sotho.2558.metropolitan
BONA - March 2007
e tsheheditswe
Ka moo o ka bolokang thabo ya hao - bophelo bohle ba hao!
EASY Street ke moo o ipatlang teng le wena - na o ke ke wa thabela ho phela ha monate bophelo bohle ba hao- Ha o batle mathata a tjhelete leha o se o le pensheneng- Ha ho bonnete ba hore mokotla wa hao wa penshene o tla lefa tjhelete e lekaneng hore o phele ha monate. E, o fela o lokela ho ba le tjhelete e lekaneng hore o phele feela - e seng tofotofo.
Empa Easy Street e ka o thusa - qala ho boloka tjhelete e sa le nako. Ho utlwahala e le ntho e thata haholoholo ho Maafrika Borwa jwalo ka ha re tumme ka ho tshaba ho boloka tjhelete, empa ha o qala o sa le monyenyane ho bonolo mme ha o lefe haholo. Hopola hore - seo o tla se etsa feela ke ho boloka tjhelete e nyenyane hore o phele ha monate kamoso.
Hangata se tlwaelehileng haholo ke leano lena le bitswang retirement annuity, jwalo ka Metropolitan FutureBuilder Retirement Annuity. Ka mohlala ona, o tla hlokomela hore ha o qala ho boloka R200 mokotleng ona, o le dilemo di 25, re nahanela hore matla a tjhelete a tla nyoloha ka dipersente tse 10 ka selemo, o tla be o ena le R685 000 ha o le dilemo di 65.
Tjhelete ena eo o neng o e boloka bophelo bohle ba hao ha o sebetsa, e tla o thusa hore o kgone ho ba le tjhelete kgwedi le kgwedi leha o se o le pensheneng. Ka mokgwa ona o tla dula o ena le tjhelete lehlakoreng hore o ithabise ka mora ho sebetsa ka thata dilemo. Empa o a bona hore ho boloka tjhelete ke ntho eo o ka nnang wa e qhelela ka thoko, o re o tla e etsa ka nako e tlang, empa o tla be o se o lefa haholo hobane o se o sa tlo sebetsa nako e telele. Batho ba bangata ha ba hlokomele bohlokwa ba ho boloka tjhelete ho fihlela ba le dilemong tse 45 - mme ka nako eo ba lefiswa haholo. Ho bolelang hore motho a ka lefa
R1 000 ka kgwedi e nyoloha ka dipersentse tse 10 ka selemo, ho ya ka matla a tjhelete a kajeno, ka tshepo ya hore dilemong tse 20 ha a nka penshene, o tla be a ena le R760 000. Le hona ha a bile lehlohonolo la hore a nke penshene ka mora dilemo tseo tse 20...a sa ka a fellwa ke mosebetsi kapa a kgathatswa ke ho kula - mme a tlameha ho tlohela ho lefella mokotla ona. Tjhelete ena e shebahala ekare e ngata empa ke e lekaneng feela ho lefella ditlhoko tsohle tsa motho...e seng hore o phele tofotofo. Ka hoo se diehe ho qalella ho lefella nako ya hao ya penshene, le tjhelete ya hao e tla hola ka matla. [s]
Bakeng sa dikeletso tsa tjhelete, ikopanye le Metropolitan Life Contact Centre ho 0860724724 kapa o etele lekala la Metropolitan Customer Service le haufi.
Itlhophisetse bophelo bo botle
BONA SESOTHO - March 2007
Mehato e 3 e lebang Easy Street
Netefatsa hore o kgona ho iphedisa le hona ha monate:
1. Ikopanye le moeletsi wa ditjhelete ya molaong: Kgetha bonyane ya maemong a Financial Planning Institute, hape e be Certified Financial Planner. E be ya ngodisitsweng tlasa Financial Advisory and Intermediary Service Act. (Letsetsa Financial Services Board nomorong ena ya mahala: 0800-202-087 kapa 0800-110-443).
2. Kgetha leano la ho boloka tjhelete: Moeletsi o tla hlahlobisisa maemo a hao a ditjhelete a kajeno, a bale le ditlhoko tsa hao tsa kamoso ho bona hore o tla hloka bokae ha o le pensheneng, kgwedi le kgwedi mme le hlophise hore o ka boloka bokae bakeng sa nako eo. Ba bangata ba thabela retirement annuity.
3. Itlame ho boloka tjhelete o qete dikoloto: Kopa banka ya hao hore o ntshe tjhelete e itseng ho lefella ditlhoko tsa hao kgwedi le kgwedi.
