sotho.2568.mokebe
MAJIMBOS
a Mavimbela
Dingaan le matitjhere a sekolong sa hae sa mehleng (ho tloha ho le letshehadi) Tshidiso Mothijoa, Thereza Hlubi le mosuwehlooho, Collen Sidumba.
METSWALLE ya kgale ya Dingaan, Sibusiso Nkabinde, Themba Sibanyoni le Percy Mtshali, e ne e le teng ha re etetse sekolong sa mehleng sa sebapadi sena sa Muvhango le dibakeng tse ding tseo a holetseng ho tsona lekeisheneng la Katlehong mane Mavimbela Section.
Re tseleng
"Lebohang mathaka hobane re koloing: ke leeto la dikilomitara tse 14 ho ya le ho kgutla sekolong," ho bolela Dingaan, ya neng a kakata tsela eo kaofela ka maoto.
"Lelapa leso le ne le futsanehile, ho se tjhelete ya tekesi, ke fuwa ya dijo feela."
Sijabulile Secondary
Sekolo sa habo sa mehleng, Dingaan o ne a re etelle pele ho ya diphaposing tsa borutelo. "Nahana feela hore matitjhere ana a ne a le jwang dilemong tse 10 tse fetileng. Le a iponela hore e ne e le dipabala ka nako eo."
O oma ka hlooho a shebile e mong wa ona a bile a re: "Wena ke ne ke hlile ke o rata." Ba tsheha.
Matitjhere a mang a re bolella ka moo Dingaan a neng a hlolwe ho ngola ditlhahlobo tsa hae tsa accountancy hobane a ne a sa utlwane le titjhere ya yona.
Empa leha ho le jwalo ba re e ne e le morutwana ya bohlale haholo ya neng a hlophisa ditsebiso tsa sekolo hape e le moetapele wa sehlopha sa dingangisano. E bile e le motlatsi wa komiti e lwanelang ditokelo tsa barutwana, ho ya ka titjhere ya hae ya Senysemane, Tshidiso Mothijoa.
Lebenkele la dry cleaner
Motswalle wa Dingaan wa bongwaneng Percy, o ne a sebetsa lebenkeleng leo ka mora sekolo mme yena a mo dudisa ho fihlela a tjhaisa.
"Ntho eo ke neng ke sa e rate feela moo ke mmino wa R&B oo metswalle ya ka e neng e o bapala ka dinako tsohle," ho bolela Dingaan.
"Tjhe, tjhe, tjhe, nnete ke hore Dingaan o ne a sa utlwisise mmino hantle. Re ne re mo ruta ona," ho bolela Percy.
"Na o tseba hore hobane a ne a hlola a fihlile ka mora nako? Ke hobane e ne e le lekgoba la Days Of Our Lives."
Bolo ya mebileng le tjhebeho e ntle
"Sibusiso e ne e le sethibathibane empa a se na molemo wa letho dipalong moo," ho bolela Dingaan. "Re kile ra hlola sehlopha sa habo sa Gazankulu ka 13-0."
Ba ne ba boetse hape ba rata ho kenela ditlhodisano tsa botle - ke mona moo Sibusiso a neng a hlahella teng.
"Ke ne ke hlola Dingaan a rata kapa a sa rate, o ne a nka maemo a bobedi a Mr Kathorus (Katlehong, Thokoza le Vosloorus)," ho bolela yena.
"Ke ne ke mo utlwise le nna mohla ke neng ke nka sekola sa Mr Cosas ka pela mahlo a hae," ho bolela Dingaan.
Papadi ya ludo
"Dingaan ha a ena le bodutu lekeisheneng la hae le majabajaba, o tjhakela kwano," se boletse jwalo sebapadi se seng sa ludo.
"Empa re thabela boteng ba hae ka dinako tsohle hobane ke naledi." Sebapadi se seng, Ernest Mabuza, o re Dingaan o ne a hlola e bile sethibathibane ha ba bapala bolo mebileng.
"O se mo tsotelle. "Ernest yena o ne a hlola a hlabetse ba direng ntlha," ho bolela Dingaan. Ho ne ho se ya ka mo thibang hobane re ne re se na molaolapapadi."
Lapeng
Leha a se a thothetse lekeisheneng le pele la Joburg le Alberton, Dingaan o sa ntse a qakehile a hleka ntlo ya hae e ntjha. Empa mebila eo naledi ena ya Muvhango e neng e bapala bolo ho yona le metswalle ya hae e setse ka bodutu. [s]
Pale: Force Khashane
Ditshwantsho: Oupa Bopape
LEKEISHENE LA KA, NALEDI YA KA
Ho tloha le letshehadi: Percy, Themba, Dingaan le Sibusiso kantle ho sebaka seo Percy a neng a sebetsa ho sona - moo metswalle ena e neng e rutela Dingaan mmino teng.
Dingaan Mokebe wa Muvhango o re isa lekeisheneng la hae, a ikgopotsa tsa bongwaneng ba hae le metswalle ya hae
Dingaan le metswalle ya hae ya kgale (ho tloha ho le letshehadi ho ya ho le letona) Percy Mtshali, Sibusiso Nkabinde le Themba Sibanyoni ba ne ba ikgopotsa tsa mehleng.
Dingaan o shebelletse papadi le Sibulelo Maphinda (le letshehadi) le Ernest Mabuza. Sebapadi sa ludo sona ke Thami Maphisa (le letshehadi) le Nkosana Mokubung.
Dingaan kantle motseng oo a holetseng ho ona. O a o lokisa jwale.
