sotho.2554.petr
Petr Cech leha e le sethibathibane se pele, empa ha a ithorisi...
Bomphato ba Cech!
BONA SESOTHO - April 2006
pale ka ISAAC KWELA ditshwantsho ka TOUCHLINE PHOTO
"Le haeba ho ka kena ntlha, empa haeba o tseba hore o ne o tsepamisitse kelello ya hao metsotsong yohle e 90 papading, o ba motlotlo," ho rialo Cech.
LENANE leo Chelsea e neng e reke Petr Cech ka lona ka Pherekgong 2004, ke le hodimo ho feta paleng ya sehlopha sena thekong ya dithibathibane dilemong tse 100. Balatedi ba ne ba bone sena e le tshenyo ya tjhelete jwalo ka ha ho ne ho ntse ho le teng Carlo Cudicini, eo a neng a nkwa jwalo ka e mong wa dithibathibane tse pele Lokong ya Manyesemane. Empa motshwari wa Chelsea, Jose Mourinho, a bolela hore sethibathibane sena sa Czech sa matjhaba ke se tswang pele...
Monna enwa ya raohileng ka seemo, o ne a bontshe bokgoni ba hae papading ya hae ya pele feela sehlopheng sena nakong eo a neng a time sehlopha sa Manchester United sealolo. Dipapading tse 19 ho tse 25 tsa sehlopha seo selemong seo sa bolo, ha ho ka ba teng bolo leha e le nngwe e neng e mo pote ka morao. Ke sehlopha sa Bolton le sa Arsenal feela tse neng di kgone ho mo hlaba dintlha tse ka hodimo ho e le nngwe papadi ka nngwe.
Re ka re mohla la 5 Hlakubele, 2005, o ne a robe rekoto ka ha a ne a fihlelle metsotsong e 1 025 ya papadi ho so ka ho ba teng ntlha e kenang ho yena. Selemong sena sa bolo ho tloha mohla 12 Tshitwe, 2005, ha ho so ka ho ba teng ntlha e kenang ho yena ntle le eo e neng e hlajwe ke Thierry Henry wa Arsenal mmoho le Leon McKenzie wa Norwich City.
Cech o ne a fumane kgau ho tswa ho Premier League ka rekoto eo ya hae e ntjha mme hape o ne a hape kgau e bitswang "Golden Gloves" mafelong a 2004/5 jwalo ka sethibathibane se hlwahlwa. Tsela a bapalang ka yona mmoho le dikgau tseo a nang le tsona, ke tsona tse entseng hore e be sethibathibane se pele se hlahlamang Gianluigi Buffon.
"Bobe ba ho ba setlabolane ke hore batho ba dutse ba lebeletse hore o nne o be maemong motjhaotjhele," ho rialo e mong wa dingodi tsa tsa dipapadi ka boswaswi.
"Haesale Petr Cech a fihla sehlopheng sa Stamford Bridge, o se a pholositse sehlopha sa hae ditleneng tsa tau maketlo a mangata. O ke a pholose sehlopha ho se ho le hobe."
LEHA e le sethibathibane se pele, ha a le siyo papading, Cech ke motho ya boikokobetso eo o ke keng wa nahana hore ke yena eo ho buuwang ka yena.
"Buffon wa Juventus ke yena sethibathibane se pele, ho latele Iker Casillas wa Real Madrid, ya dilemo di 23," ke yena eo. "Athe le Dida wa Milan o ntse a le motle."
Bofokodi ba Buffon ke hore, o tsepamisa kelello ya hae papading haholo, ho bolela Cech hape, mme sena se etsa dibapadi tsa morao di tshepele haholo ho yena. Leha phoso e tsamaya le mohatise, empa yena ha a etse phoso. O ka se mmone a bapala bohlaswa."
Le Cech le yena o ntse a le jwalo. Ho tloha bonyaneng ba hae bakwetlise haesale ba mmolella ka bohlokwa ba ho lebela dibapadi tsa hae tsa morao, athe hape se tlatseletsang sena ke maele ao Mourinho a a nehang sebapadi ka seng pele ho papadi, e leng se etsang hore ho be boima ho phelephanyetsa sehlopha sena.
CECH, o ne a hlahe mohla 20 Motsheanong, 1982, mane Plzen, Czech Republic. O ne a qale a bapala mapheong mme a ipona a se a le mekwallong a le dilemo di robong feela nakong eo sethibathibane sa bona se neng se lemetse.
O ne a fihle sehlopheng sa Sparta Prague a le dilemo di 19 feela, mme o ne a etse rekoto ya ho qeta metsotso e 903 papading ho se bolo e mo potang ka morao.
Ka mora dipapadi tse mmalwa, o ne a shebane le Bayern Munich papading ya bompodi. Papading eo, Cech o ne a bontshe bokgoni bo boholo leha a ne a sa le monyane.
O ne a sa tatasele. "Ha ke na letswalo," ke yena eo. "O tlameha ho tsepamisa kelello ya hao papading, o hlomphe le ba direng.
"Le haeba ho ka kena ntlha, haeba o tseba hore o ne o tsepamisitse kelello ya hao papading kaofela, o ba motlotlo.
"Ke a tseba ke dutse ke iteka, ka ha ke na letswalo," ke yena a ntse a bonya.
Cech o ne a bapale dipapadi tse 12 Liking ya Bompodi sehlopheng sa Sparta pele a leba sehlopheng sa Rennes, Fora ka 2002. O ne a thuse sehlopha sa habo sa ba dilemo tse ka tlase ho 21 ho hapa Bompodi ba Yuropa papading eo ho yona ba neng ba e hlole dipeneneng moo a neng a thibe tse tharo kaofela.
O dumela hore dilemo tsena tse pedi a le sehlopheng sa Rennes di mo ntlafaditse haholo - hobane dithibathibane Fora di fumana boikwetliso bo matla ho feta dinaheng tse ding.
CECH o bolela hore o fihletse katleho ya hae ho Chelsea hobane Mourinho le ba bang ba ne ba mo tshepa. "Ntho e jwalo e a kgothatsa," ke yena eo.
"Dihlopha tse kang Manchester United le Arsenal, di dutse di tjhentjha dithibathibane mme ke kgolwa sena se bakwa ke hobane ba sa ba tshepe ho tloha qalong. Ha se ntho e nepahetseng eo.
"Ha ho le teng boitshepo, o kgona ho bontsha bokgoni, empa ha bo le siyo, ha o kgone le ho iteka feela.
Le leng lebaka la katleho ya Cech ke ho tsepamisa ha hae kelello papading metsotso eo e 90 kaofela. "Ke nahana hore sena ke seo motho a tswetsweng le sona," ho rilalo yena Cech. "Le sekolong ke ne ke le jwalo hobane ke ne ke rata ho tseba seo ke neng ke se etse teng." Sena sebapadi ha se bapalle tjhelete.
"Ke nnete tjhelete e bohlokwa bophelong, empa ho ya ka motho," ke yena eo. "Nna ke rata ho hola le ho ithuta, o tlameha ho e hlompha tjhelete, empa ba bang ba a lebala mesebetsi ya bona, ba shebe tjhelete feela.
"Ntho e kgolo ho bona ke hore" 'mponeng, mponeng ke na le tjhelete nka etsa leha e le eng feela eo ke ratang ho e etsa.' Ha ke motho ya jwalo." [s]
Diatla tse pholosang bolong"
Cech wa Czech o lebela dibapadi tsa morao.
BONA SESOTHO - April 2006
u
Se ne se thehwe ka thuso ya ntja
Sehlopha sa Chelsea FC se ne se thehwe ka thusa ya ntja.
Chelsea ke sebaka se ka bophirima ho London se neng se tsebisahala e le sa dingodi le dinono dilemong tsa bo 1900.
Henry Mears, o ne a rere ho aha lebala la bolo ya maoto mane Stamford Bridge.
Ho ne ho be teng ba neng ba rate ho reka sebaka seo mme a dumela.
Hoseng ha Sontaha se seng ho ya mafelong a 1904, Frederick Parker, o ne a be le tjheseho ka projeke ena ya lebala la bolo mme a qeka wa mophato wa hae hore a se hlole a rekisa sebaka seo.
Ba ne ba ntse ba otlolla maoto mme Mears o ne a tsamaya le ntjanyana ya hae. Mears o ne a bolelle Parker hore o ne a itshenyetsa nako hobane o tiile sebaka seo o ne a se rekisa.
Hang ka mora moo, ke ha ntja eo e loma Parker. Mohlolo Parker o ne a itshehele!
Mears o ne a e tonele mahlo. "E a ntoma," ke yena eo.
O ne a re ba boele ba kopane ka lehlahlamang ka hora ya borobong hoseng. O ne a fetole kelello, a tswelapele le projeke ya lebala...
La ahwa lebala, empa Mears a bona dihlopha tsa lehae di sa bapale hantle.
Ka lebaka leo, a rera ho theha sehlopha se tla ba sa lebala leo.
Mohla 14 Hlakubele, 1905, kopanong e neng e tshwaretswe sebakeng se haufi le lebala se bitswang Butcher's Hook, sehlopha sa Chelsea sa thehwa...
t
Tjhelete e bohlokwa lefatsheng, empa ho ya ka motho hore taba ena o e nka jwang
Ngwahola Cech o ne a robe rekoto Liking ya bona ka ho bapala metsotso e 1 025 ho se bolo e mo potang ka mora.
