SOTHO.1156.muthi
BOMME haesale e le batho ba bohlokwa setjhabeng sa habo rona. Hangata bona le bonkgono, leha ba ne ba sa ruteha, ba sa tsebe ho bala le ho ngola, e ne e le ditsebi kalafong ya batswetse.
Hape ba ne ba alafa bana le batho ba bang ba kulang. Ke bua tjena hobane mobadi e mong o itse lengolong la hae o kgathatsehile ke ho bona bomme ba sebedisa matekwane. Ba hlokometse ka moo a leng molemo ka teng ho tsa kalafo.
Ha e mong wa ba lelapa, a fetoha lekgoba la matekwane, ba atisa ho mo etsetsa moriana ka ona. Ba mo nwese ona ba sa mo bolelle hore o tswakilwe ka eng - ka mora moo a ke ke a hlole a tsuba matekwane le kgale.
Ke lekunutu
E ka nna yaeba taba e sa kgoleheng ka bonolo empa e fela e etsahala. Ke bile lehlohonolo hobane lapeng leso ho ne ho ena le nkgono ya neng a tseba moriana ona. O ne a nketsetse moriana ona mme mathata a ka a fela.
Ke o tshepa haholo mme ke tseba motswako o le mong feela wa ona - wena o se o ka kopa e mong lapeng la heno ya tsebang ho o thusa haeba o bona ho hlokahala. Nna ke tseba lebese la motswetse.
Bohle re a tseba hore ho tsuba matekwane ho ka senya bophelo ba motho. Boradipapadi ba bangata ba nang le neo e ntle ba se ba kile ba kena mathateng a tshabehang ke ho sebedisa dithethefatsi tseo hangata di fumanwang morotong wa bona le mading a bona.
Ho tswa ho mathuela jwale hore a etse diphuputso ka metswako e meng hobane moriana ona o bohlokwa haholo mme o ka re thusa ho inola setjhaba sa habo rona mathateng a dithethefatsi a seng a jele setsi.
Hape ke dumela hore boipaballo bo molemo ho feta setlhare, ka hoo dinaledi tsa habo rona di lokela ho phema matekwane.
Bakeng sa botle
Ke kgathatswa ke palo e nyolohang ya basetsana ba habo rona ba batlang ho ba batle hona hoo ba bileng ba yang dingakeng hore ba sehwe matswele - kapa ho etsa mekgwa e meng feela e tla etsa hore ba be batle.
Mosadi e mong ya neng a sa kgotsofatswe ke tjhebeho ya hae o itse: "Ke rata ho dula ke shebahala hantle ka dinako tsohle. Ke ikwetlisa kamehla le hona ka thata.
"Empa nako le nako ha ke itjheba seiponeng, ha ke kgahlwe hobane matswele a ka a manyenyane. Ke batla ho ba le matswele a maholo.
"Leha ke tenne di-top tse ntle ha ke kgone ho hlahisa matswele. Dingaka di re opereishene e ka nthusang e teng empa e a bitsa. Na ebe o teng moriana wa setho o ka nthusang""
"Matswele a ka a maholo haholo," o boletse jwalo mobadi e mong.
"A ne a hole haholo ka mora ho beleha ngwana wa bobedi. Ke rata ho dula ke phetse hantle mme le boima ba mmele wa ka ke bo hlokometse empa matswele ona a pokile.
"Ebe ho na le moriana o ka nthusang"
Mohlomong dikgaitsedi tsena tsa ka di lokela ho qala ho amohela matswele a bona a le jwalo ka ha a le jwalo. Ho sa kgathellehe hore a boholo bo bokae, a tla dula a le matle a bile a le bohlokwa, a kgona ho fepa lesea le ho ntsha lebese la ho alafa makgoba a matekwane! [s]
ka FORCE KHASHANE
Re bua ka ditlhare
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
Lekunutu le letle ka matswele
BONA SESOTHO - March 2007 91
