sotho.2532.debt
O ka intsha jwang dikolotong
O ka se ngongorehiswe ke sekoloto ho ya ho ile - ho na le boramekitlane ba meharo ba o jang tsuo ho fihlela. Ke ena tsela ya ho itshireletsa
ka PATRICIA McCRACKEN
MESHACK Sepeng wa Atteridgeville, o ne a se na tjhelete dilemo tse robedi tse fetileng mme o ne a hlolehe ho lefella Telkom. Empa e ne e re ka mora dilemo tse nne, dintho tsa boela madulong mme jwale a rata ho lefa melato ya hae.
"Letswalo la ka le ne le mpolelle hore ke lefe melato ya ka hobane ke ne ke se ke kgona," ke yena eo.
Empa bothata e ne e be hore o ne a hamela letanteng le dutlang, leha ha a ne a se a qetile ho lefa, empa o ne a ntse a fumana mangolo a mo qosang hore a yo lefa.
"Re fumana ditletlebo ho tswa ho bareki ba llang ka boradikoloto ba batlang ba lefe dikoloto bophelo bohle ba bona," ho rialo mosebeletsi wa ha Credit Ombut, Manie van Schalkwyk. "Taba e bohloko le ho feta ke hore motho o qetella a kentswe bukeng tsa ba sa lefeng hangatangata feela ka sekoloto se le seng feela"
Sena se bakwa ke mokgwa ona wa ho rekiswa ha dikoloto tsa batho ke indasteri ena ya ditjhelete.
Haesale o le dibukeng tsa ba sa lefeng"
"Ha moreki a kgaotsa ho lefa," ho hlalosa Van Schalkwyk, "ralebenkele o bala sekoloto seo jwalo ka se sa lefuwang. Ka mora moo, lebitso la moreki eo le tla kengwa ho credit bureau dilemo tse pedi. "
Empa ka mora moo, ralebenkele eo o tla batla khampane e lefisang dikoloto hore e lelekise moreki eo hore a lefe sekoloto seo kapa a hle a rekisetse khampane eo sekoloto seo ka tjhelete e nyane. Khampane eo e lefisang dikoloto, le yona e tla qala ka ho kenya lebitso la moreki eo ho credit bureau hape.
"Ona e mpa a le mmomori," ho rialo Van Schalkwyk. "Ha se toka.
"Bana ba lefisang dikoloto, ba nahana hore ho kenya motho ho credit bureau nako e telele, ho tla bebofatsa ho lefa sekoloto seo. Ba etsa sena hobane ba nahana hore motho o tla lefa ka potlako hobane a etsetsa ho hlatswa lebitso la hae e le hore a tle a fumane tse ding dikoloto."
Se bohloko le ho feta ka taba ena ke hore o tla kengwa ho bureau habedi ka sekoloto se le seng. Ka nako e nngwe o ebe o qosetswa molato o neng o o lefe kgale!
Eo ha se toka, ho rialo Van Schalkwyk: "Lebitso la motho le ke se kengwe habedi ho credit bureau bakeng sa sekoloto se le seng." Sena se ferekanya bareki motho a tsielehe. Tsela ya ho tswa moo ho credit bureau e ba nngwe feela, e ba ho lefa sekoloto seo o seng o se lefile.
Van Schalkwyk o e a hauhele bareki bana bao a tlwaetseng ho ba thusa, ba iponang ba hobella letlapeng. O tshepa hore boramabenkele le bana ba rekang dikoloto, ba tla buisana ho hlakisetsana hore motho ya itseng lebitso la hae le ne le se le kentswe ho bureau bakeng sa molato oo - e le hore ya rekang sekoloto a se mo phete hape.
Molao o motjha o bitswang National Credit Act, o tla qala ho sebetsa ka Phupjane, o na le karolwana e hlakisang sena hantle e boele hape e hlakise le mosebetsi wa Credit Ombud. Empa Van Schalkwyk o bolela hore motho o tlameha ho tseba ditokelo tsa hae e le hore a tle a kgone ho itwanela ka katleho.
Pinyane e kgolo ka sekoloto
Boramabenkele ha ba rate hore bareki ba tsebe hore ha ho ka fela dilemo tse tharo o na le sekoloto, sekoloto seo se a fela mme ha o a tlameha ho se lefa - se a bola.
Batho ba molao ba bolela hore "molato oo o a bola." Ka ho rialo, moreki ha a sa tlameha ho lefa mme hape ha a ya tlameha ho kengwa ho credit bureau ka lebaka la sona.
Empa sena he ha se bolele hore motho a se lefe melato ya hae, hopola hore o ke se fumane mokitlane kae kapa kae dilemong tseo tse tharo. Haeba ba ntse ba o lelekisetsa sekoloto sa kgale, ka nako e nngwe seo e leng kgale o se lefile, o ka itshireletsa ka hore sekoloto seo se bodile.
Hape o ka itshireletsa ka ona molawana ona haeba o romellwa disamane bakeng sa sekoloto sa kgale, ho seng jwalo, lekgotla le ka o ahlola, ao ke mantswe a Van Schalkwyk,
Moahlodi kapa manki a ke se bolele hore molato ke wa kgale, kapa o bodile, ya tlamehang ho hlahisa ntlha eo, ke wena.
Sena se bolela hore o tlameha ho tseba pinyane ya molao eo re sa tswa o hlaba malotsana ka yona mabapi le ho bola ha molato. O tlameha ho hlokomela maqheka a boramolao.
"Potso eo ba ratang ho e botsa ke ya hore, 'haeba o ka tshwara Lotto, o ka lefa"'" ho rialo Van Schalkwyk. "Batho ba bangata ba a dumela hobane ba rata ho ipeha ka botleng kapa hobane motho a rata ho hlatswa lebitso la hae.
"Ka ho rialo, o ebe o dumela hore o molato, le hore o ikemiseditse ho lefa."
Sena se bolela hore o ikenya sefing seo o neng o tlameha ho itokolla ho sona.
Boradikoloto bana ha ba tele ha bobebe, ho eletsa Van Schalkwyk, le ka mora dilemo tse 30 kapa ho feta, ba ka nna ba o lelekisetsa molato mme he ke yona ena tsela ya ho itshireletsa ka nako eo. [s]
Bohloko ba sekoloto
BONA SESOTHO - May 2007
u
t
Ba se o qhekelle ka molao
BONA SESOTHO - May 2007
Itlhatswe lebitso
HAEBA o se o le ho credit bureau o ka ithusa...
1. Kopa credit bureau ho o neha tlaleho ka lebitso la hao le hore ha ho mang ya etsang bonokwane ka bukana ya hao ya boitsebiso.
Ikopanye le: Transunion-ITC ho
0861-482-482;
www.transunion.co.za
kapa Experian ho 0861-105-665;
www.experian.co.za.
2. Haeba o sa dumellane le dintlha tseo ba o nehileng tsona, o ka itseka ho credit bureau. Haeba o ntse o sa dumellane le tlhalosetso ya bona, o ka fumana thuso ya mahala ho Credit Ombud:
0861-OMBUDS (662-847);
www.creditombud.org.za
3. O ka letsetsa National Credit Regulator Helpline bakeng sa keletso ya ka moo o ka lefang dikoloto ka potlako e le hore o intshe ho credit bureau ka pele.
0861-100-406; 011-554-2600;
www.ncr.org.za
