sotho.2611.teenjul
Mahlomahlong le Fat Charlie
Itsebe ngwanana
Basadi ba bangata ha ba tsebe ditho tsa bona tsa bosadi ka tshwanelo...
O KA NNA wa makala ho utlwa taba ena ka monna empa lona dikgaitsedi le baena, ho bohlokwa hore banna le bona ba hlome ka tsebo e feletseng ya ditho tsa bosadi.
Hape jwalo kaha basadi le bona ba se na tsebo e ntle ya ka moo setho sa bona sa bosadi se emeng ka teng, ho a totobala hore banna ba lefifing le letsho leha e le taba ya bohlokwa eo ba lokelang ho tseba ka yona.
Lebakabaka ke hore botona bona bo totobetse, bo bonahala ka bonolo. Athe setho sa bosadi sona ha se bonahale ka bonolo, mosadi o be a tlamehe ho sebedisa seipone hore a ipone hantle.
Ho bonolo ho bona dikarolo tse ka hare tsa setho sa bosadi ka seipone haholoholo ha o leka ho kenya tampon lekgetlo la pele," se boletse jwalo setsebi se seng.
Ke mmele wa hao mme ho bohlokwa hore o tsebe sohle ka ona. Empa hoo ha ho bolele hore o ka etsa seo kamehla.
"O ka nna wa hlokomela hore ho na le dintho tse tjhentjhang bosading ba hao ha o ntse o hola, mohlomong bo fiifale kapa bo hole kapa ho se be le phapang ya letho.
"Ho bohlokwa ho tseba mmele wa hao hantle, e le hore o tsebe ho o hlokomela ha ho ena le diphetoho tseo ka nako e nngwe di hlokang tlhahlobo ya dingaka empa o se tlwaele ho etsa seo tlolo ya molao, kapa o itjhebe feela ntle ho mabaka.
"Jwalo ka ha le difahleho tsa rona di sa tshwane, ho jwalo le ka ditho tsa rona tsa bosadi."
MALWEBE
Setho sa bosadi se ka tlase hanyenyane ho lesoba la moroto. Karolo e kantle ya malwebe e na le maboya. Ho boetse hape ka thoko ho yona ho na le dinamanyana tse bonojwana tse nyenyane. Bongata ba meralo ya setho sa bosadi e a lahlehisa, e entswe e ka karolo ena ke mokoti feela o bulehileng athe ha ho jwalo.
Dikarolo tse ka mathoko tsa setho sena di a thetsana. Di arohana ha feela ho ena le ntho e kenang pakeng tsa tsona. Ka nako eo, e a buleha hore e kene hantle ho sa kgathallehe hore e boholo bo bokae - ke ka hona botona ba monna bo seng bohlokwa hore bo boholo bo bokae.
NAWANA
Ena karolo e sebopeho e kang sa nawa kapa yona konopo e kgorametseng karolong e ka hare ya malwebe. E boi haholo mme ke yona e etsang hore mosadi a natefelwe ke thobalano, ha e bonahale hohang ntle ho ha ho ahlamisitswe setho sa bosadi.
Hantle le yona jwalo ka botona, nawana e na le di-tissue mmoho le methapokutlo e teteaneng. Ke yona ena eo e sa leng ho phehisanwa ka yona ka dilemo ho thwe ke yona e leotsang mosadi thobalanong.
Manollo ya yona ya pele e ne e qalwe ka 1559 ke Renaldus Columbus wa Padua, ya neng a kgathaditswe ke hore batho ba neng ba manolla setho sena pele ho yena ba ne ba siile karolo ena eo a neng a dumela hore ke ya bohlokwa haholo.
MOLOMO WA POLELO
Popelo e bolelele ba disentimitara tse mmalwa. E na le molomo o kang bolo e arotsweng hare.
Bohareng ba ona e na le lesobanyana le kenellang ka polelong. Ke lona lena leo dinako tsa sesadi di tswang ka lona.
Le a saroloha ka nako ya pelehi. Ke hona mona moo ho nkwang disele tsa ho etsa diteko tsa pap smear ho netefatsa hore mosadi o phetse hantle kapa tjhe. Molomo wa popelo tsa ba bang o boi haholo ho feta tsa ba bang.
LERO LA SESADI
Ha mosadi a lakatsa thobalano, ho ba le tlhala ka hara popelo e ntshang lero hore ha botona bo kena a se phumuhe. Empa popelo a dula a tswelapele jwalo ho ntsha lero ho itlhwekisa hore e se kenwe le ke tshwaetso.
Lero lena le fapana ho ya ka dinako tsa sesadi. Erekaha popelo ke karolo ya mmele, e tsebang ho itlhwekisa ka boyona - ho e hlwatswa ha ho bile ha ho hlokahale.
"Basadi ba ratang ho ikgafetsa ba ka etsa seo ka dietswa tse se nang maphoka," ho hlalosa ngaka e nngwe ya ditho tsa basadi. "Dintho di ebe di sa tsamaye hantle ha setho sa sesadi se nkga ekare ke serapa sa dipalesa hobane dietswa tseo di etswa ka dikhemikhale tse ngata hore di nkge - e leng se sa hlokahaleng.
Hlapa ka sesepa se seng bohale. Se iphumule ka thata hobane seo se ka utlwisa dinama tsena tse boi bohloko. Motho a ka sebedisa dietswa tse ikgethang mohlomong ha a ena le tshwaetso e itseng.
Ha o ena le lephoka leo o sa le rateng kapa o ena le lero le tswang le hlohlontshang letlalo, kapa le tsamayang le tjhentjha mebala, o lokela ho buisana le ngaka ya hao hobane ho ka nna ha etsahala hore ebe o na le tshwaetso.
Se kgathatseheng dikgaitsedi tsa ka - ha se hore mafu ohle a bosadi a kena ka thobalano, ka nako e nngwe o ka nna wa kenwa ke kokwanahloko feela kapa yona bakteria.
LESIRA
Batho ba bangata ba nahana hore lesira le lesobeng la setho sa bosadi empa ha ho jwalo, ke lera la mathe leo e leng karolo ya ditho tse kantle tsa setho sena. Lesira lena le di-tissue tse ngata tse molomong wa setho sa sesadi tse shebahalang ekare di leka ho se kwaela.
Ka nako eo lesea le sa ntseng le inngwe, setho sena se ebe se kwalehile hohang. Di-tissue tsena tse tshesanyane tse se kwalang, di qala ho aheha ha matsatsi a pelehi a atamela mme di etse lesira. Boholo ba lona le sebopeho di ya ka batho ho fapana.
Masea a mang a hlaha a se na lesira hohang. Bananyana ba bangata ba dilemong di ka tlase ho tse 20, lesira la bona le taboha ka nako eo ba bapalang dipapadi tse kang ho palama baesekele, ho palama pere le ho ikwetlisa ka thata. Athe hape le a taboha le ka nako eo motho a kenyang tampon.
Ngwanana ka nako e nngwe ha a hlokomele leha le taboha hobane ho tswa madi a manyenyane kapa a se ke a tswa hohang mme ka nako e nngwe ha ho be bohloko.
Ke lona lebaka lena le etsang hore lesira e se ke ya eba lona feela sesupo sa hore motho ha a so etse thobalano kapa tjhe. Ngwana o dula e le morwetsana ya feletseng ha feela a so ka a etsa thobalano hohang. [s]
BONA SESOTHO - July 2007
Tshwaetso e bitsang 'yeast'
Dipersente tse 80 tsa basadi di ba le mathata a ho kenwa ke tshwaetso ya mofuta ona. Leha e hlohlona ha bohloko mme ebile e tshwara motho hampe empa e alafeha ka bonolo.
Candida ke mofuta wa tshwaetso ena o fumanehang mmeleng wa motho empa ha mmele o phetse hantle ha e bake mathata.
Athe ha ditho tsa ka hare di se maemong a matle teng, mohlomong o ena le kgatello kapa bodutu bo tshabehang, kokwanahloko ena le yona e ka nna ya hlasela.
Sesupo sa yona se kenyeletsa le:
Lero le reberebe le lesweu empa le sa nkgeng;
Ho hlohlonelwa ha bohloko ka tlase;
Ho rota ha bohloko kapa ho utlwa bohloko thobalanong;
Ho retela ka tlase;
Leha ena tshwaetso e sa balellwa hara mafu a neheletsanang ka thobalano, empa motho a ka nna a tshwaetseha ka yona thobalanong. Phema thobalano ho fihlela o alafeha ka ho feletseng
Ho na le meriana e ikgethang ya ho alafa lefu lena. Ho boetse hape ho na le ditlolo tse fumanehang mabenkeleng a maholo tseo dingaka di ka o eletsang ho di reka ka nako e nngwe.
Ho alafa ho hlohlona feela ha ho a lekana. Ho hlokahala hore motho a boele a nwe le meriana e meng e tla mo thusa leha ho ena le setlolo seo a itlotsang ka sona. Se sebedise di-tampon hohang pele o alafeha. Di ka nna tsa monya le kalafo eo. Di-pad di tla o tswela molemo. Leha kalafo ya tshwaetso ena e fumaneha mabenkeleng, empa o se e nwe pele o eba le bonnete ba hore o fela o tshwerwe ke yona. Ikopanye le ngaka ya hao ha o ena le kgwao.
Mekgwa e meng e ka o thusang ho fokotsa menyetla ya tshwaetso...
Hlwekisa setho sa hao mme o etse hore se dule se phodile se bile se omme.
Se apare diaparo tse o tiisang jwalo ka di-jean le di-pantihose, tseo hape di tla o fufuletsa.
Tena dipenti tsa entsweng ka lesela hobane di otlisa ka moya.
Itlhakole hantle ka mora ho sesa kapa ho hlapa.
Itlhakole hape ha o qeta ho ntsha metsi o lebisa morao. Tshwaetso ena e ka nna ya fumaneha ka maleng mme ha o itlhakola o qala ka morao o ka nna wa e fumana.
BONA SESOTHO - July 2007
u
t
Lesira ha se sesupo sa borwetsana
