sotho.2567.trivia
POTLELOTO
NOKA ya LIMPOPO e qala bohareng ba Afrika e ka Borwa e hoballe jwalo ho ya fihlella ka botjhabela ba Lewatle le ka Botjhabela.
E ka ba bolelele ba 1 750km mme noka ena ke ya bobedi ho tse telele ho feta Afrika e hlatsetsang Lewatleng le ka Botjhabela, e hlahlama e kgolo ya Zambezi. E nkwa e le moedi o ka bang 640km o arolang Afrika Borwa le borwa botjhabela ha o tloha Botswana o leba ka leboya bophirima le ka leboya ho Zimbabwe.
Noka e kgolo lebatoweng la Limpopo ke ya Olifants. Dinoka tse ding tse kgolo lebatoweng leo ke Shashe, Mzingwane le Mwenezi. Batho ba teng ba ka ballwa dimilioneng tse 14, bao e sa leng ba phela moo ho tloha dilemong tse ka hodimo ho tse dimilione di 3,5. Lebitso lena le nkilwe ho la Mapungubwe, sebaka seo ho sa tswa utullwa dilemong tse mmalwa hore mehleng ya boholoholo ho ne ho ntlafatswa kgauta ho sona.
BOPHELO BO MONATE
5 YA TSEO o neng o sa di tsebe ka
Limpopo
BONA SESOTHO July 2008
LEBATOWA
Ke nnete Limpopo le yona ke le leng la mabatowa a Afrika Borwa - ho tloha ka Phupjane 2003, lebatowa leo le ka Leboya, le ne le tjhentjhe lebitso...
Motsemoholo: Polokwane
Tonakgolo: Sello Moloto (ANC)
Boholo: 123 900 sq km
Setjhaba: 5 402 900
Dipuo: Sepedi (57%)
Setsonga (23%)
Sevenda (12%)
Seburu (2,6%)
Mehleng ya pele ka Seroma potleloto e ne e le thutswana e entsweng ka tshepe, eo ho neng ho kgwaritswa ka yona hodima pampiri.
Lentswe "pencil" ke la Selatine pencillus, le bolelang "mohatla o mosesane."
Karolo e ngolang ya yona e bitswa graphite.
Pele dithutswana tsa graphite di ne di phuthelwa ka thapo kapa ka letlalo la nku. Matadiana ke ona a neng a qale pele ho e kenya ka hara dithutswana tsa mapolanka.
Mohla la 30 Hlakubele 1858, Moamerika e mong, Hymen Lipman, o ne a kgorametse rabara potlelotong.
...di etsuwa jwang Dipotleloto tsa sejwalejwale di etswa ka ho kopanngwa ha graphite e thumisehileng le diphoshwana mme ho dujwe ka metsi ho etsa letsopa le sarolohang jwalo ka dithutswana tsa spaghetti.
Di inelwa ka oling e tjhesang hore di tsebe ho kena hantle lesobaneng le le sesanyane la graphite, le hore di tle di ngole hantle.
Lepolanka le betlwa hantle le lona ho etsa bolelele bo hlokahalang pele ho ka kenngwa dithutswana tseo tsa graphite. Letsopa la graphite le kenngwa ka hara lepolanka leo hore le hlahise ntlha qetellong ya lona mme ho kgorametswe lepolanka le leng ka morao ho le kwala, ho ntano sehlwa dibopeho tsa dipotleloto ka bonngwe, ebe di a pentwa.
Batla lentswe
Fumana mantswe, o bala o lebisa pele, morao, hodimo le tlase kapa o tshekalla. Bala, o se tlole tlhaku mme mantswe ao a be moleng o le mong. Tsikeletsa lentswe leo o seng o le fumane mme o le hlakole lethathameng la a ka thoko.
NA O NE O TSEBA?
Dipoho tsa tjhaka di fumaneha lefatsheng lohle haholoholo ka mabopong. Empa le dinokeng tse ngata tse kgolo tse thokwana le lewatle jwalo ka Zambezi di teng. Ke ka hona e bitswang le ka hore ke Zambezi Shark. Ena mefuta e bohale haholo e se e bolaile batho ba bangata.
RE HOPOLA...
WALTER SISULU
Walter Max Ulyate Sisulu o ne a hlahele Engcobo sebakeng seo pele se neng se bitswa Transkei mohla la 18 Motsheanong, 1912. O ne a kene sekolo mishoneng hona moo pele a leba Joburg ka 1928.
E ne e be setho sa ANC ka 1940. Ka 1943, yena le Nelson Mandela le Oliver Tambo, ba ne ba thehe ANC Youth League mme yena e ne e be mongodi wa ANC ka 1949. E ne e le e mong wa bahlophisi ba mohwanto wa ho itseka, ke ka hona a neng a tshwarwe ka 1952 mme kahlolo ya hae ya fanyehwa. Ka 1953, o ne a lebe Yuropa, USSR, Isiraele le China ho ya emela ANC. Dilemo tse 10 ka mora moo, o ne a tshwarwe makgetlo a supileng, ho balellwa le ho kwallwa dikgwedi tse hlano ka 1960, le ho tshwarelwa ka tlung ka 1962.
O ne a sebetse ka motjhetjhafatse mme ka 1963 a tshwarwa mane Rivonia mohla la 11 Phupu. Mohla la 12 Phupjane, 1964, a ahlolelwa bophelo bohle tjhankaneng. O ne a lokollwe ka Mphalane 1989 mme ya ba motlatsi wa Mopresidente wa ANC ka Phupu 1991 kopanong e kgolo ya ANC ka mora hore e bulwe molomo nakong e neng e ka etsa selemo ho tloha nakong eo. O ne a ikele badimong mohla la 5 Motsheanong, 2003.
Marangrang a Ditshwantsho
Setshwantsho ka seng se tla o neha moelelo wa se setswantshong.
Tsohle ka
DIPELA
Dipela di boetse di bitswa Cape Hyrax. Di tjhitja, di boya hape di a nyantsha, di bolelele bo pakeng tsa 30cm le 70cm, boima ke 5kg.
Di tswala madinyane a mabedi kapa a mararo ka mora ho emara dikgwedi tse tsheletseng ho ya ho tse supileng. Madinyane a tsona a kwenya dijo tse thata ka mora dibeke tse pedi, ka mora tse 10 a kgweswe.
Ka kakaretso di phela dilemo tse 10.
Di phela e le mohlape o ka bang 80. Di ikarola ka dihlotshwana tse nyenyane tse etellwang pele ke e le nngwe e kgolo e tona.
NA O NE O TSEBA?
Dipela di ntsha lero le thellang le lengata le bitswang hyraceum - le tswakilweng le moroto wa tsona - le sebedisetswa ho alafa mafu a mangata a fapaneng a kenyeletsang le sethwathwa le ho akgeha.
BONA SESOTHO July 2008
