sotho.2551.boston
e nngwe ya dibasari tse tharo tse bitsang R10 000 ka nngwe
JWALO ka ha karolo ya pele ya selemo e ya mafelong, barutwana ba materiki ba lokela ho qala ho nahana ka bohato bo boholo bo latelang - ba ho fumana mosebetsi. Leha ba tswelelletse hantle empa ba bang ba ba le mathata a ho kgetha mosebetsi oo ba batlang ho ithutela ona.
Ka ho hlokomela mathata ao a batjha, Boston City Campus le Business College e na le leano le ikgethang la ho thusa barutwana ho ba kgethisa mesebetsi.
Boston's Career Interest Assessment Programme e ikemiseditse ho thusa barutwana ho kgetha mesebetsi le ho ba hlomisetsa yona. Ho ya ka dikarabo tsa bona hobane moeletsi wa tsa mesebetsi wa ha Boston o bua le morutwana ka mong mme a shebisise hore ke dife dithuto tse ka mo thusang ho fihlela ditoro tsa hae.
Ba botswa dipotso tse kang: Na o rata mosebetsi wa matsoho" Na o rata ho bala" O rata tsa bonono" O rata tsa tegniki, ho akanya di- Web, kapa ho ba molaodi wa tsa mosebetsi"
Ari Katz, CEO ya Boston City Campus le Business College, o re leano lena ke la bohlokwa ho tataisa batjha bao e ka nnang ya ba barutwana ba bona ba kamoso. "Re na le dithuto tse ngata tseo ba ka kgethang hara tsona... re buisana le barutwana pele ba etsa qeto ka dikgetho tsa bona."
Boston e thusa barutwana bohle ba lakatsang ho ntshetsapele dithuto tsa bona mahala, makaleng a bona a 46 naheng ka bophara mme hape ha ba ba hatelle hore ba tlo kena ho bona leha ba se ba fetotse maikutlo, ka hoo, ikopanye le kantoro e kgolo ya Boston ho 011-485-2838.
BONA le Boston City Campus le Business College di fana ka dibasari tse bitsang R10 000, motho ka mong, ho barutwana ba bararo. Basari ka nngwe e dumella motho ho kgetha e nngwe ya dithuto tsena tse latelang:
n IT/Computing
n Accounting
n Management
n Secretarial
n Sports Management
n Marketing and Sales.
BONA SESOTHO - March 2007
WIN
MELAO. 1. Tlhodisano ena e buletswe bohle ntle ho basebetsi ba ha Caxton, batshehetsi ba bona le mekgatlo ya bona ya dipapatso mmoho le ba malapa a bona. 2. Qeto ya baahlodi ke yona feela e tla amohela mme ha ho ngollano e tla dumellwa. 3. Meputso e ke ke ya fetolelwa tjheleteng kapa hona ho fetisetswa bathong basele. 4. Ke dikenelo tse setlankaneng sa nnete feela tse tla amohelwa ka poso. 5. Meputso eo beng ba yona ba sa fuputsang ka yona dikgweding tse tsheletseng ba e hapile ba ke se hlole ba e fumana ka mora moo.[s]
Tlatsa setlankana sena sa kenelo mme o se romele ho: BONA/Boston Bursary, Postnet Norwood, Suite 287, Private Bag X5, Norwood, 2117.
Lebitso: ............................................................................................
Aterese: ....................................................................................................................................................... Khoutu: ................................
Mohala/Cell: ....................................................................................
(Ka kopa re nehe nomoro eo o fumanehang ho yona motsheare.)
Potso: Re bolelle thuto e le nngwe ya tseo mohlodi a tla kgetha hara tsona.
Karabo: ............................................................................................
Letsatsi la ho kwala: 30 Hlakubele 2007
Ho hapa
Bakeng sa monyetla wa ho fumana e nngwe ya dibasari tsena, tlatsa setlankana sa ho kenela mme o se romele ho: BONA/Boston Bursary, Postnet Norwood, Suite 287, Private Bag X5, Norwood, 2117.
