sotho.2521.par comp
Di thabisa bana, di monate le bathong ba baholo, dintho tsena tsa ho bapala tse nang le thuto di ka o thabisa nako e telele...
BONA SESOTHO - March 2007
Ahela bokamoso
NA o batla ntho e ka o thabisang, e etse hore wena le ngwana le nahane ka thata" Leka ena e tla mo ruta ka dintho tsa motheo tsa ho aha bobedi ba lona"
Ho thusa ngwana ho hlahisa bokgoni ba bonono ha se seo o ka se etsetsang feela ho qhoba nako - empa ho mo thusa ho rarolla mathata, ho mo thabisa mme hape a shebe lefatshe ka mokgwa o mong. "Bonono bo thusa ngwana hore a amohele diphetoho," ho bolela Sally Goldberg, profesara e ikgethang thutong ya bana ba banyenyane USA. Diphuthelwana tsena di na le ditjhupu tsa ditene tse ka sebediswang ka mekgwa e fapaneng.
Ikgapele e nngwe!
BONA e na le diphuthelwana tse 10 tsa dintho tsa ho bapala tsa Junior Tradesman tse bitsang R1 000 ka nngwe, tseo e fanang ka tsona.
Re romelle lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Junior Tradesman Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060 hore le wena o be le monyetla. Letsatsi la ho kwala: 30 Hlakubele 2007.[s]
HAPA!
Tsa ho aha tse bitsang
R10 000
BONA - August 2005
