sotho.2550.BEC EVENTS
Mmoka o latelang o
PIETERMARITZBURG
BONA SESOTHO - December 2005
Bala BONA kgwedi le kgwedi bakeng sa dintlha ka mmoka o latelang
Haeba o na le kgwebo e nyane, kapa o batla ho e qala selemong sena, ho na le dimpho tsa tjhelete tse finyellang ho R50 000 tse ka hatjwang ho tswa ha Mageu Number 1!
Bala BONA ya kgwedi ena bakeng sa dikeletso tsa BONA Business Empowerment Business leqepheng la 92 ho fumana ka moo o ka ngolang business plan ka teng.
Dintlha tse hlokahalang:
1. Lebitso le fane.
2. Aterese le khouto ya teng.
3. Dinomoro tsa hao tsa mohala.
4. Lebitso la kgwebo ya hao.
5. Hlalosa kgwebo ya hao - o rekisa dijo, o hlahisa dietswa mme o di rekise, o na le spaza shop, o molemi, jwalo jwalo"
6. O e qadile neng kgwebo ya hao"
7. O na le sebaka sa kgwebo kapa o sebeletsa lapeng"
8. Kgwebo ya hao e na le phaello" Hobaneng o dumela jwalo"
9. O hirile batho"
10. Ngola dintlha tsa ditjhelete tsa kgwebo ya hao (lena e tla ba lekunutu).
11. Ha o rata o ka kenya ditshwantsho tsa kgwebo kapa yona thepa ya kgwebo ya hao.
12. O di romele ho:
MAGEU NUMBER 1,
SMALL BUSINESS AWARDS,
BOX 3858, RIVONIA, 2128.
Ba fihletseng ho makgaolakgang ba tla phatlalatswa kgatisong ya kgwedi le kgwedi ya BONA ba boele hape ba phatlalatswe ho website e reng www.empowermentclub.co.za
Lepetjo: O ka atleha jwang ho tsa temo
Boithabiso: Shophi
MC: Vicky Masuko,
sebohodi se pele sa Ukhozi FM
Sebaka: Protea Hotel Imperial,
22 Loop Street, Pietermaritzburg
Mohla: Labone, 26 Pherekgong 2006
Nako: 6pm bakeng sa 6.30pm
Ho kena: R30 motho ka mong (o lefa monyako). Dijo di a fumaneha. Jwala bo tla rekiswa bareng.
Letsetsa: 011-883-8829 ka dinako tsa mosebetsing
SEBUI:
Thamsanqa Zimu
monga Consolidated Sugar Estates, mampodi wa Business Entrepreneur le mohlodi wa Department of Agriculture's Female Farmer of the Year 2004.
Fumana hore hobaneng temo le dijo e le dikgwebo tse pele
BONA e tla qala seboka le di-workshop tse pedi bakeng sa kgwebo temong le dijong.
Ikopanye le rona o kopane le Thamsanqa Zimu, molemi ya atlehileng wa KZN le monga Consolidated Sugar Estates. O sa tswa ikgapela kgau ya ho ba Rakgwebo ya Pele le ya Lefapha la Tsa Temo ya Molemi wa Mosadi wa Selemo ya Hlwahlwa.
Thamsanqa o dula Umzinto mona KwaZulu-Natal mme bongata ba basebeletsi ba hae ke mafumahadi.
Pele e ba molemi, o ne a ruta sepetleleng sa Edendale, e bile e le moeletsi e moholo wa KFC franchise.
O na le degree ho tsa taolo ya booki le masters ho Community Development, Thamsanqa o thusa setjhaba sa habo ka kgwebo ena ya hae a be a fane le ka mananeo a thupello.
Hona jwale o letsholong la ho kena mokgatlong wa naha wa mafumahadi ho ka beha letsoho mohomeng letsholong la ho fepa setjhaba ka dijo tse nang le phepo e phethahetseng.
Thamsanqa o kgothaletsa setjhaba sa habo ho iqalla tsa bona dipolasi, esitana le ho rupella mafumahadi ho tsa temo.
Di-workshop tsa rona di ruta babadi ba rona ka moo ba ka iqallang di-spaza shop, kgwebo ya dijo jwalo ka ho pheha esitana le maano a Bake and Cook for Profit.
ILLOVO E ETSA KERESEMESE E BE MOKETE WA SETLETLE!
TSWEKERE e monate haholo! E natefisa dijo tsohle. Tswekere hape e kgona ho thibela ho senyeha ha dijo. Haesale ho tloha melokong e mengata disirapo di sebedisetswa ho thibela ho senyeha ha dijo, nama e ne e nokwa ka tswekere le dinoko mme hape tswekere ebile e sebedisetswa ho rekisetsana esitana le ho etsa dimomonane!
Jwalo ka ha Keresemese e se e fihlile, sebedisa tswekere ya Illovo ho etsa dimpho, ka ho baka le hona ho pheha dijo le dibiskiti le dimomonane tsa Keresemese.
FESTIVE ILLOVO PINEAPPLE DRINK
ILLOVO SUGAR SYRUP
4 dikopi Illovo White Sugar
4 dikopi metsi a belang
1. Qhibidihisa tswekere metsing a belang. Bedisa setofong metsotso e 10.
2. A boloke ka sejaneng se hlwekileng sehatsetsing. Sebedisa sirapo ena bakeng sa ho iketsetsa seno.
ILLOVO PINEAPPLE DRINK
1 paenapole e tala
lero la dilamunu tse 4 (kapa 11/2 dikopi lebokose la orange juice)
makgapela a lamunu e le nngwe a kereitilweng (kapa a sirilamunu)
4 dikopi (1 litara) metsi a belang
Illovo Sugar Syrup bakeng sa tatso
1. Ebola paenapole o e entshe tholwana o ntano e kgabela.
2. Kgabela paenapole. Tshela lero la lamunu. Tshela sejaneng.
3. Kgabela makgapetla le tholwana ya teng. Tshela ka pitseng le makgapetla a lamunu le metsi. Bedisa metsotso e 20.
4. Fodisa motswako oo. O sefe ka lesela le hlwekileng.
5. Tshela mokedikedi o setseng motswakong wa paenapole le lamunu. Tshela motswako wa tswekere ho natefisa.
6. E behe ka sehatsetsing. E fepele e bata sa leqhwa.
KELETSO
Tshela seno seo sa paenapole ka botlolong e hlwekileng e kwalehang. E ngole kantle. E sebedise jwalo ka mpho. (Netefatsa hore o fana ka seno se foreshe.)
Kgabisa ka di-toothpicks, makgapetla a paenapole, di-cherries le dilae tsa lamunu le sirilamunu. Fepele seno seo sa paenapole le leqhwa.
Ka Illovo o ka thabela bophelo. Illovo iGrand
IQALLE KGWEBO LE BA HA ARANDA
DITHO tsa BONA Empowerment Club ke Maafrika Borwa a lehlohonolo a ka iqallang kgwebo e nang le phaello Keresemeseng ena! O ka ithekela dikobo ka theko e tlase mme wa di rekisa ka phaello.
Seo o tlamehang ho se etsa:
O ka ya mmokeng wa BONA Empowerment Club.
Wa fumana dintlha tsa kgwebo le diforomo moo mmokeng selemong sena.
Tsoma bareki, o ikopanye le bao o ka sebedisanang le bona. Hopola hore o ka kgona ho rekisetsa motho ka mong, o rekisetse mabenkele kapa sekolo.
Haeba o ke ke wa kgona ho ya mmokeng, letsetsa Wellington Tshomela ho 011-883-8829 ka dinako tsa mosebetsi, o kope a o romelle dintlha ka fekese.
Ba ha Aranda le BONA Empowerment Club ba tla tshwara di-workshop tsa kgwebo ya dikobo selemong sena. Haeba o rata ho ya ho tsona, letsetsa Wellington ho ipeheletsa sebaka.
BONA SESOTHO - December 2005
BAKE & COOK FOR PROFIT WORKSHOPS
POLOKWANE
Lepetjo: Ka moo o ka iqallang spaza shop Polokwane, kapa kgwebo ya dijo
Sebaka: Meropa Casino,
69 Roodepoort Road, Polokwane
Mohla: Laboraro, 23 Pudungwana 2005
Nako: 9am ho ya motsheare
PIETERMARITZBURG
Lepetjo: Ithute diresepe tsa ho baka tse ka o thusang kgwebong ya ho pheha. Iqalle kgwebo ya dijo
Sebaka: Protea Hotel Imperial,
22 Loop Street, Pietermaritzburg
Mohla: Labohlano, 27 Pherekgong 2006
Nako: 9am ho ya motsheare
O TLAMEHA HO IPEHELETSA SEBAKA
Ho kena: R10 motho ka mong. O lefa monyako. Dijo di tla fumaneha. LETSETSA: 011-883-8829 dihoreng tsa mosebetsi. [s]
BONA - December 2005
BONA - December 2005
