sotho.2537.yourfamily_child
Bana ba a bua
MOTSWADI EO E LENG NALEDI
Sebini le sebapadi, Keabetswe Motselanyane o eletsa babadi ka moo ba ka hanelang bana ka teng
HA HO motswetse ya thabang ha lesea le topola molomo, le ithaburanya le bokolla ha le kgalengwa ke mma lona eo le mo ratang - empa ho na le dinako tseo re tlamehang ho hana ka tsona!
Ke tseo dikeletso tsa KB wa Rhythm City, ya nang le mora ya dilemo di pedi:
Ha ke mo kgarume empa ke mo kgalema ka thata.
Ha ke hana, ke hana hohang - ha ke tjhentjhe maikutlo hara nako. Hoo ho ka ferekanya ngwana.
Ke etsa bonnete ba hore o utlwisisa seo ke se bolelang, le hore hobaneng ha ke se ke hana.
Hape ke etsa hore a utlwisise hore seo se bohlokwa le hore ha motswetse a re tjhe, o ebe a bolela hore tjhe.
Tshepang Sebola ya dilemo di hlano wa Florida mane Joburg West o re bolella seo le yena a se tsebang ka naha ya habo le dipolotiki!
Na o a tseba hore o dula naheng efe?
Ha ke tsebe empa ke dula Florida.
O a tseba hore Afrika Borwa e kae?
E, ke a tseba - e kwana toropong.
Na o a tseba hore Mopresidente o etsang?
E, o etsa hore o ye dikgethong.
Ke mang Mopresidente wa Afrika Borwa?
Ke Zuma Msholozi.
O a mo rata?
E, ke a mo rata.
Hobaneng?
Hobane ke a mo rata!
Na o ka thabela ho ba Mopresidente ka le leng?
E, hobane ke tla ya dikgethong mme ke etse hore le batho ba sebetse.
Ke sefe seo o se ratang ka Afrika Borwa?
Ha ke tsebe, empa ke tla o founela ka Mantaha ke o bolelle.
E bokeleditswe ke: Ntokozo Maseko le Kamogelo Sebola
NGWANA WA HAO
Haeba o batla re buisane le ngwana wa hao wa ngwanana kapa wa moshemane. Re ngolle ho: BONA/Kidspeak, Box 473014, Parklands, 2121. Re bolelle ka yena, o re bolelle le dilemo tsa hae mme o re kenyetse le foto ya hae le nomoro ya mohala eo re ka mo fumanang ho yona motsheare.
LE BONAHALA JWANG LELEIERI LE SA LOKANG
Le tlala ka pele.
O fumana molemo wa tjhelete ya hao - hlokomela maleiri a theko e tlase, a se nang mabitso a baetsi ba ona le a fumanehang ka bongata.
Maleiri a sa lekaneng masea hantle.
Mantle a salla mmeleng wa lesea - nako le nako ha o le tjhentjha o fumana le
silafaditse le diaparo, seo ke bopaki ba hore leleiri ha le etse mosebetsi ka bokgabane.
Ha le kgoramele hantle ka lehlakoreng le leng ha le kile ka kgwehla.
Leleiri le sa lokang le bonahala le ka ho dutla. [s]
