sotho.2590.quads
pale ka TEDDY GOMBA
BONA - August 2005
O ne a le dilemo di 47 ha a bolellwa hore o imme mme a omella ke letswalo - ka nako eo o ne a imme mafahla a mane...
Thabo e menahantsweng hane
KE DILEMO tse leshome a leka ho ima ho sa etsahale, Takalane Makapila (47) wa motseng wa Dzanani mane Nzhelele, Venda, o ne a se a tetse empa a tshoha ha takatso ya hae e phethahala. Ka nako eo o ne a imme, nkgono enwa wa ditlolo tse nne. O ne a tshohe haholo ha a utlwa hore o imme mafahla a mane.
"Ha ke ne ke bolellwa hore ke imme mafahla a mane, ke ne ke harohe letswalo. Ka ipotsa hore ke tla ba etsang bana ba bangata hakaalo. Ka re, ke tla ba fepang" Ke ba hlokomele jwang." Ke ba ise jwang dingakeng ha ba kula"" ho bolela yena.
"Empa tshehetso ya metswalle ya ka le batho ba bang, e ne e ntiise lengole mme ka ba le tshepo."
Tsela eo Makapila a neng a utlwe ka yona ka tsa boimana ba hae, e utlwahetse ka nako eo a seng a ba reha mabitso. Bana bana ba rehilwe mabitso a etsang polelo ka Sevenda. Ke Thama (motswalle), Rudzani, (kgatholoha), Khonadzeo (phethisa) le Adivhau (ho tseba mang). Ka nako eo a neng a ntshwa sepetleng sa Garankuwa George Mukhari ka mora ho pepa, Makapila, ya neng a se a sebeleditse Lefapha la tsa Temo la Limpopo dilemo 15 kaofela, o ne a ntse a ipotsa hore o tla kgona jwang ho tobana le bophelo bona ba hae bo botjha.
"Ka bona ho tla hlokahala hore ke hire motho ya tla hlokomela bana bana hobane ke tlameha ho kgutlela mosebetsing. Ke boetse hape ke na le ngwaneso ya ka nthusang ho ba hlokomela," ho bolela yena.
Ditsebi tsa kalafo di bolela ha tlhaho ya bana bana e le mohlolo feela mme hape ke rekoto ho tsa kalafo haholoholo hobane ha a nontshwa ka mokgwa wa maiketsetso. Hape ho boetse hape na le ba dumelang hore sebakeng sena sa Nzhelele ke moo ho etsahaleng mehlolo. Makapila le yena o ekeditse mehlolong eo. Ha a nyalwa mme o hlonepha meetlo ya habo ya Sevenda haholo hona hoo a sa rateng ho nna a bua ka diketsahalo tse fetileng tsa bophelo ba hae.
"Mohlomong ha nka bua letho ka yena, nka tloha ka senya bophelo ba hae," ho bolela yena ha a bua ka ntata bana ba hae. O bile o re ha a so mo bolelle le ka taba ya mafahla.
Empa sa bohlokwa haholo ho yena ke bokamoso ba bana ba hae. "Ke batla ba hole ba tsebe ho ntlhokomela le nna ha ke se ke tsofetse mme ke lakatsa eka ba ka ruteha ba tsebe ho ba le bokamoso bo botle." [s]
Ba re ke mehlolo ya kalafo
pale ka TEDDY GOMBA
setshwantsho ka STEPHANIE
OOSTHUIZEN
BONA SESOTHO - January 2006
Mme ya thabileng
