sotho.2541.heaven
THUSO YA TSA MOYA
Moruti George o araba dipotso tsa babadi ho latela ka moo Lentswe le bolelang ka teng
Tumelo ke eng?
Ke dilemo di pedi ke sa sebetse mme ho thwe ke lokela ho dumela ho Modimo hore dintho di tle di ntsamaele hantle. Ke nahana hore ke na le yona empa jwalo ka ha maemo a ntse a le tjena, e ya e mphella. Athe tumelo ke eng?
Grace, Waterfall
Grace ya ratehang: Ha o mong. Batho ba bangata ba na le mathata ka tumelo. Ba bangata ba nahana hore tumelo ke seo ba se labalabelang feela. Tumelo ha e tshwane le fenetjhara o e rekang lebenkeleng. Bang ba ka nna ba se e bone empa wena o e tseba hantle!
E a tia ha o amohela Lentswe la Modimo. Bala Bibele mme o tebise maikutlo ka yona, ho: Esaia 3:10; Mareka 11:23-24; Mattheu 7:7-8.
Ha Moya wa Modimo o se o kene mothong, tumelo e a totobala, mme o hopole hore: Mohau wa Modimo o ka hodimo ho tumelo ya motho! Ha o sa sebetse, o batla mosebetsi, ke mosebetsi ka boona, etsa seo ho tloha hoseng le be le dikele.
Se kgethe mesebetsi hape o sebetse ka bokgabane - o se lebale ditoro tsa hao. Modimo o tla o hlohonolofatsa ka o motle ho feta ka moo o neng o nahana ka teng!
Mathata a kabelo
Re lelapa la badumedi ho tloha dilemong tse 12 tse fetileng. Re ne re se na mathata a ho lefa kabelo ya leshome ka kgwedi. Ka mora ho nyoloha hona ha dijo le peterole, re mathateng a tjhelete. Jwale ha ke ntsha karolo ya leshome (ho ya ka moo kereke bolelang) lelapa la ka le tla sotleha. Ke lokela ho etsa jwang? Ke batla ho etsa se molemo bakeng sa lona, empa ha ke rate ho tella kereke ya ka.
Ya ferekaneng, Bloemfontein
Ya ferekaneng: Ke leboha boinehelo ba hao kerekeng. O hopole hore ha o nehele kerekeng, o nehela ho Modimo ka kereke. Kabelo ya hao ke tsela eo o lebohang Modimo ka yona mme o behe yena pele ditjheleteng tsa hao. O tshepahetse ka dilemo mme ke na le tshepo ya hore o se o behetswe sebaka lehodimong, o ka kopa Modimo ho o ekeletsa tjhelete ka nako ena ya mathata. Lefatsheng maemo a moruo a ka nna a thatafala, empa ho Modimo, ha ho jwalo.
Ha o ntshe kabelo hobane o ena le tjhelete e ngata. Jwalo ka Modumedi, o ke ke wa kgona ho se tshepahale ho Modimo. O tshepisitse hore o tla o fa mahlale a ho iketsetsa tjhelete lehlakoreng le ho tshwara hantle eo o nang le yona. Bala: Malakia 3:8-10; Bafilipi 4:19.
Qalo e ntle
Ke na le bana ba bararo banneng ba fapaneng. Ke ba fumane ke sa le monyenyane, empa ke a bona ke entse phoso. Ba lelapa la heso ba re ke sehlola. Nka lokisa bophelo ba ka jwang?
Valentine Gabi, Mthatha
Valentine ya ratehang: Ho na le mosadi ya neng a ena le banna ba bahlano eo Jesu a neng a kopane le yena, a se ke a mo lahla, empa a mo fetola modumedi. E mong hape ke ya neng a tlotse maoto a Jesu ka setlolo se monko o monate mme le yena a se ke a mo hanela. Empa a mo tshepisa hore lebitso la hae le tla tuma hantle jwalo ka Lentswe la Ona.
Jesu o tjhentjha mahloko e be menate, diphoso ebe katleho ya mohlolo. Sa bohlokwa ke ka moo Yena ao bitsang ka teng. O bitsa 'moradi.' Dumellana le Ona. Mo kope ho tjhentjha pelo ya hao le ditakatso tsa yona mme O O etse motho ya motjha. Pele ho nako e kae, bohle ba tla o bona ka mokgwa osele. [s]
KE MADIMABE
Ke madimabe dikamanong tsa lerato. Motswallaka o re ke batla monna dibakeng di sele. O re ke batle monna wa Mokreste mme jwale ke qadile ho ya kerekeng. Na banna ba Bakreste ba betere?
Mohloka-lebitso
Mohloka-lebitso ya rateng:
Ha o a hloleha ha tshepo e so fele. Se nyahame pelo! Itlhomphe mme o emele seo o dumelang ho sona. Itshware hantle.
Banna ba Bakreste ha ba betere ka letho. Le bona ho ntse ho eya ka dikamano tsa motho le Modimo. Ho ya batla moratuwa ha se ho fela ha seo o lokelang ho se ela kerekeng. Ha o batla Modimo, o tla O thusa ka ditlhoko tsohle tsa hao, mmoho le ho fumana moratuwa ya tshepahalang eo le ka arohanngwang le yena ke lefu feela.
KALAFO YA MOYA
Mohau wa Modimo o moholo ho feta tumelo ya hao e fokolang!
Ngolla ho Pastor George: Heavenly Help, Box 473014, Parklands, 2121
