sotho.1155.S'fiso
O menwana e tsheletseng
Ke Morena
O DILEMO di 25 mme o a boheha, o bina dibakeng tse ka hodimo ho 250 mona Afrika Borwa. Dialbamo tsa hae kaofela di rekisitse ka hodimo ho dikhophi tse 25 000. O dutse a hlahella kgafetsa ho TV mananeong a kang Gospel Gold, Gospel Stars, Crux le Gospel Grooves - athe hape o se a hlahisitse DVD eo e leng ya hae.
Matsohong ka bobedi, o menwana e tsheletseng...
Ke ka hona ba mmitsang "Menwana."
S'fiso Ncwane o ne a hane hore menwana eo e menyane e pongwe. O re Modimo o mo hlohonolofaditse ka yona, ka hoo, ha a rate ho fetola seo.
Ntle le bophelo ba bonaledi, S'fiso o ikahela motse wa hae sebakeng sa Port Shepstone, lebopong le ka borwa ho KwaZulu-Natal, e leng moo a holetseng teng ka bofutsana jwalo ka ha a ne a tlohele sekolo sehlopheng sa botshelela.
"Ntate ha ke mo tsebe," ke yena eo. "Mme o ne a yo sebetsa Thekong mme ka hodiswa ke rakgadi. O ne a rekisa mmoba bakeng sa ho ntefella dithuto tsa ka, empa eitse ha ke fihla sekolong se phahameng teng, a hloleha."
S'fiso o ne a lebe Joburg ho ya leka talente ya hae mminong.
"Mmino ke seo ke neng ke se rata bophelong." "Ke ne ke qale ho ya kerekeng ho tloha dilemong tse hlano. Ke ne ke ithute piano ke le dilemo di robedi. Ke ne ke le mokgutshwane, ke sa kgone le ho e fihlela hantle. Empa ka hanong teng, ha ke ne ke bina, ke ne ke kgotsofala.
"Ba ne ba le rata lentswe la ka mme ba ntumella hore ke thehe khwayare."
Ka mora dilemo tse leshone, a kgona le ho ingolla dipina, a tseba le ho tswaka morethetho wa hae.
Ka 2000, o ne a ise khasete ya mmino wa hae ho bahlahise ba ikemetseng ba Joburg, Scelo Ngobese le Jimmy Baloi.
Ba ne ba thabele seo ba neng ba se utlwe mme ba mo kopa hore a tlo etsa albamo.
Dialbamo tse nne dilemong tse hlano, di ne di mo etse e be naledi. Ke yena ya itlhahisetsang mmino wa hae, a o tswake hantle bakeng sa balatedi ba sa leng batjha ba mmino wa bodumedi.
"Kajeno ke ngola mmino o tswakileng wa bodumedi, hip-hop, R&B, maskandi esitana le scathamiya," ke yena eo. "Ke binela ho hlonepha Modimo ka ditsela tse arohaneng."
S'fiso o ikakanyetsa disutu tsa hae, haholoholo tse tshweu, athe hape o rata le dieta tse rokilweng ka letsoho tsa Italy - tse tshweu kapa tse tswakileng le botsho. Le mohla re neng re buisana le yena, o ne a rwetse tsona tsa mofuta oo.
"Bophelo ba ka bo na le mahlakore a mabedi mme ke rata ho a boloka a arohane," ho hlalosa yena. "Ke sebetsa ka thata kamehla mme hape di dutse ke le tseleng ho ya bina meketeng le dibakeng tsa pokeletso ya ditjhelete.
"Ntle le tsa ka dipina, ke ngolla bomphato ba ka ba kang Lundi le Kholeka. Ha ke le lapeng, ke lapeng, haesale ke rapella hore ka leng leng ke be le motse wa ka, jwale Modimo O utlwile dithapelo tsa ka."
S'fiso ha a so nyale mme sena se mo neha bolokolohi. Ntlo eo ya hae o ne a e akanye mmoho le seakanyi sa matlo seo e leng motswalle wa hae.
"Ntlo ena ya ka e na le sebaka sa mmino le theatre system e kgolo e nang le seipone se seholo le dipika tsa teng," ke yena eo.
"Ke moo ke shebellang di-video tsa dibini tse ding tseo ke di ratang mme ke ithute ho hong ho tsona."
O ntse a buisana le bahlophise ba mose ba ratang hore a yo bina dibakeng tse kang Englane, Jeremane le Amerika. Dipina tsa S'fiso di ka puo ya Sezulu mme albamo ena ya hae e ntjha, e na le tse pedi tse tharo tsa Senyesemane ho hohela diradio tsa matjhaba.
Seo a reng a ke ke a se etsa, ke ho phela ba bonaledi.
"Ke ntse ke rapela hore ke fumane ngwanana ya nepahetseng," ke yena eo. "Ho dutse ho le teng basetsana ba ikatametsang ho nna, empa ha ke tsebe hore ba batla nna kapa ba batla sebini."
"Empa he, ke behile pelo fatshe. Modimo O na le nna. Ho teng seo a nkgethetseng sona mme nna ke a mo sebeletsa." [s]
BONA SESOTHO - April 2006
O hlohonolofaditswe
Hobaneng sebini sa mmino wa bodumedi, S'fiso Ncwane a le mokgelo ho ba bang...
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho ka PETER WHITFIELD
BONA SESOTHO -April 2006
LE LETSHEHADI: "Ho teng seo a nkgethetseng sona mme nna ke a mo sebeletsa," ho rialo S'fiso Ncwane.
KA THOKO LE LETSHEHADI: O iphomoletse. Shebisisa , o tla o bona monwana wa botshelela letsohong la hae.
