sotho.2559.tourism
BONA SESOTHO - April 2008
Kopana le moemedi wa Midlands
FRANK Mchunu o kile a phela ba dinonyana, ho duma dithunya ka hohle. Mohopolo wa hae wa ho theha leano la bohlahaudi lekeisheneng la Mpophomeni haufi le Midmar Dam, o ne o bonahala ekare ke toro feela.
O ne a tutubala, a ikwale ditsebe ha a batla ho o bona ka mahlo a kelello: "Qhu! Qhu! Qhu! Medumo ya dithunya e kurutletsa letsatsi le letsatsi. Ke ne ke dutse ke ipotsa hore ebe ke tla kgona jwang ho hohela bahahlaudi ho tla kwano""
Ha meferefere ya dipolotiki e kokobela, lehlohonolo la Frank la tjhentjha.
"Ha ke hlokomela hore maemo a tsetsitse, ka qala ho itshepa jwale hore nka bitsa batho ho etela toropong ena ya heso."
Ya qala jwalo Zulu-Mpophomeni Tourism Experience, leano le leng le hohelang bohahlaudi bohle le ba Jeremane, Britania, Amerika le Tjhaena.
Frank ke mookamedi wa leano leo empa o re katleho ya lona ke sephetho sa tshebedisanommoho. "Ke mokgatlo o laolwang ke setjhaba," ho hlalosa yena.
"Re ne re shebe neo le bokgoni setjhabeng mme ra rupella batho hore ba kene motjheng." Frank ke monna wa malebaleba. Tjhebelopele ya hae ke yona e mo thusitseng ho atleha ho tsa bahahlaudi, a laola leano lena leo eitseng ha le hlahella, yaeba le ikgethang la mofuta wa lona Afrika Borwa - leo setjhaba se laolang bohahlaudi ka ho feletseng le ka katleho e kgolo.
Diketekete
Kajeno diketekete tsa bahahlaudi di tswa di kena Mpophomeni setsing sa KZN Midlands. Lekeishene lena le potapotilwe ke phororohadi.
Frank o hlalosa ka moo Mpophomeni e ne e rehwe ka teng: "Noka ya Umngeni e parola hodima dithaba le maralla a Midlands mme modumo wa metsi a yona a utlwahala ekare ke modumo wa mmino o monate, o reng pho-pho-pho-pho, a lelemela ho ya kena Lewatle."
Mpophomeni ke "phororo." Frank ha a sheba mosebetsi wa hae o re le yena o ipona eka ke phororo. "Ke dutse ke batla ditlhalosetso tsa bohlokwa ka Mpophomeni. Ha ke na phomolo. Ha ho seo ke sa se tsebeng ka sebaka sena. Ke dutse ke ithuta ka sona letsatsi le letsatsi hantle jwalo ka phororo e phallang motsheare le bosiu, selemo kaofela."
Bophelo ho Frank ha bo a lelemela ka bonolo jwalo ka phororo ya metsi, bo ne bo tsamaya bo nyolosetsa, bo thula dithaba le maralla. Ha a le dilemo di hlano, o ne a kenwe ke lefu la polio la mo holofatsa maoto. A lwanela tokoloho ka tshepo ya hore ka le leng o tla atleha bophelong: "a amohele bahahlaudi" sebakeng sa habo sa Midlands.
Mamello
Mpophomeni e ne e thehwe ka 1972, matswallwa a sebakeng a tloswa ka kgang. Ba ne ba utlwe bohloko mme rapolasi e mong ya neng a ipolaye, o ne a tjheswe mme molora wa hae wa fafatswa sebakeng seo.
Bongata ba basebetsi ba Mpophomeni ba dula matlong a ahilweng ke khampane ya British Tyre And Rubber e Howick. Ka 1984, ho ne ho be le mohwanto wa basebetsi, ba tseka ho nyollelwa meputso. Ba ne ba lelekwe kaofela mme baokamedi ba bang ba mekgatlo ya basebetsi ba thunngwa.
Ha ne ho ahwe Lebota la Poelano ho hlonepha ba 120 ba neng ba hlokahale moreferefeng oo ka mora hore Nokulunga Gumede (5), a bolawe ke ho pidilwa ke koloi ya sesole meferefereng eo.
Frank o re: "Hoja ka se ke ka lwanela tokoloho, ha ke kgolwe hore nka be ke ena le bokgoni ba ho tobana le mathata jwalo ka ha ke etsa kajeno. Ke kgona ho tobana le mathata a mofuta ofe kapa ofe mme ke ntse ke sa lebale seo ke batlang ho se fihlela."
Leano la hae le ne le qale ka mora ho fumana tshehetso ho Ezemvelo KwaZulu-Natal Wildlife ka 2000. Mamello ya hae le maikemisetso di mo tswetse molemo: Ka 2005, Frank o ne a hape Kgau ya Zulu Kingdom Service Excellence.
Ho qoqa le batho
Mpophomeni bohahlaudi bo kenyeletsa le ho ya bonana le lethuela le tla o kopanya le badimo ba heno, o utlwe mmino wa Mazulu, o etele le batho ba mekhukhung."
Ebe baeti ba thabela mmino" "Haholo," o boletse jwalo Frank. "Ke ona o hohelang ba bangata, ba mose le ba naheng ena. Ke yona ntho ya pele eo ba batlang ho e bona."
Ho tloha ka 2004 ho ya ho 2006, palo ya bahahlaudi e nyolohile ka 20% ho ya ka moo Frank a bolelang ka teng. Ke seo e leng kgale ke se labalabela ho tloha ke sa ntse ke sebetsa lebenkeleng la fenetjhara.
"Ho tsa bohahlaudi, o lokela ho ba le tjheseho e kgolo ya seo o se etsang. O batla ho kgothaletsa batho ho rata sebaka seo sa heno, ba batle ho kgutla kamoso, ba tsebise le metswalle ya bona ka sona. Ke rata Midlands haholo."
O ne a itshupe ha ho kena maqheku a mabedi a neng a bonahala eka ke bahahlaudi, lebenkeleng le leng le phetheselang la Howick ke ntse ke dutse le yena, re enwa kofi.
O ne a ntshiye moo, a nka dithupa tsa hae tse o a tsamayang ka tsona, a ya dula le bona, a ba dumedisa ka mosa, a re ho bona: "Le amohelehile Midlands. Na le se le kile la utlwa ka Zulu-Mpophomeni Tourism Experience" E reng ke le hlalosetse..." [s]
African Eye News Service/Homegrow
Frank Mchunu o bontsha ka moo bohahlaudi e seng ntho e lokelang ho ba ya makgowa feela ka teng le ka moo setjhaba sa habo rona se ka kgolang molemo ka teng ho bona
BONA SESOTHO - April 2008
pale CORRINE LOUW
ditshwantsho MATTHEW WILLMAN/HOMEGROWN
BARONA
t
t
BONA SESOTHO - April 2008
Ke motlotlo ka Midlands. Ke sebaka sa heso seo ke se ratang haholo
Dieta tse ntle jwalo ka tsena, ke tse ding tsa dintho tse etswang ke sehlopha se rokang letlalo.
Frank Mchunu o na le ditoro tse kgolo ka Midlands.
