sotho.2607.hleb
Sebapadi se hlwahlwa sa Arsenal
O bapadisa ba bang
NTLHA e ne e le bohlokwa. Empa e seng bakeng sa papadi feela. Alexander Hleb o ne a hlabe ntlha papading ya bona ya Sontaha sa mohla la 12 Phato, moo a neng a fumane bolo a neng a e neheleditswe ke Cesc Fabregas mme jwale Arsenal ya hlokomela hore e mo fumane ya neng a tla kwala sekgeo sa Thierry Henry.
Lebitso la hae ha le feletse ke Aliaksandr Paŭlavič Hleb, mme ho ne ho bonahale hore e hlile o tla se kwala se kwalehe sekgeo sa Henry!
O hlahile mohla 1 Motsheanong, 1981. O tswa lapeng le fumanehileng. Mmae e ne e le moahi ha ntatae a ne a kganna dilori tsa peterole.
Belarus e ne e ntse e le karolo ya Soviet Union mme ka nako eo, ho ne ho le boima ho bile ho le kotsi mmusong oo.
Mohla la 26 Mmesa, ho ne ho qhome setsi se seng sa dikhemikhale Chernobyl Nuclear Power, se ka borwa ho Ukraine haufi le moedi wa Belarus. Ho qhoma hoo e ne e le ha bone mme ho ne ho ame le ditoropo tse haufi e leng se neng se qobelle mmuso ho tlosa batho dibakeng tseo.
Ntata Hleb, e ne e be e mong wa "baithaopi" ba neng ba ithaope ho ya thusa koduweng eo. "O ne a tsamaye dikgwedi tse tsheletseng kaofela. "Ho ne ho se ka mokgwa, o ne a tlameha ho tsamaya," ho rialo Hleb.
"Ba ne ba tlameha ho ya diha matlo a neng a anngwe ke koduwa eo, ao ho neng ho sa bolokeha hore batho ba dule ho ona."
Ntata Hleb ba ne ba sebetsa ba le 200 000. Ba ne ba se na le diaparo tsa ho itshireletsa, ka hoo, ba ne ba hahlamelehe.
Ho ntse ho so hlake hore na ba ne ba hahlamelehe ho le ho kae, empa, seo Hleb a se kgolwang, ke hore o ne a amehe haholo.
"Le kajeno o ntse a na le mathata a bophelo ka lebaka lena. Leha a bonahala a phetse hantle, empa o dutse a kgathatswa ke mmetso, o fokollwa le ke pono mme le mmeleng o a fokola."
Ntatae o ne a mo qoqela le ka dikgoto tseo ba neng ba kopana le tsona ha ba ne ba ntse ba diha meaho eo! Ho ne ho bonahala eo e le ntho e neng e mo qabola.
Samenteng
E sa le moshemane, Hleb o ne a bone ha ho wa lebota la tshepe la Russia - e ne e le pono e jwang? "Ke ne ke le dilemo di leshome ha sena se etsahala, ha nka ba ka bona phapang. Dintho tse ngata di ne ke hlaha ka bophirima," ke yena eo.
"Ho ne ho sa bolele feela ho fetoha ha dintho tse neng di le haufi le nna. Ke hopola ntate a tla lapeng le motjhini wa ho hatisa di-video, mme jwale re ne sa tlo hlola re ema meleng e melelele mabenkeleng.
"Batswadi ba ka ba ne ba thabile hobane jwale re ne re se re ikemetse. Empa hobane ke ne ke le ngwana, ha nka ba ka bona molemo wa diphetoho tseo."
Jwalo ka hona jwale, bophelo ba Hleb bo ne bo laolwa ke bolo.
O ne a qale ho bapala bolo sekolong - ba bapalla lebaleng la samente!
Leha a ne a bua ka boswaswi, empa o ne o a utlwisisa maemo ao a bona: "Re ne re dutse re lemala hobane re ne re bapalla sebakeng se thata.
"Ha le kgethihile re ne re thaba haholo hobane lehlwa le ne le le bonolo ha re wela ho lona," ke yena hape, "empa ha lehlabula le thwasa, re ne re tlameha ho reka tse ding dieta tsa bolo hobane tsa kgale di phumuhile di fedile.
"Bana ba bangata ba ne ba tlohele bolo ka lebaka la ho lematswa le lebala leo la samente. Hobane ke ne ke le monyane, ke le bobebenyana, ke ne ke sa lemale hakalo." Le hona jwale, bomphato ba hae ba ntse ba bapalla lebaleng leo la samente.
Stuttgart
Ha a ne a le dilemo di 17, Hleb o ne a nkwe ke sehlopha sa BATE Borisov, sehlopha sa feme ya dikatakata ka leboya ho Minsk. Selemong sa hae sa pele, ba ne ba hape liki ya lehae. Talente ya hae e ne e kgahle ba bangata, mme ka lebaka leo, ka 2000, o ne a lebe sehlopheng sa VfB Stuttgart
Tlasa leihlo le ntjhontjho la Felix Magath, eo e neng e le sebapadi sa mpeng, eo e neng e se e le motsamaise wa Stuttgart ka nako eo, Hleb o ne a phakise ho iponahatsa jwalo ka sebapadi se hlwahlwa. Ba ne ba qete sehla sa 2002/03 ba le bobeding ka mora Bundesliga.
Sehlopha sena hape se ne se hape Liki ya Bompodi e hlola Manchester United - e leng se neng se behe moshemane enwa maemong a matjhaba lekgetlo la pele.
E ne e re hoba Magath a lebe ho Bayern Munich, dintho tsa qala ho pota ho Stuttgart mme le Hleb le yena a qala ho tsoma makgulo a matalana.
Moshemane enwa wa mpeng, o ne a nkwe ke Arsenal, e neng e fihle ya mmapadisa ka ho le letona, e leng se neng se mmakele mathata.
Highbury
O ne a fihle ho Highbury bekeng eo ka yona Patric Vieira a neng a tsamaile ka yona ho leba ho Juventus. Leha Arsene Wenger a sa ka a bolela letho, empa balatedi bona ba ne ba be le mohopolo wa hore Hleb o ne a tlo kwala sekgeo sa Vieira moo ho Arsenal.
Ka mora dibeke, balatedi bao, ba qala ho swaba. Hlebe o ne a sa kgone hohang ho kwala sekgeo sa Vieira. Mona jwale e ne e se Belarus.
"Mona bolo ya teng e a potlaka" ke Hleb eo. "Ho ne ho le bobebe Jeremane. Papadi ya teng ha e potlake ka mokgwa ona.
"Mona motho ha a fumane le nako ya ho nahana."
Le ho lamala ha hae lengoleng ha a ne a bapalla sehlopha sa naha ya Belarus, ha ho ka ba ha baka mathata leha a ne a dule dikgwedi a sa bapale.
Ho ne ho tlale menyenyetsi e bolelang ha Hleb a ne a lohotha ho boela Jeremane, empa Hleb o ne a tswelepele le Arsenal. Ka Tshitwe 2005, o ne a bapale hora kaofela papading ya Bompodi ba EUFA kgahlano le Amsterdam mokgahlelong wa dihlopha.
Ka Pherekgong, 2006, o ne a boele hape a bapala kgafetsa.
Leha Hleb a dumela hore o ntse a hopola Jeremane, empa jwale o thabela ho bapala moo ho Arsenal. "Stuttgart ke torotswana," ke yena eo. "Ho ne ho kgutsitse, ho rena kgotso.
"Empa ke a tshepa hore batho ba Englane le bona jwale ba thabile!"
O dutse a swaswa ka ho tuma. "Ke dutse ke intsha bosiu ho se mang ya tla nne a ntsotelle," ke yena eo. Batho ha ba hlanye hakalo ha ba mpona, empa ba dutse ba ntakaletsa mahlohonolo."
Boitshwaro
Mane Belarus, Hleb jwale o ne a se a qala ho itshwara bohlaswa, a amohela moputso o hodimo, a rata basadi, a kganna le koloi tse pele. Kotsi a neng a e fumane ka Audi ya hae mane toropong ya Minsk, dilemong tse pedi tse fetileng, e ne e mmule mahlo mabapi le bophelo ba hae. Kotsing eo, e mong wa bapalami koloing eo a neng a thulane le yona, o ne a hlokahalle sepetlele.
Leha a ne a bapadile makgetlo a fetang 30 sehlopheng sa naha sa ba dilemo di ka tlase ho tse 21 sa Belarus, a ba a hlaba le ntlha ya pele papading ya bona le Hungary ka Mmesa 2002, eo ba neng ba e hape ka 5-2, Hleb o ne a nyatswa ke balatedi le ke mokapotene wa mehleng wa naha ya Belarus, Surgei Gurenko ka hore o ne a sa sebetse ka matla papading tsa hae tsa naha.
Leha ho le jwalo, Hleb o ne a bonahala e le yena mothehi wa menyetla ya dintlha.
Re ka etsa mohlala ka hore ho Stuttgart, o ne a hlabe dintlha tse 13 feela dipapading tse 137, empa ha o shebisisa papadi ya hae mpeng mona, o a bona hore ke yena ya neng a fepela diforose ka dibolo bakeng sa dintlha.
"Ke ne ke tlameha ho hlaba tse ngata," ke yena eo, "empa ho tloha ke sa le ngwana, maikemisetso a ka lebaleng, e ne e le ho thehela ba bang menyetla ya dintlha. Ena ke ntho e mading ho nna." [s]
BONA SESOTHO - October 2007
Mabala a samente, dikgoto le diqhomane, tseo tsohle ke tseo Alexander Hleb a holetseng ho tsona...
O a mmona! Hleb o papading kgahlano le Newcastle.
LE LETSHEHADI KA TLASE: Hleb ha a atise ho hlaba dintlha, o thehela ba bang menyetla ya tsona.
BONA SESOTHO - October 2007
pale ka ISAAC KWELA
u
t
Ke thabela ho thehela ba bang menyetla
