sotho.2533.legends
ka ISAAC KWELA
Mofumahadi e moholo wa Afrika
O ne a rate banna ba babedi ba matla lefatsheng mme a ba a hapela naha ya habo tokoloho nakwana...
LEBITSO lena, "Cleopatra" ke la Sekiriki le bolelang "thoriso ya ntate," mme mafumahadi a mangata a Maekgepeta a ne a bitswa bo "Cleopatra" - empa enwa yena o na le nalane e ikgethang. Mona re bua ka Cleopatra Thea Philopator. O ne a hlahe ka selemo sa 69BC, e le moradi wa boraro wa Morena Ptolemy XII Auletes.
Tsa bongwaneng ba hae ha di tsejwe hantle, empa ho utlwahala hore o ne a hole a sa thaba a ngongorehiswa ke sehloho sa puso ya ntatae setjhabeng.
Sena se ne se bake meferefere e neng e bake hore ntatae a lahlehelwe ke e nngwe karolo ya naha ya hae ho kenyeletsa le Cyprus.
Ka 58BC ausia Cleopatra, Berenice IV, a phamola puso ho ntatae. O ne a kope thuso ho Maroma mme a kgona ho se kotsomala ka 55BC. Berenice a bolawa.
Ptolemy XII o ne a hlokale ka Hlakubele 51BC mme Cleopatra ya neng a le dilemo di 18 mmoho le kgaitsedi ya hae e neng e le dilemo di 12 Ptolemy XIII, ba busa Ekgepeta ka kopanelo.
Mathata a moruo, a bong esitana le merusu ya dipolotiki, a ne a thefule puso ya bona ha bohloko.
Ka Phato 51BC, maqhama a kgaoha pakeng tsa motho le kgaitsedi ya hae. Cleopatra a tswa kgaitsedi ya hae tlase, a ntsha lebitso la yona ditokomaneng tsa mmuso mme le tjheleteng ha hlahella sa hae sefahleho feela e leng se neng se bontsha tello tlhomphong ya batho ba batona pusong.
Ptolemy a se ke a ikgella fatshe, a itwanela mme Cleopatra a tlameha ho balehela Ekgepeta ka 48BC.
PTOLEMY a itshunyatshunya dintweng tse ngata tsa lehaeng tsa Maroma. O ne a hape maikutlo a Julius Ceasar ka hore a bolaye sera sa hae, Pompey ka mora hore a batle ho
kenya kgatello Ekgepeta.
Caesar ka mora moo a mo tswa tlase a ya hapa Alexandria, motsemoholo wa Ekgepeta ka nako eo.
Cleopatra a o bona monyetla mme a kgutlela Ekgepeta.
Caesar jwale o ne a qale ho ba motswalle wa Cleopatra. Ka mora dintwa tse mmalwa tsa lehae, Ptolemy XIII o ne a tsamaye le noka ya Nile mme Cleopatra a se kotsomala mmoho le e nngwe ya dikgaitsedi tsa hae, Ptolemy XIV. Cleopatra le Caesar ba ratana nakong eo Caesar a neng a dula Ekgepeta mme Cleopatra a etela Roma nakong eo Caesar a hlokahalang mohla 15 Hlakubele 44BC.
Ptolemy XIV o ne a shwe lefu le sa nepahaleng mme ho ne ho belaelwe hore o ne a jeswe tjhefo ke Cleopatra - Cleopatra ke ha a nka morahae ya neng a mo fumantshwe ke Caesar hore ba buse le yena.
KA mora lefu la Ceasar, e ne e be ntwa feela ya hore ke mang ya tla mo hlahlama setulong sa borena ka 42BC. Mark Antony o ne a tle ho Cleopatra ho tla tiisa maqhama a setswalle.
Le yena ka mora nakwana, a ratana le Cleopatra.
Ka 37BC, o ne a etele Alexandria mme a fihla a nyala Cleopatra ka moetlo wa Ekgepeta, mme ka ho ya ka moetlo oo, Alexandria jwale e ne e se e tla ba lona lehae la hae.
Ho na le dipale tse ngata tse tummeng ka yena Cleopatra. E nngwe ya tsona ke moo a neng a rekele Antony dijo ka milione tse leshome tsa diranta ka ho ya ka tjhelete ya naheng eo.
KETSO ya Antony e ne e halefisi Maroma mme a futuhela Ekgepeta. Ka 31BC lebotho la Antony la nkana lekgarakgara le la Maroma mane lebopong la Actium.
Cleopatra le yena a tla le la hae lebotho. Mokaubere ona o ne o re lebotho la Antony le ne le fokola haholo mme ke ha Cleopatra a baleha mme le Antony le yena a mo latela.
Mohla 12 Phato, 30BC lebotho la Antony la ikopanya le la Maroma. O ne a ipolaye mme le Cleopatra le yena a ipolaya ka hore a itomise ka noha.
Empa ho boele ho thwe o ne a bolawe ke Mogenerale wa Maroma, Octavian.
Mora wa Cleopatra le Caesar ho ne ho bolelwe hore e tlameha ho ba yena morena, empa o ne a bolawe ke Octavian.
Bana ba bang ba bararo ba Cleopatra le Antony ba ne ba busetswe Roma mme ba ba tlasa tlhokomelo ya mohatsa Antony moo, Octavia. [s]
BONA SESOTHO - December 2006
Cleopatra Thea Philopator
BONA SESOTHO - December 2006
BC/AD
Baithuti ba bangata ba ka ferekangwa ke taba ena ya BC/AD athe e bobebe haholo.
"AD" o emetse "Anno Domini," kapa "After Christ," ha "BC" a emetse "Before Christ." Tsela ena ya ho bala dilemo e ne e qalwe ke Dionysius Exiguus mane Roma ka selemo sa 525 e le tsela eo a neng a bala dilemo ka ho ya ka paseka.
1AD, ke selemo sa pele ka mora lefu la Kreste, ka hoo, dilemo he di ne di balwe ho tloha moo ho tla fihlela kajeno jwalo ka ha e le 2006AD.
E ne e re hoba ho qalehe dinomoro tsena tse tharo, ha bonahala hore jwale ho ne ho se ho se tlhokeho ya ho ngola AD, ke ka hona ho ngolwang 2006 feela.
Ha re bala dilemo pele ho Kreste, re di bala di tloha hodimo di ya tlase, re ka etsa mohala ka hore se tlang pele pakeng tsa 300BC le 600BC ke 600BC.
Ena ke yona tsela e sebediswang lefatsheng ka bophara leha ho na le ba bang ba sebedisang tsela e bitswang "CE" - "Common Era" bakeng sa AD - le "BCE" - "Before Common Era."
Dinaha tse ding mmoho le dikereke tse ding di sebedisa tsa tsona ditsela tsa ho bala. Mohlala ke Japan yona e balang dilemo ka ho ya puso ya marena a yona.
Hona jwale morena ya busang ke Heisei Akihito, ya neng a qale ho busa ka 1989 mme jwale selemo seo se bitswa Heisei 1.
Korea Leboya yona e sebedisa tsela e neng e qale ka 1912 (Juche 1), selemo seo mothehi wa naha eo, Kim Il-Sung a neng a hlahe ka sona. "Juche" e bolela "ho itshepa".
Mane Isiraele Maheberu a sebedisa tsela ya ho bala ka dintho tsa tlhaho.
