sotho.2589.baseball
Ba bapalla matlakaleng
BONA SESOTHO - May 2008
Leha lebala la bona le le haufi le thotobolo, papadi ena ya baseball e thusitse bana bana haholo - ya ba ntsha bofumeng
Ba boikwetlisong ba papadi ya baseball.
IKAMAHANYE
HO totobetse hore bofutsana bo ke ke ba sitisa katleho ya moshemane enwa ya dilemo di 16, Thembokuhle Majwede. Ha a natse ho ikwetlisetsa lebaleng leo le pela thotobolo - seo a se thabelang feela, ke ho fumana monyetla wa ho ikwetlisetsa papadi ena a e ratang.
Majwede o mokgelo baneng ba moo lekeisheneng. Bongata ba thaka tsa hae, di mabefi haholo ka bolo, e mong le e mong toro ya hae ke ho bapalla Bafana Bafana, empa Majwede yena ke e mong wa batjha lekeishene leo la Kapa ya ratang baseball haholo.
Majwede o bapalla sehlopha sa Philippi Angels, seo e leng sona feela sa lekeisheneng mokgatlong wa papadi ena mane Kapa Bophirima.
Sehlopha sena se ne se thehwe ke mokwetlise wa sona Nyameko Gabada nakong eo a neng a fallela Philippi a tloha Paarl.
Leha Afrika Borwa e na le sona sehlopha sa naha sa papadi ena, empa papadi ena e ntse e le maemong a tlase, leha ho le jwalo, sehlopha sa Philippi Angels se feta dihlopha tsa bolo tsa malekeisheneng a kang Langa, Gugulethu, Nyanga, Philippi le Khayelitsha hole jwalo ka ha se na le dibapadi tse ka bang 80 kaofela.
Leha ba hloka mabala a maemong, ba tlameha ho nka maeto a malelele ho ya mabaleng a matle, empa sehlopha sena se hapile kgau ya ba ka tlase ho dilemo tse 12 le tse 14 mokgatlong wa papadi ena Kapa Bophirima ka 2006.
Monongwaha, ba kgonne ho fumana tumello ya hore ho be teng dipapadi tse bapallwang lebaleng la bona la Marcus Garvey le Philippi.
Ba ne ba hape dipapadi tse nne ho tse tsheletseng tse neng di bapallwe lebaleng leo.
Mamello
Masixole Jack, o bapalla sehlopha sa ba ka tlase ho dilemo tse 16, ho bolela motswallae ya neng a mo kope ho tla kena ho Angels ka mora ho thehwa ha yona.
"Ke ne ke sa tsebe letho ka baseball, empa ka re ke tla ba le mamello hore ke ithute yona hanyane hanyane.
"Ke kene papading ena hobane ke rata ho ithuta ntho e nngwe e mokgelo."
Mpumelelo Fumba, ya bapallang sehlopha sa ba ka tlase ho dilemo tse 10, o re ba motlotlo jwalo ka ha dihlopha tse ding di dumetse ho tla bapalla lebaleng leo la bona le haufi le "thotobolo."
"Le a re swabisa le rona ka nako nngwe," ho rialo Fumba, ya seng a ena le selemo jwale a qadile papadi ena. E ne e mo kgahle ka mora ho e shebella nako e telele.
"Ke ikemiseditse ho bapalla sehlopha sa lebatowa pele nka bapalla sa naha," ke yena eo.
Leha Fumba, Jack le dibapadi tse ding ba bapalla lebaleng le seng maemong, empa batshehetsi bona ha ba bone lere lekgopo, ba dutse ba thoholetsa sehlopha sa bona motjhaotjhele.
Mtati o thabiswa ke ho bona morahae ya dilemo di 11 a bapala baseball.
"Re thabile, re se re kgona ho bona sehlopha sa rona se bapala lapeng," ke yena eo.
Maikemisetso
Ke sona seo Nyameko Gabada a neng a se pheheletse ka sehlopha sena. O ne a hlokomele hore bana ba ne ba solla hohle ka mora sekolo. O bona hore papadi ena e tla ba le kabelo e itseng batjheng ba setjhabeng seo.
"Bana ba bang ba atisa ho fihla mona ba lapile ba bang ba se na le dieta tsa ho bapala," ho bolela yena.
"Ho thwe ho otla bolo e nyane e mathang haholo ka molamu wa teng o monyane ke ntho e thata," ho rialo Ian Edelstein, molaodi wa mananeo a sehlopha seo.
"Papading ena, mamello, maikemisetso le boitshwaro, ke tsona tse tswalang katleho."
Ha ngwana a ka ithuta ho tsepamisa kelello papading, a ka kgona ho atleha ha bobebe!" [s]
PALE SANDISO PHALISO DITSHWANTSHO NEIL BANES / WCN
Mansurul'hag Peters (16) o tobane le bolo e moyeng.
Baseball ke bolo e otlwang ka molamu wa teng wa tshepe, e bapalwa ke dihlopha tse pedi tseo ka seng se nang le dibapadi tse robong. Dintlha di fumaneha ka hore sehlopha se otlang bolo se kgone ho otla bolo motho a mathe ho ya dihukung tse nne tsa lebala leo.
Lebala le na le dihuku tse nne tseo motho a tlamehang ho di potoloha.
E ntse batlile e tshwana le cricket, hobane bobedi, ho teng ba akgelang, le ba thibang.
Ha bolo ya hao e ka katjwa kapa wa e fosa makgetlo a mararo, o ya "tjheleng," mme o tswela ka thoko.
Ha o qeta ho otla bolo, o a matha o leba hukung mme le ba dihukung tse ka pela ya hao, le bona ba tswelapele ho ya ho tse latelang.
Hape motho a ka tjha ka hore ya thibang a mo thetse ka bolo pele a fihla hukung, kapa a kene hukung pele ho yena.
Ha o e otlile ya ya hole haholo, o a kgona hore o potolohe dihuku kaofela o be o kgutlele moo o qadileng mme e be o fumana dintlha tse ngata.
Jwalo ka ha sehlopha ka seng se ba le dibapadi tse robong, ha sebapadi se etjha, ho kena se seng, ho thwe ke inning, e leng se bolelang hore papadi ka nngwe e ba le di-inning tse robong.
THANDI ZULU
E bapalwa jwang
Ithute bolo ena ya Amerika
BONA SESOTHO - May 2008
BONA SESOTHO - May 2008
Baseball e ne e qale Amerika Leboya ka Selemokgolo 18, e qalwa ke bahahlaodi ba neng ba tswa Brithania le Ireland.
Ke Alexander Cartwright wa New York dilemong tsa bo 1840 ya neng a tjhentjhe "bolo e bonolo" eo ho neng ho bapalwa ka yona mme a kenya e thata.
E meng ya melao a neng a behwe nakong eo, e ntse e sebetsa le kajeno.
THANDI ZULU
Nyameko Gabada, mokwetlise wa sehlopha.
NA O NE O TSEBA?
"Ho ka atleha, o hloka ho tsebamisa kelello ya hao papading, o be le mamello le boitshwaro."
