.2614.health (2)
Tsa bophelo
NNETE:
Motswako wa Afrika wa Bakteria
Yogurt e tswakilweng hantle, e kaba tharollo letshollong le mathateng a mala bathong ba lefu la EITSI mme hape e ba neha menyetla ya mosebetsi, sena se fumanwe ke dipatlisiso tsa Dr Kingsley Anukam wa Lefapha la Pharmaceutical Microbiology mane Yunivesithing ya Benin mmoho le Professor Gregor Reid, radipatlisiso wa Canada wa Development Centre for Probiotics. Bakudi ba ka nwang 100ml ya yogurt e nang le bakteria ena e bitswang (probiotics) ba ka alafeha mathata a ka mpeng matsatsing a mabedi feela. Dr Anukam o sa tswa bolela mane kopanong ya bona ya matjhaba e bitswang International Union of Nutrition Sciences Conference e neng e tshwaretswe mona Thekong, o ne a re sena se tla neha batho ba hlophehileng monyetla wa kgwebo.
NNETE:
Sebete ke sona setho se seholo le se boima ho feta tsohle dikahareng tsa motho.
Mmele wa hao o tsamaisa madi a ka bang dilitara tse 5,5 mme nako le nako ha pelo e otla, e pompa madi a ka tlalang kopi.
Sebedisa diborele
Diborele ke sesebediswa sa feshene - ke e nngwe ya dimpho tsa bophelo Afrika Borwa mme di sireletsa letsatsi. Mahlasedi a letsatsi a kotsi haholo, ke sesosa se seholo sa mathata a mahlo lefatsheng. Ka hoo, sireletsa mahlo a hao, ena ke tlhokomediso e tswang ho ba ha International Healthy Eyesight Campaign, hore o sebedise diborele tse thibelang letsatsi ka botlalo.
Sebetsa o ntse o tsheha
Kgutlela mosebetsing o nyakaletse selemong se setjha ka ho hopola thabo eo o bang le yona le bamphato ba hao - hobane ho etsa jwalo, ho etsa le sebetse le moifo, athe hape ho theola le mokgathala, ho bolela Janet Holmes radipatlisiso wa dipatlisiso tsa Elsevier, mane New Zealand. O bua ka hore le sebetse le thabile le etsa metlae. O re ka ho ya ka dipatlisiso tsa hae, basadi bona ha dutse ba tshehetsana ba bile ba tshwarisana boswasing ba bona, athe banna bona ha ba etse jwalo, ba etsa metlae ho soma ba bang esitana le hona ho nka dintlha.
Dula o phetse le PATRICIA McCRACKEN
Eja ka nepo
Ena ke tharollo mathateng a maholo a tjamelaneng le Maafrika Borwa a fetileng dimilioneng tse 2,5 tse tshwerweng ke lefu la tswekere - ba tlameha ho hlahloba dijo tsa bona e be tse sa nyolleng maemo a tswekere.
Buka e bitswang Hilda Lategan's South African Cookbook For Diabetes And
Insulin Resistance (Tafelberg, R129) e na le mefuta e ka bang 230 ya dithatohatsi tsa dikhari, sousboontjies, di-muffins le dikuku tsa tjhekoleiti. Di a latsweha mme bohle lapeng ba ka di thabela esitana le ba tshwerweng ke lefu la tswekere. Re leboha Lategan, ka boiphihlelo ha hae ba dilemo tse 30 dijong, ka hoo, o ka thabela dijo, wa ipoloka o phetse hantle ka dinako tsohle. [s]
BONA SESOTHO - January 2006
