SOTHO.2599.ishmael
GHETTO RUFF
Ha a ya kgutlela maswana - o tlo thabisa matjhaba...
pale ka DOUG GORDON
ISH O kgutlile. Naledi ya mmino wa Rap Ishmael Morabe o kgutletse khampaneng e neng e mo etsetse setumo se seholo ho Prophets Of Da City le Skeem, mme jwale o se a le malala-a-laotswe ho tuma lefatshe ka bophara ka albamo ya hae e ntjha, Long Way Home, eo a sa tswa e phatlalatsa mane Yuropa ho MTV Base.
"Batho ba dutse ba ferekana ka dinako tsohle," ke yena eo. "Ke se ke fumane thuto ho seo, ke se ke fetile maimeng le manolong. Ke se ke le malala-a-laotswe ho etsa albamo ya mosollane."
Ho video ya albamo ya hae e pina e nngwe, My People - Ish o bonahala le dibontshi tse pedi Yvonne Phillips le Karabo Masedi.
"Ke ikemiseditse ho fetola basadi ba bangata ho tloha jwale," ke yena a ntse a tsheha. "Tlala e a mpolaya ha jwale, empa batshehedi ba basetsana ba bohlokwa."
Ke dilemo di 14 jwale ke le mminong. Khampane e ikemetseng ya ho hatisa, Ghetto Ruff, e neng e iphumanele Ishmael pele, e ne e lahlehelwe ke yena ka 2001, nakong eo a ikamahanyang le 999 ya Arthur. Kajeno molahlehi o kgutletse lapeng.
Haesale a lahlehile ngwana enwa wa lebatowa la Leboya, ya hotseng a mamela mmino wa Donny Hathaway le Stevie Wonder nakong eo a neng a thusa mmae tameneng ya hae.
Ha a le dilemo di 16, o ne a tjeka ditlelapong tsa Gauteng ho ka iketsetsa tjhelete. Ka 1991, o ne a fumanwe ke khampane ya Ghetto Ruff, e neng e mo kenye sehlopheng sa Prophets Of Da City (PoC).
PoC e ne e tume lefatshe ka bophara ka lebaka la dipina tsa yona tse neng di na le molaetsa wa sepolotiki nakong ya dikgetho tsa demokrasi tsa 1994. Ish e ne e be thatohatsi nakong eo re neng re rekise direkoto tse finyellang ho bilione ka selemo.
O ne a be le tjhelete, a reka koloi le pele a ba le mangolo a ho kganna.
"Ke ne ke e rata koloi ya mofuta wa Beetle," ke yena a tsheha. "Ke ne ke dula ke e pakile ka thoko ho ntlo hobane ke ne ke sa tsebe le ho kganna. Empa e ne e le letshwao. Ke hotse ke se na letho, empa jwale, ke se ke qala ho ba le letho. Ke ne ke dula ka hara yona ke letsetse mmino hodimo, ke ntse ke nahana ka bokamoso ba ka."
Naledi ena ya 1990, bophelo ba yona bo ne bo fetohe, ho tloha bofutsaneng ho tla boruing. Nakong eo a neng a ntse a le ho PoC, Ishmael o ne a thehe sehlopha sa Skeem se neng se rekise direkoto tse 100 000 ka Waar Was Jy" Ba ne ba be dihloohong tsa ditaba nakong eo ba neng ba qeta tumellano ya bona le khampane ya Amerika ya mmino, Sony Music ka ho hwanta ka pela dikantoro tsa yona ka lebaka la bonyane ba tjhelete eo ba neng ba e fumana.
Empa eitse hobane Skeem e hlolehe ho tla le setlabole se kang sa pele, Ish, a qala ho iketsetsa dialbamo tsa hae tsa mosollane.
Ya pele e ne etswe lehlabuleng la 1997, nakong eo kwaito e neng e qala -- "There is no place/Like Joburg City."
O ne a dutse a le ditlelapong, a sheba dintho di etsahala.
"Ke sena seo Joburg e se ratang," ho rialo yena. "Ke dutse ke tla mona ka mafelo a beke re tlo tjeka le Junior a neng a ye ho theha sehlopha sa Boom Shaka."
Ish e ne e le sebini sa sebele sa rap mme a dutse a rata ho dula a le makgethe ka dieta tse kang tsa mapantsula.
O hopola a sa le dilemo di 14, a robala a sa ja. "Ke ne ke lapile," ke yena eo. Ke ne ke phela ka ho kgaketswa ke baahisane. Ha ke na ditlhong ka tsela eo ke hotseng ka yona. Ke ka hona ke neng ke be motlotlo ha ke qala ho sebedisa tjhelete ya mofufutso wa phatla ya ka."
Ho hahlaula ha hae le Amerika le Yuropa le sehlopha sa Prophets Of Da City e ne e be thuto ho yena bophelong ba bonaledi. Ba ne ba bula dikonsarete tsa dikakapa tse kang James Brown le Fugees.
Pina ya Ish, Joburg City, e ne bontshe hore a ka kgona ho bina mosollane mme ya re ka 1999, a qala ho ipitsa E'smile mme a hapa kgau ya ho ba sebini se pele mminong wa R&B moketeng wa Dikgu tsa Mmino tsa Afrika Borwa ka pina ya Mi House. O ne a pannwe le dikakapa tse kang Mandoza, Zola le Kabelo, empa bokgoni ba hae ba etsa hore a ba sihe ka morao.
Albamo ya hae ya mmino wa bodumedi, Avulekile Amasango e ne e utlwahale albamong ya pale ya TV ya pele Yizo Yizo e neng e rekise dikhophi tse 100 000. Kajeno o se a kganna E-class Mercedes Benz.
"Ke thatohatsi ya ka," ke yena eo. Haesale ke e lakatsa ditorong tsa ka." Ke ka hona ke sa fetweng ke dimemo.
E kgolo ho tsona kaofela ke ya Arthur, ya neng a mo ntshe ho Ghetto Ruff, a tla bina, Roba Letheka e neng e tume ka 2002.
"Ke ne ke bone tswelopele ka ho sebetsa le Arthur ha ke bapisa le khampane ya ka ya kgale, ho rialo Ish.
"Ka mora Roba Letheka, ha ho ka ba ha ba teng se etsahalang ka bokamoso ba ka, ke bone ho le molemo ho kgutlela ho Ghetto Ruff."
"Ishmael o malala-a-laotswe ka bophelo ba hae, ho rialo motswari wa Ruff, Lance Stehr.
"Ha ho mang ya ka mo thibang ka talente ya hae. Ke ne ke mo nkele ho tla tjeka dilemong tse 14 tse fetileng, empa eitse ha a bontsha bokgoni mminong le ho ngoleng, ha bonahala hore o na le bokgoni. Ke thabetse ho kgutla ha hae, re tla tswelapele le ho thabisa lefatshe lohle le yena."[s]
Eish!
O kgutlile!
BONA SESOTHO - October 2005
O boya sekwele
LE LETSHEHADI: Ishmael o se a le malala-a-laotswe!
t
t
PAPI MORAKE
Eish!
Ish o kgutlile!
BONA SESOTHO - October 2005
LE LETSHEHADI: "Balatedi ba basetsana ba bohlokwa," ho rialo Ishmael, ya pakeng tsa Yvonne Phillips le Karabo Masedi.
