sotho.2603.yrlifeguide_talk
Angie Diale o hlalosa ka moo lebitso le ka bang le seabo ka teng bophelong ba hao
Lebitso le bolelang
Ba re bitso lebe ke seromo. Ke ka hona bophelo bohle ba hao bo itshetlehang ka hore o thabela bophelo jwang. Sena se ya ka kgollo ya batswadi, thuto, kereke, moetlo, metswalle, baahisane le seo o tshepelang ho sona ha o ntse o hola.
Lebitso la ka Angeline le bolela ho ba jwalo ka lengeloi: ke mathata kapa tlhohonolofatso?
Ke hotse ntate e le yena a re bolellang seo lelapa le tlamehang ho se etsa, hore re ye kae le hore metswalle ya rona e be bomang. Tlhapa le morusu e ne e le bophelo ba rona.
Ka ho le leng mme le yena o ne a kene ka tsa kereke. Ho kenella ha mme ho ne ho theha kgotso jwalo ka ha a ne a sa dumele ha ntate a re hlekefetsa.
Ka lebaka leo, ke ne ke sireletsa mme le kgaitsedi ya ka e nyane ha morusu o qala. Ntate ke ne ke mo hlompha, empa ka nako e nngwe ke ne ke mo toba, o ne a mmamela (hobane ke ne ke le ho fela ha moradi wa hae) hobane ke tshwana le mofu mme wa hae.
Leha ke mo hlompha, empa ke ne ke fumane sebete sa ho mo toba ka diketso tsena tsa hae. Nkgono e ne e le tshika ya ka bophelong, e le mohlala ho nna, ntho e nngwe le e nngwe o ne a e nka ka mokgwa wa Bibele mme seo se ne se nkahe kelellong. Ha ke ne ke hlabehile, ke batla ho lwana, o ne a tlwaetse hore, "Ekaba lengeloi le ne le tla etsa jwalo ka wena? Hopola hore le wena o lengeloi."
O ne a etsa hore ke kgaotse, ke inahane pele ke etsa kapa ke bua ntho eo ke tla ikwahlaya ka yona ha morao.
Ka ho rialo, o ne a nkgopotsa hore ke lengeloi le neng le nthuta ho ba motho ya hlokomelang, ya tshwarelang le ya kgothatsang ba bang. Nkgono o ne a nthute ho thusa batho ba qabaneng hore ba tshwarelane.
Ha batho ba qabana, ba hlokofala moyeng, ba hloke kgotso mme nna ke tla leka ho ba thusa hore ba tshwarelane, kgotso e rene.
Ke a kgolwa hore bathong ba bangata ho ba boima hore ba hlahise maikutlo a bona ka se ba kgathatsang, haholoholo tse amanang le bona.
Ke a e leboha kgothatso ya nkgono mme ke dutse ke leka ho boloka kgotso ho ba bang leha nna ke holetse maemong a bohloko. Sena se ne se mphetole, ka sheba tse ntle ka bophelo.
Lebitso la ka le bolela tlhohonolofatso mme ke leka ka hohle hohle ho phela ho latela lona. Wena?
LEBITSO LA HAO LE BOLELANG
Mabitso kaofela a na le moelelo, haeba o sa tsebe la hao, le fuputse.
Botsa batswadi ba hao hobaneng ba o rehile lona.
Ekaba lebitso le aha motho, ha ho le jwalo, ka mokgwa o fe?
A teng mabitso a tshwanang dipuong tse fapafapaneng? A na le moelelo o tshwanang?
A ko shebe batho ba tummeng bao o nang le lebitso le tshwanang le bona. Ekaba ho na le se tshwanang ka lona?
Ha ho ka thwe o tjhentjhe lebitso, o ka dumela? O ka ba mang, hobaneng?
O reheletswe ka e mong wa ba leloko? Ha ho le jwalo, o a tseba hobaneng?
O kile wa ba le kgatello ya
ho phela ho latela lebitso la hao?
O nahana hore lebitso la hao ha le a tlwaeleha, kapa ha le a ata? Ha ho le jwalo, hobaneng?
Nnete ke hore mabitso a rona a na le moelelo o ikgethang mme ha re ka latela meelelo eo, re ka phela hantle, re be batho ba molemo. [s]
Angie Diale
Le lengeloi le ne le tla etsa jwalo?
Ha re qoqe
