sotho.2571.yourfamily_preg
Dipotso tsa hao di arabilwe
Bophelo ba boimana e ka nna ba eba bo tshosang - bo ferekanyang mme bohle ba o eletsa ka sena le sane. Re shebile tse ding tsa dipotso tseo o hlolang o ipotsitse tsona - mme ra o fumanela dikarabo tseo o ka di tshepang
1 KE DIKGWEDING TSA HO QETELA - HOBANENG LESEA LE SA SISINYEHE"
Ha nako ya ho beleha e atamela, o tla hlokomela hore lesea ha le sa sisinyeha kgafetsa. Se kgathatsehe ka letho, setsebi sa rona se bolela jwalo. Se re ke nakong ena moo lesea le seng le hodile haholo hoo ho seng sebaka se bulehileng sa ho nna le ikotlolla. Hape le se le robala haholo, ka hoo ha le sisinyehe kgafetsa.
Leha ho le jwalo, ha o utlwa le sa sisinyehe hohang, o lokela ho ikopanya le ngaka kapa o ye tliliniking.
2HOBANENG KE DUTSE KE PHOFA HA KE IMME"
Mabaka a mabedi a etsang hore moimana a dule a phofa ho ya ka moo setsebi sa kelello, Joy Gumede se bolelang ka teng - ke ho ameha kelellong le mmeleng. Haholoholo ha o itsibola, o atisa ho phofa haholo hobane o kgathatsehile ka hore o tla kgona kapa tjhe ho beleha hantle.
Tshabo e jwalo e tlwaelehile ho ya ka tsebo ya hae.
Mmeleng teng, ho bolela hore o ke ke wa hlola o robala ha monate jwalo ka pele o ima - e leng se bolelang hore o tla dula o hopola ditoro tsa hao kaofela hobane o tla phaphama kgafetsa. Seo se tla etsa ho shebahale ekare o lora ho feta tlwaelo.
3 NKA ETSA JWANG HORE MAOTO A SE RURUHE"
Phomola hararo kapa hane ka letsatsi, eo ke keletso ya Ngaka, Elias Radebe, ngaka ya ditho tsa basadi ho se seng sa dipetlele tsa Thekong.
Ha o paqame, phahamisa maoto ka mosamo; ha o dutse setulong teng, a behe hodima ntho e phahameng.
Hape o re o se dule fatshe nako e telele. Phahama o otlolle maoto ka ho tsamatsamaya hora le hora.
O hopole hore: ha o enwa metsi a mangata, maoto a ke ke a ruruha haholo.
4 HO TSUBA LE HO NWA HO TLA AMA LESEA JWANG"
Tseo di ka senya bophelo ba lesea hampe ho ya ka moo setsebi sena se bolelang ka teng.
Mathata a bakelwang ke hona a totobaditswe le dibukeng. Ho tsuba ho ka etsa hore lesea le hlahe le le lenyenyane haholo kapa le hlahe pele ho nako.
Hape lesea le tla tshaba serame tlolo, le be le mokgokgothwane le be le tshwaetso ya ditsebe. Jwala bona bo ka holofatsa kelello ya lesea mme le hlahe le holofetse.
5 HOBANENG KE IKUTLWA EKA KE A BELEHA EMPA HO SE JWALO"
"Ke mekgwa eo ka yona mmele o itokisetsang nako ya pelehi ka yona mme moimana ka mong o lokela ho feta ho seo," ho bolela mooki e mong wa Soweto.
"Ke nakong ena moo mesifa e otlolohang ho lokisetsa popelo hore e be malala-a-laotswe - hore e tsebe ho suthumeletsa lesea kantle ha nako e fihla."
6 HO RATISWA DIJO HO TLA FELA NENG HONA HOBANENG KE KGETHA DIJO"
Ho ratiswa dijo boimaneng ke ntho e tlwaelehileng mme ho tla iphella ka mora ho beleha.
Ho tlwaelehile hore moimana a kgethe dijo, ho ya ka moo setsebi sa Pampers Website se boletseng ka teng.
Botsa ngaka ya hao kapa mooki wa tliliniking hore e sebe tse ding tsa dijo tseo o sa di rateng ke tse molemo bakeng sa kgolo ya lesea la hao.
Ha ho le jwalo, ba tla o bolella mofuta o mong wa dijo o ka kwalang sekgeo seo ka ona.
7 LETLALO LA KA LE SENNGWA KENG JWALE"
Ha o imme, di-hormone tsa hao di a tjhentjha mme di be boi hape di hohela mathata a mangata a letlalo ho ya ka South African Website, paediatrician.co.za. Bongata ba mathata ana ha a na bokotsi mme letlalo le tla loka hang ka mora ho beleha.
Sebedisa ditlolo tsa mongobo le meriana ya kalafo ha letlalo le eba le matjhatjhetsi a hlohlonang. [s]
Pale: Smangele Zuma
BOIMANA BA HAO
Ho nwa jwala ha moimana ho ka holofatsa kelello ya lesea
E NKILWE HO: www.pampers.co.za; www.paediatrician.co.za; www.babiesonline.co.za; www.curb-food-cravings.com; www.babycentre.co.uk
