ses.257.lifestyle
Re lapeng le BONA
BONA SESOTHO - October 2005
LE LETSHEHADI: Arthur le moradiae, Owami. Ngwanana eo ya dilemo di tharo o futsitse mmae, Queen Sesoka, leha ho le jwalo o thabela ho ba le ntatae.
LEMATI la karatjhe le a buleha, ha hlaha dikoloi tsa maemo tsa moetso wa Jeremane. Ke bolela di-BMW. E nngwe ya tsona e ngotswe "Arthur," ha e nngwe e ngotswe "Cry 999."
Ho a totobala hore jwale mampodi wa mmino wa kwaito o lapeng ha hae. "Arthur ha a rate ha batho ba bangata ba tseba moo a dulang hobane ha a rate ho kgathatswa hape ha a thabele le baeti ba bangata," ho bolela e mong wa bathusi ba hae.
"Ke kopa le se bolele hore o dula kae." Eo ke kopo ya Arthur Mafokate ka sebele.
"Ke rata hore aterese ya ka e dule e sa tsejwe," ke yena eo, "empa ho a makatsa hore ebe batho ba bangata ba a etseba moo a dulang leha ho le jwalo."
Arthur o dula Midrand. Ntle ho moo, o tjhentjhile motse o mong a o etsa studio sa hae sa ho rekota - se bileng se nang le sebaka sa ho robala!
"Ke sa dibini tse kgethang ho sebetsa bosiu kapa tse se nang dikoloi tsa ho kgutlela mahae ka mora ho bina meketeng ya bosiu," ho hlalosa Arthur.
Letsatsi le letsatsi o dutse a nyolosa a theosa ho tloha lapeng ho leba studio esitana le habo.
"Mme ke yena ya mphehelang, ke tlameha ho ya lapeng ho lata dijo," ho bolela yena.
Mmae ke yena ya tsebang dijo tse ratwang ke Arthur. "Ha ke rate dijo tse mafura kapa tse tswekere hobane ke na le diso ka maleng." ho bolela yena.
O rata nama ya kgoho e bedisitsweng le papa le mafi le dikuku. "Mme ke setsebi sa dikuku.
Lapeng, Arthur o rata phaposi ya hae ya ho robala haholo. "Ke a kgotsofala ha ke le ka hara yona," ho bolela yena. Empa leha ho le jwalo, o hanne hehehe hore re nke ditshwantsho esitana le ho nyarela feela ho yona. "Kamoreng ya ka ha ho kenwe, esitana le bao ke sebetsang le bona ha ba kene, o ithabisa le ho dula le metswalle ka phaposing ya ho phomola. Matsatsing ana ho dutse ho duma morethetho wa albamo ya hae e ntjha, Sika Lekhekhe.
Empa se neng se hape maikutlo a rona lapeng lena, ke dintho tsa teng tsa ho kgabisa - ditshwantsho tse bontshang tjhebeho ya basadi le bana.
Di tletse hohle ho tloha phasetjheng, maboteng le tlasa ditafole tsa kgalase. E ne e ka ba basadi ba robong bao re ba boneng le bana ba supileng.
"Ke rata bana ka pelo yohle ya ka," ho bolela Arthur.
"Ha ho poho pedi mona, poho ke nna feela," ho bolela mampodi enwa wa mmino wa kwaito.
O ile a re supisa ditshwantsho tse pedi tsa basadi ba rwetseng dinkgo tsa metsi. "Sena ke sehopotso sa ka moo basadi ba hlokomelang malapa a bona ka thata ka teng, ba ya didibeng ho ya ba kgella metsi."
A sa ntse a bua ka basadi jwalo Arthur, a phakisa ho re bolella hore moradiae, Owami, o tla tla mo etela hona letsatsing leo. O re o futsitse mmae, Queen Sesoka.
"Owami o dutse a ntjhakela nako le nako," ho bolela Arthur. Ngwanana enwa ya dilemo di tharo o natefelwa ke ho dula le ntatae haholo. O se a bile a fetotse bara ya ntatae, o bapalla ho yona mantlwane, o e tlatsitse dijana tsa hae le ditlhoko tsohle tsa mantlwaneng.
"O thaba haholo ha re se re kgabisa bobedi ba rona. Athe ke boetse hape ke rata haholo ha re shebelletse Yo-TV le yena, ke kgatholoha ha monate. O rata le ho bina: "O na le dintho tse ngata feela tseo a ka kgethang ho di etsa bophelong ba hae..."
O sa le monyenyane, empa lentswe la hae ekare la tswere.
Ntle ho mananeo ana a bana kapa Emzini Wezinsizwa, Arthur o boetse hape o rata ho shebella tsa dipapadi.
"Ke rata dipapadi haholo," ho bolela yena," O rata ho shebella mabelo a dikoloi, cricket, ho sesa, rugby esitana le ditebele empa bolo ya maoto yona e tswa pele. Arthur o rata "Sundowns, Kaizer Chiefs, Orlando Pirates le Brazil.
Arthur o re o tjhentjhile bophelo ba hae haholoholo tshebedisong ya ditjhelete. "Ke ne ke rata ho reka dintho tse bitsang mme ke rata le diaparo haholo. Empa ke tjhentjhile jwale. Ke se ke tena di-jeans feela."[s]
LE LETONA HODIMO: Tshepe le kgalase ditshwantshong tseo, di qetella botle mekgabisong eo.
LE LETONA TLASE: Letsha leo le nang le borokgo, ke thatohatsi ya Owami jareteng eo.
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka PAPI MORAKE
KA HODIMO LE HO LE LETONA: Setshwantsho sa mosadi eo ya rwetseng nkgo, se bontsha ka moo basadi ba hlokomelang malapa a bona ka teng ka ho kga metsi sedibeng," ho rialo Arthur.
Re lapeng le Arthur
Leha a re ha a thabele baeti ba bangata lapeng la hae, empa mampodi enwa ya mmino wa kwaito, o ne a re amohele ka diatla tse mofuthu lapeng la hae...
BONA SESOTHO - October 2005
t
BONA SESOTHO - October 2005
t
Re lapeng le Arthur
KA HODIMO: Owami o rata ho kgabisa le ntatae.
LE LETONA: Motse wa bobedi wa Arthur ke studio sa hae sa ho hatisa.
