sotho.2569.yourstory_read
ho nwa ha bomme
Ho sa natsehe hore o nwella ho ithabisa kapa ho nyorolla ka mora mosebetsi, empa ho bonahala ho tlohela jwala e le ntho e boima bathong matsatsing ana. Empa ekaba seo se bolela hore bomme ba se nahane ka ditlamorao tsa sena baneng ba bona?
ESE e le nako jwale jwala e le karolo ditokofeleng tse ngata esitana le mekgatlong ya bomme ya mapato, ke sa bue he ka boithabisong ba bona.
Seo ha se felle moo, se fetela le lapeng - basadi ba bangata ba se ba iphomolela ka dibotlolo tsa diveine malapeng a bona ha ba qeta mosebetsi wa letsatsi.
Hangata, ka nako eo, bana ba ebe ba le teng, - potso ke hore, e be ba reng ha ba bona mma bona le kgalase ya whisky? Ekaba sena se ba le kgahlamelo boitshwarong ba bona?
Leha bontate ba dutse ba nwa ka pela bana ba bona, empa bathong ba basadi, ke e nngwe taba, haholoholo bomme.
"Re rialo hobane ho ntse ho na le kgollo ya hore basadi ba ntse ba nkuwa jwalo ka batho nang le bofokodi, ba hlokang ho sireletswa setjhabeng," ke ka moo ngaka ya kelello Mike Nxumalo a di behang ka teng.
Ka bokgutshwane, basadi ba tshwantshwa le bana, mme jwale ho na le kgollo ya hore ba ke ke ba kgona ho "emelana le jwala" ho molemo ha ba sa bonwe, ho rialo Mike.
Thandi Mhambe o dilemo di 32, o nyetswe mme o na le moradinyana ya dilemo di pedi feela. O dula sebakeng sa ditoropong sa Parklands mane Kapa mme o dutse a inwella veine.
Ha a tshabe ho nwella ka pela ngwanahae - empa morao tjena, o se a na le kgwao jwalo ka ha a ne a bone moradiae le yena a se a leka ho qhabola kgalaseng ya hae ya veine!
Seo se ne se etse hore Thandi a rute moradiae mokgelo pakeng tsa jwala le seno, le ho mo hlokomedisa ka kotsi ya jwala.
Ilze van der Merwe, ngaka ya kelello ya Bella Vida Centre mane Gauteng, o dumellana le se entsweng ke Thandi.
Haesale ho tloha tshimolohong batswadi ba dutse ba nwella jwala ka pela bana ba bona, empa ba tlameha ho ba mehlala e metle baneng ba bona, ho rialo Ilze.
"Bomme ba tlameha ho bolella bana ba bona hore mathata ha se veine, empa ke seo e ka se etsang ho wena ha o enwa tlolo," ho rialo yena Ilze.
Leha ho le jwalo, ho tahwa ka pela bana, hona ha ho a amoheleha ho hang, ke yena hape. Mike o a dumela hore ho nwa ka boikarabelo ka pela bana ba hao, ho ke ke ha ba le kgahlamelo ya letho. "Ho otla kgalase kapa tse pedi feela tsa veine, ho bontsha hore jwala ha bo na mathata, mathata a qala ha o se o bo nwa tlolo," ke yena eo.
Empa ha se bomme bohle ba tsebang hore na ba ka tlohela neng.
Mme e mong o re boleletse ka moo ho tahwa ka pela bana ho ba amang ka teng. O dilemo di 34 mme o na le bana ba babedi, ya dilemo di tsheletseng le ya tse leshome. Mme enwa o na le lebenkele mme jwale o ikgatholla ka jwala.
Mme enwa jwala bo mo etsa a be bohale mme bana ba mo tshabe haholo ha a le haufi le bona.
Leha a ntse a lwantshana le botahwa bona ba hae, empa o a bona hore bana ba hae jwale ba fetohile, ba se ba mo tshaba jwale.
Ho nwa ha hao ho ka tsitsipanya bana ba sa leng banyane, haholo haeba ba tshepetse ho wena bakeng sa kgudiso le tshireletso, ho rialo Mike.
Di ngata ditsela tseo bana ba hao ba ka amehang ka tsona.
Ka Hlakola 2008, ho ne ho phatlalatswe sephetho sa Alcoholism: Clinical & Experimental Research, dipatlisiso tse neng di etswe batjheng bao batswadi ba bona ba tahwang.
Di ne di bontshe hore botahwa bona bo hahlamela bana ka mekgwa e mmedi.
Wa pele, ngwana a nwa tlolo jwalo ka batswadi ba hae.
Ya bobedi, batjha bana ba qetella ba hlokile hlompho batswading bao ba bona. Sena se bakwa ke hore batswadi bana ba tahwang, ha ba kgone le ho bona hore bana ba tsamaya le hona ho kgutla neng lapeng, e nngwe hape e be hore ba ba shapa kgafetsa.
Batswadi ka bobedi ba tlameha ho hlokomela tsela eo ba nwang ka yona ha bana ba le teng. Empa ha e a tlameha ho fella moo.Bomme le bontate ba tlameha ho bontshana ka ditlamorao tsa ho nwa tlolo.
"O hopole hore ngwana o hloka kgudiso ya motswadi hore a hole bophelong. Haeba motswadi a sa etse mosebetsi wa hae, ngwana o tla ba mathateng," ho rialo setsebi sa tsa thuto, Kenneth Resnick, ya seng a na le dilemo tse 25 mosebetsing ona.
Mona molaetsa o totobetse - ha re tla tabeng ya jwala, boitshwaro ba batswadi ka bobedi bo bohlokwa.
Moses Twala wa Kara Heritage Institute, e dutseng e etsa dipatlisiso ka meetlo ya Seafrika, o bolela hore ha re a tlameha ho shebana le taba ya hore bomme ba nwe kapa tjhe, empa o re "matsatsing ana ao ka ona bophelo bo potlakang, bomme ba tlameha ho netefatsa hore bana ba holela sebakeng se sireletsehileng ho tsa bophelo."
Pale le ditshwantsho: Brenda Nkuna/West Cape News
TSE DING DINTLHA: Narconon, Webpage: www.stopaddiction.co.za; mohala wa thuso (ka matsatsi ohle bekeng 8am ho ya ho 11pm): 011-622-3998.
BONA E A FUPUTSA
Ekaba bomme ba
nwang bohlwa-swa ba thata-fallwa ke ho kgalema bana ba bona
TSE DING DINTLHA
Dipatlisiso di bontsha hore ba mmalwa basadi ba nwang ho na le banna mme hape ba nwa hanyane ho feta banna. Empa leha ho le jwalo, ho hlahella hore ba bo rata jwalo ka banna ha ba se ba bonwa.
Leha basadi ba sa leng batjha (18-34) ba nwa ho feta ba baholwanyane ho bona, empa hangata, jwala bo atile ho ba dilemo di 35-49.
Ke basadi ba 46 lekgolong bathong ba batsho ba sa nweng jwala, ha makgoweng e le ba 34 lekgolong. Empa leha ho le jwalo, ba bo sebedisa bohlaswa ka ho tshwana.
Dipatlisiso tse ding di belaetsa hore ho nwa tlolo, ho beha basadi kotsing ya mofetshe wa letswele - empa ho ntse ho etswa dipatlisiso tabeng ena.
O NAHANANG?
O nahana hore bomme ba beha mehlala e mebe ka ho nwa jwala? Ekaba tswelopele e re dumella ho "nwa" jwala tlolo? Ke eng e ka etswang ho theola maemo a phahameng a ho sebedisa tahi bohlaswa naheng ena?
Re ngolle o re fe maikutlo a hao!
O ka re ngolla atereseng ena: Mangolo ho mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060.
Dingaka tsa kelello di a dumellana hore ho amohelehile ho otla kgalase kapa tse pedi, empa bana ba tlameha ho rutwa ka kotsi ya ho sebedisa tahi bohlaswa.
