sotho.2596.yourworld_knowall
DITUMEDISO TSA SETSWALLE!
Babadi ba babedi ba ngotse mme ba botsa dipotso tse elellaneng, ka hoo, re rerile ho bua ka seo mona.
Bongani wa Bloemfontein o rata ho tseba hobaneng o tshwara motho ka letsoho ha o mo dumedisa, ha VC wa Mamelodi yena a rata ho tseba hore "high five" e tswa kae.
Ya pele: ho tshwarana ka matsoho. Sena se qadile nakong eo banna ba neng ba tshwara thebe le lerumo (kapa yona kwakwa). Ha ba sa tla ka ntwa, motho o ne a etla ba fihle e mong a tshware thebe ya e mong, motho o e tshwara feela hobane a ntse a e hloka ho itshireletsa. Ka mora moo, motho o ne a tshwara e mong ka letsoho lena le tshwarang lerumo ho bontsha hore ha a ya tshwara sehale.
Ho tloha hoo, ona e bile mokgwa wa ho dumedisana le hona ho lebohela motho, athe le basadi ba se ba o sebedisa.
Tabeng ya "high five," sebapadi sa baseball, Glenn Burke, o bolela ha e qadilwe ke yena dilemong tsa bo 1970. Empa ditsebi di bolela hore ha se yena mothehi wa yona, yena o ile a etsa hore e tume feela, empa ha e le yona, e qadile ka dilemo tsa bo 1870, e le mokgwa wa ho bontsha ho kgotsofala.
HAEBA BOFUTSANA BO HAKETSE, HOBANENG MMUSO O SA ETSE TJHELETE E NGATA?
DF, East London
Ho boima ho araba potso ya hao ka mokgwa o bobebe, empa ke tla leka. R50, ha e tshwane le pampiri feela e tlwaelehileng. Ke sekgetjhana sa pampiri se bitsang R50. Ke mang ya rialo? Ke mmuso. Mmuso o netefatsa hore sekgetjhana seo sa pampiri o lefang ka sona se bitsa lenane le ngotsweng ho sona. Hore ho tla jwang hore mmuso o netefatse seo, ke ntho e boimanyana, empa taba ke hore mmuso o ka kgona ho netefatsa palo e itseng ya tjhelete ena. Di jwalo ka tjhelete ya pampiri (le ena e lewahla,) ka hoo, re bua ka dibilione tsa diranta. Empa ha mmuso o qala ho etsa tjhelete e ngata ho feta eo o kgonang ho o tiisetsa yona, boleng ba tjhelete eo, bo a theoha.
Ha re etse mohlala ka hore moputso wa hao ke R70 000 ka kgwedi, empa lofo ya bohobe yona e bitse R20 000!
Ke ka hona mmuso o behang molao o boima o laolang hore ho etswe tjhelete e kae. Ha o qala o bona tjhelete e ntjha, ha se hore mmuso o se o rerile ho eketsa tjhelete, tjhe, o mpa o etsa tjhelete e tla kena bakeng sa ya kgale e seng e tabohile, e le matheba kapa e tsofetseng. [s]
DIPOTSO TSA HAO
Na ho na le dipotso tseo e sa leng o ipotsa tsona? O batla ho tseba hore ntho e itseng e etsahetse jwang, neng le hona kae? Ke mona moo o ka fumanang tse ding tsa dikarabo tseo e sa leng o di batla.
HOBANENG MASEA A WA KA HLOOHO HA A EWA, HA BATHO BA BAHOLO BONA BA WA KA DIBONO?
AG, Joburg
Sena se etswa ke matla a tlhaho. Karolo ya mmele eo matla a tlhaho a leng ho yona, e ba boima haholo. O se ferekangwe ke sena, ha re tla mmeleng wa motho, sena ha se etsahale bohareng jwalo ka ha ho tlwaelehile!
Bathong ba baholo, ho sa natsehe hore motho o boima ho le hokae, empa boima bo boholo bo karolong e ka tlase ya mmele.
Maseeng, boima ba tlhaho bo hloohong. Haeba taba ena o e nahantshisa hantle, o tla e hlokomela - hlooho ya ngwana e ba kgolo ho feta mmele. Ke ka hona ha masea a wa, a wa ka hlooho.
RE BOTSE: Na o na le dipotso tseo o ka di botsang? Ngolla ho: Miss Know-all, Box 32083, Mobeni, 4060.
