SOTHO.255.sisarah
Ekaba o a nthata-
Ke na le bothata le monna eo ke ratanang le yena. Re dula mmoho, ke na le ngwana le monna e mong, monna enwa ha a rate ha ke bua le batho ba bang.
Ha a rate leha ke etelwa ke ba bang batho. Ha re le babedi o bua ha monate, empa ha ngwanaka a qala a fihla, o qala ho thola.
Ho bonahala eka ha a rate ngwana enwa wa ka - empa hape o dutse a etsa jwalo leha ba heso ba nketetse.
O batla re nyalane esitana le ho reka motse - empa ke ipotsa hore na re tla phedisa jwang-
MM, Parys
lHa ke bone lebaka le ka fetolang monna enwa ha le se le nyalane. Seo a leng sona jwale, ke seo a tla ba sona leha le se le nyalane.
Ho utlwahala eka monna enwa a hlile a o boulela haholo. O bonahala a rata ho o laola e leng se etsang hore a tjhentjhe ha ngwanahao kapa ba heno ba le teng.
Ke ka hona a sa rateng ha wena o bua le ba bang batho. O rata hore wena o shebane le yena feela.
Ekaba o a o rata- Yena o o rata ka tsela ya hae, empa ka ho utlwa ditaba tsa hao, ha ke bone e le mofuta wa monna eo o mo hlokang.
Bomadimabe
Ke dilemo di 28. Ke ne ke qale ho ratana le monnaka ka 1998 mme ra nyalana ka 2000. Bothata bo ne bo qale ka mora hoba re be le ngwana.
O ne a bolele hore ha se ngwanahae mme a qala ho ba le dikamano le basadi ba bang ba nyetsweng.
Ke ne ke mo tlalehe ho ntatematsale mme yena o ne a bolele hore o tlameha ho etsetswa moetlo hore a tle a kgwe mekgweng eo e mebe.
Ka Tshitwe 2003, ho ne ho etswe mosebetsi oo, empa ka 2005, a boela mekgweng ya hae ya pele, a nkana le mosadi eo ke mo tsebang. Ke ne ke hlabehe haholo mme le nna ka kgutlela mothong eo ke neng ke ratana le yena pele. E ne e re ha a utlwa ka dikamano tsa ka, a nka diaparo tsohle tsa ka a di neha mme hore a nnehe tsona.
Ekaba ke entse phoso- Hona monnaka o sa nthata-
PMM, Kapa
lBoitshwaro ba lona ka bobedi ha bo a amoheleha hohang.
Haeba le ikemiseditse ho pholosa lenyalo la lona, le tlameha ho tsetolla mothapo wa bothata ba lona - e le ntata ngwanahao kapa tjhe.
Ka ho le leng, jwalo ka ha a o sotlile nako e telele hakana, o ntse o ikemiseditse ho tswelapele le lenyalo lena- Ke wena ya ka nkang qeto ena.
Ke bokamoso le bophelo ba hao, se bapale ka bona!
Motho eo nka mo ratang
Ke dilemo di 24 ha mohlankana yena tsa hae di le 35. O na le bana le mosadi e mong mme jwale o na le nyatsi e nngwe.
Ke a mo rata empa ke qala ho qeaqea ka yena. O nketela beke kaofela, empa a nyamele ka mafelo a beke.
O se a rata ho kwala le mohala wa hae ha a le siyo ho nna. Ha a tlo mpona, o tla bosiu, ha re fumane le nako ya ho rarolla mathata a rona.
Ke ne ke mo lahle, ya ba yena ya nkopang hore re boelane, a re a ke ke a kgona ho phela ntle le nna.
Ke hloka motho ya ka nthatang. O nketsetsa ntho yohle, empa ke batla yena, e seng tjhelete ya hae!
NCM, Kriel
lO ne o etse ntho e nepahetseng ka ho mo lahla hobane ho a bonahala hore ke monna ya mabatha.
Haeba a ne a hlile a o rata, o ne a tla rata ho ba le wena nako yohle ya hae hape a se kwale le mohala ha a se ho wena. Sena se bontsha hantle hore ho teng seo a se patang. Ena ke pontsho ya hore ho teng seo a se patang - ho tsebang mang mohlomong o na le kgarebe e nngwe!
Hape hobaneng a o etela bosiu- Ke hobane ho teng seo a se patang ka wena. O mpa a itshebedisetsa wena feela mme ke wena ya ka qetang sena.
Ho bonahala monna enwa a o ratela thobalano feela. O se o dumetse hore o se o qala ho qeaqea ka yena, ka hoo, ke nako ya ho itokolla ho yena.
Ba bangata banna ba nang le bokgoni kantle ka mona ba tla o rata o le seo o leng sona.
Ke tjhankaneng
Ke ne ke tshwarwe ka 2002, ho tloha hoo, kgarebe ya ka ha e ka ba ya ikgathatsa ka ho nketela. Pele ke tshwarwa, e ne e nnetefaletse hore e a nthata. Ka 2004, ke ne ke ahlolwe dilemo tse leshome kaofela. Ha ke tsebe seo ke tlamehang ho se etsa hobane ke a mo rata ha ke rate ho lahlehelwa ke yena.
LN
lKe a tshaba hobane se etsahetseng ho wena, ke se etsahetseng diketeng tsa banna. Ho bobebe ho bolella motho hore o a mo rata ha dintho di sa tsamaya hantle. Ha mathata a qala a hlwa manolo hodimo, motho o qala ho itlhahisa seo a leng sona.
Nnete ke hore dikamano di ba ditekong ha ho ka ba teng ya kenang tjhankaneng.
Bomadimabe ke hore jwalo ka ha mosadi enwa a sa kgona ho o emela o tswe tjhankaneng, ho a bonahala hore o ne a sa o rate ka pelo ya hae kaofela.
Leha ke sa tsebe hore kgarebe ya hao e dilemo di kae, empa haeba a sa le monyane, o bone hore a ke ke a kgona ho dula a o emele. Le ho wena ho ka ba jwalo, leha ho se bobebe, amohela hore dikamano tsa lona di fedile.
Boimana bo bohloko
Ke dilemo di 26 mme ke imme ngwanaka wa bobedi. Haesale ke ne ke imme, mpa ya ka e dutse e le bohloko, ke dutse ke hlatsa. Ke se ke mathile dingaka tse ngata, empa ha di kgone ho nthusa.
Le letsibolong la ka dintho di ne di ntse di le ka mokgwa ona. Ke tlameha ho etsa jwang-
LD, Heilbron
lHa ke na bokgoni ba mathata a kalafo. Bakeng sa polokeho ya hao le lesea, ke o eletsa ho bonana le ngaka ya basadi, o utlwe maikutlo a yona ka bothata ba hao. Ngaka ena ke setsebi mme e shebana le mathata a basadi haholoholo mabapi le pelehi. Yena o tla kgona ho o etsa diteko, a kgone ho bona haeba ho na le mathata kapa tjhe.
O tlameha ho phahamela sena ka maoto jwalo ka ha se tla beha wena le lesea la hao kotsing.
Ha a sapote ngwanahae
Ke dilemo di 40 mme ke dilemo di 13 ke le lenyalong. Ke na le bana ba bararo, wa pele ke ne ke mo fumane pele ke nyalwa. Ntatae o ne a se a ntsheditse mahadi ha re ne re arohana. Bothata ke hore ha a rate ho sapota ngwana enwa. O mpolella hore ke sebedise tjhelete eo ya mahadi ho sapota moradinyana enwa wa rona. Ha ke bona sena e le toka. Ke tlameha ho etsa jwang-
SK, Newcastle
lHo na le dintlha tse pedi tseo ntata ngwana enwa a tlamehang ho di utlwisisa.
Ya pele ke hore mahadi ke tumellano e bang pakeng tsa batswadi ba monyadi le monyaduwa, e seng wena le ngwanahao, ke bolela le haeba le sa ka la nyalana.
Tjhelete eo e ne e lefellwe batswadi ba hao. Haeba a rata ho kgutlelwa ke mahadi a hae, o tlameha ho bua le batswadi ba hao e seng wena.
Taba ena ha e o ame wena kapa ngwanahao. E pakeng tsa hae le batswadi ba hao.
Ya bobedi, ntata ngwana o tlameha ho sapota ngwanahae, ba nyalane kapa ba sa nyalana le mmae. Ka ho ya ka molao, monna enwa o tlameha ho sapota ngwana eo.
O na le tokelo ya ho kopa sapote ya ngwana ho yena, empa yena ha a na tokelo ya ho kopa mahadi a neng a a lefe ho batswadi ba hao ho wena.
Ke o eletsa ho nka taba ena semolao, o etele lekgotla la disapote tsa bana mme o kope keletso teng. Ke boikarabelo ba hae hore o a a fumana kapa tjhe mahadi a hae batswading ba hao.
O robile ditshepiso
Ke tjhankaneng mme ke se ke bile ke fumane le kgarebe. O ne a dutse a nketela mme a bile a tshepisitse le hore o tla nkemela. Re ne re se re bile re behile le matsatsi ao a tlamehang ho nketela ka ona, empa ha a sa bonahala hohang. Sena se nkutlwisa bohloko hobane e ne e se e le yena feela letshepa la ka. Ke tlameha ho etsa jwang-
MMK, Boksburg
lLeha e le ntho e bohloko, dikamano tse kang tsena ha di atise ho nka nako e telele, di ka e nka ha feela ya seng tjhankaneng a ka ba le mamello. Ka bomadimabe, ke nahana hore kgarebe ya hao e se e iphumanetse e mong motho.
Ho bobebe ho tshepisa ka molomo hape ho be bobebe ho roba tshepiso eo ha o se o kopana le e mong motho ya betere.
O bona taba ya hao e sa le boima ha jwale hobane o sa le tjhankaneng.
Mohla o tswang seo se tla feela hobane o tla ba le bolokolohi ba ho kgona ho kopana le motho eo o mo batlang! [s]
BONA SESOTHO - May 2006
Botsa Sis Sarah
Ela hloko: Sis Sarah ha na bokgone ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le koptjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliniking ha le ena le mathata a mofuta ona.
BONA SESOTHO - May 2006
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo- Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo, ke o kopa ho bala karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng.
Hopola hore ha re arolelana ka mathata a keke a re hlola le kgale!
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083,
Mobeni 4060
